Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Hlaolela Mekhoa ea Bokreste Lefatšeng le se Nang Mekhoa
    Molula-Qhooa—1989 | June 15
    • Ho Hlaolela Mekhoa ea Bokreste Lefatšeng le se Nang Mekhoa

      “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!”—PESALEME EA 133:1.

      1. Ho etsahetse’ng ka mekhoa e metle?

      MONGOLI oa koranta Ann Landers o re: “Batho ba felletsoe ke mekhoa lilemong tsena tse 25 tse fetileng. Ha e sa le hore feela banna ha ba bulele basali mamati a likoloi kapa ho ba fa litulo litereneng le libeseng. Ho tebile ho feta moo.” Ka sebele, hohle moo re talimang teng, re ka bona bopaki ba hore re phela lefatšeng le se nang mekhoa ka ho eketsehileng. Batho ba ikakhela feela ka pel’a ba bang ’mileng, ba tsubela ka har’a li-lift tse tletseng batho, ba letsetsa ’mino o lerata libakeng tsa sechaba, joalo-joalo. Phihlelo ea letsatsi le letsatsi e re bolella hore ho sa tsotellehe menyetla e ntlafalitsoeng ea thuto le mokhoa oa bophelo, ka kakaretso nako ea rōna ke eo ho eona mantsoe Kea U Leboha le Ka Kōpo a seng a sa tsejoe, ’me tlhompho e tloaelehileng le ho nahanela li lebetsoe ka ho felletseng.

      2. Ke hobane’ng ha ho haella ha mekhoa e metle kajeno ho sa makatse?

      2 Na see sohle sea makatsa? E seng hakaalo. Se mpa se re hopotsa seo moapostola Pauluse a ileng a bululeloa ho se bolela ka boitšoaro ba batho “mehleng ea qetello” ha ‘linako tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla be li le teng.’ Har’a lintho tse ling, Pauluse o ile a bolela esale pele hore batho e ne “e tla ba baithati, . . . bakaki, le baikakasi, . . . ba hlokang teboho, . . . ba se nang lerato la hlaho, . . . ba sa tsebeng ho itšoara.” (2 Timothea 3:1-3) Esita le ho lekola maemo ka tloaelo feela ho tla senola hore kajeno boitšoaro bo joalo bo atile har’a batho ba lilemo tsohle, ba lihlopha tsohle, le lichaba tsohle. Ke hobane’ng ha ho le joalo? Ke lisosa life tse tlatsetsang khaellong ea mekhoa e lokileng ka kakaretso?

      Lisosa Tsa Mekhoa e Mebe

      3. “Moea” oa tsamaiso ee o susumetsa mekhoa e mebe joang?

      3 Lentsoe “baithati” le hlalosa hantle “moloko oa ’na [feela],” le bolelang ba hōlisitsoeng ka khatiso e khōlō ea ho itsebahatsa, hore lithahasello tsa motho ka mong li phahametse tsa bohle, le ho iponahatsa. Moea ona, o phunyelletsang “moea” o re potolohileng, o khahlanong ka ho tobileng le keletso ea Bibele ea hore Bakreste ba ‘se ke ba hlokomela tsee e leng tsa bona feela, ba mpe ba hlokomele le tsee e leng tsa ba bang.’ (Ba-Efese 2:2, 3; Ba-Filippi 2:4) Phello? Moloko o hōlisoang ka khopolo ea hore ‘iketsetse ntho ea hao’ ka sebele o ke ke oa tsotella hakaalo hore na boitšoaro ba oona bo tla ama ba bang joang.

