Pina ea 75
Ho Rorisa Jehova ka Thabo
1. Ke ka litlatse Jehova
Re mo rokang ka nyakallo.
Hobane eena o re fa
Tse hlokehang ka lerato.
Ka pelo tse nyakaletseng
Re tlerolela Molimo.
Re tla mo boka ka ho sa feleng;
Re mo thabela ka tieo.
2. O tetse Mora ka mosa
Ho re tlisetsa poloko.
’Me ke thapelo ea rōna
Hore a bokoe haholo.
Setsoalle sa Jah le rōna
Kannete rea se boulela.
Re ke ke ra khaotsa ho mo rata;
Re inehetse ho eena.
3. Re nyakallela ho thusoa
Ke ’Mōpi ea matla ’ohle.
Re rata ho mo rapela
Re mo tšepile kahohle.
Ha Jah a re amohela
Re sireletsoa ka rato.
Ka nako tsohle re tla mo roka
Haholo le ka nyakallo.