      4. Ba somang litekanyetso tse amohelehang ba talingoa joang kajeno, ’me pono ea Mokreste e lokela ho ba efe tabeng eo?

      4 Ntho e ’ngoe eo pele e neng e phetha karolo e khōlō tabeng ea ho boloka ho nahanela ka tekanyo e itseng har’a batho e ne e le khatello ea metsoalle. Ho ameha ka hore na ba bang ba ka ’na ba nahana joang ka nako e telele e ’nile ea e-ba tšusumetso e sitisang. Leha ho le joalo, kajeno ha ketso e itseng e e-ba e nyarosang le e fetelletseng haholoanyane, ke hona ha mohlomong e tla fetoha e ratoang haholoanyane ke batho ba bangata. Ba hlokomolohang litekanyetso tse amohelehang ha ba sa talingoa e le ba nang le mekhoa e mebe kapa ba sa itlhompheng empa ba talingoa e le ba bohlale kapa ba tsoetseng pele, ba khahlehang haholo. Leha ho le joalo, hopola hore “tsoetseng pele” e bolela “ho se be boemong ba tlhaho, bo hloekileng, kapa ba pele.” E tsoa motsong o tšoanang oa Segerike le lentsoe le fetoletsoeng e le “tse entsoeng ka mano” ho 2 Petrose 1:16. Ka sebele, Bakreste ba ’nete ba tla be ba etsa hantle ha ba qoba boikutlo bo joalo.

      5. Ke ntlha efe hape e tlatsetsang ho oeng ha mekhoa e metle?

      5 Moeklesia 8:11 e re: “Ereka ha kahlolo e ahlolang mesebetsi eohle e khopo e sa phakise ho etsahala, ka hoo pelo tsa bana ba batho li ntse li tlala takatso ea ho etsa hampe.” Ntlha e ’ngoe hape ke ena e tlatsetsang khaellong ea mekhoa har’a batho. Kaha batho ba ho fumana ho le bonolo ho etsa lintho tse mpe ba sa tšoaroe, ba fetoha ba thatafetseng lipelo mabapi le ho rojoa ha litekanyetso tse amohelehang tsa boitšoaro. Mohlophisi e mong oa New York Times o re: “Baahi ba neng ba tla nyarosoa ka ho felletseng ke ho tsebahatsoa phatlalatsa e le karolo ea sehlopha sa batlōli ba molao ba ’nile ba roba melao eohle ka ho fapa-fapana ha eona phatlalatsa le habobebe feela—melao ea sephethe-phethe, melao ea lithethefatsi, melao ea ho qhala lithōle.” Ka baka leo, “botlokotsebe, tšenyo ea thepa ka boomo le ho ngola ka bohlasoa libakeng tse sa tšoanelang ho ngoloa” kaofela ha tsona li fetohile karolo e ke keng ea baleheloa ea phihlelo ea rōna ea letsatsi le letsatsi. Kahoo, ho nahanela, hammoho le tlhompho bakeng sa litokelo tsa batho ba bang, thepa, le boikhutso, li ntse li tsoela pele ho thibeloa.

      6. Bophelo ba batho bo maphatha-phathe bo ama mekhoa ea bona joang, ’me Jesu o ne a fapane joang ntlheng ee?

      6 Kaha ka kakaretso mekhoa e metle e nkoa e le har’a lintho tse nkoang habobebe haholo bophelong, e lebaloa habonolo feela ha batho ba tatile—’me boholo ba nako batho ba bangata ba bonahala ba tatile matsatsing ana. Ka baka leo, ba fetana ho se le lentsoe kapa phetoho sefahlehong. Baa theselana hape baa sutumetsana meleng ea litšebeletso, kapa ka ho hloka mamello ba kena ka likoloi feela ka tseleng e ’ngoe kapa ba khelohele ka tselaneng e ’ngoe ea ’mila hore feela ba boloke metsotso e seng mekae kapa metsotsoana. Hangata, batho e ba ba tšoarehileng haholo ka litaba tsa bona tsa botho, kapa likemiso tsa bona li tletse lintho tse ngata haholo tseo ba lokelang ho li etsa, hoo ketsahalo leha e le efe e sa lebelloang kapa moeti a fetohang khopiso kapa ea itšunya-tšunyang. Nahana kamoo sena se fapaneng kateng le tsela eo Jesu a neng a arabela ka eona ho batho ba neng ba e-tla ho eena esita le ka linako tse neng li sa tšoanelehe.—Mareka 7:24-30; Luka 9:10, 11; 18:15, 16; Johanne 4:5-26.

      7. Bakreste ba ’nete ba tlameha ho itebela khahlanong le eng mabapi le mekhoa?

      7 Le hoja re phela lefatšeng le potlakileng haholo ’me lintho tse hlokang nako le matla a rōna li ntse li eketseha ka mehla, ho lumella likhatello tse joalo ho re susumelletsa ho bua lipuo tse hlabang ka sebele ho ke ke ha ntlafatsa lintho le hanyenyane. Ho fapana le hoo, tsela e joalo e lebisa pefong e ngata e se nang kelello eo re ntseng re utloa ka eona—likhang, lintoa, bora, esita le lipolao—tse tsoaloang ke hore batho ba phetetsa lipuo tse hlabang ka lipuo tse ling tse hlabang. Sena sohle ke karolo ea moea oa lefatše oo Bakreste ba ’nete ba tlamehang hore e se be karolo ea oona.—Johanne 17:14; Jakobo 3:14-16.

      Mehlala e Phahameng ea Mekhoa e Metle

      8. Le hoja ba pota-potiloe ke batho ba se nang mekhoa, Bakreste ba khothalletsoa ho etsa eng?

      8 Joalokaha re pota-potiloe ke batho ba bontšang ho se natse ba bang, ho bonolo ho inehela likhatellong le ho lumella hore mekhoa e metle e re balehele. Leha ho le joalo, ha re hopola keletso ea Bibele ea hore re se ke ra “ipapisa le lefatše lena,” re ka sheba mehlala e mengata e ikhethang ka Bibeleng ’me ra loanela ho phahamisa litekanyetso tse phahameng tsa mekhoa ea Bokreste lefatšeng la kajeno le se nang mekhoa. (Ba-Roma 12:2, 21; Mattheu 5:16) Liketso tsa rōna li lokela ho bontša hore re lumellana ka pelo eohle le mopesaleme ea ileng a phatlalatsa: “Bonang, ho hotle, ho monate hakakang, ha baena ba phela hammoho ba ntse ba le bang!”—Pesaleme ea 133:1.

      9. Mangolo a senola eng ka tsela eo Jehova a sebelisanang le batho ka eona?

      9 Mohlala o moholo ka ho fetisisa oa ho bontša mekhoa e metle ke ’Mōpi le Ntate oa bohle, Jehova Molimo ka boeena. Ke ho tloaelehileng ho ba boemong bo phahameng kapa ba nang le matla holim’a ba bang hore ba ‘sebelise matla a bona ho hatella ba bang’ le ho batla hore litakatso tsa bona li hlonepshoe. Empa, Motho ea phahameng ka ho fetisisa bokahohleng bohle, Jehova Molimo, ka mehla o bontša ho ba le mekhoa ha a sebelisana le ba ka tlaase ho eena. Nakong eo a neng a fa motsoalle oa hae Abrahama tlhohonolofatso, A boela a re: “Ka kōpo, phahamisa mahlo a hao ’me u talime ho tloha moo u leng teng.” ’Me hape: “Ka kōpo, talima maholimong ’me u bale linaleli.” (Genese 13:14, NW; 15:5, NW) Ha o fa Moshe pontšo ea matla a Oona, Molimo o ile oa re: “Ka kōpo, kenya letsoho la hao ka har’a lemeno le ka holimo la seaparo sa hao.” (Exoda 4:6, NW) Lilemo tse ngata hamorao, Jehova, ka moprofeta oa hae Mikea, o ile a re ho batho ba hae ba neng ba khelohile: “Ka kōpo, utloang lōna lihlooho tsa Jakobo le lōna balaoli ba ntlo ea Iseraele. . . . Ka kōpo, utloang sena, lōna lihlooho.” (Mikea 3:1, 9, NW) Ntlheng ena, na re “baetsisi ba Molimo” ka hore re re “Ka kōpo” ha re sebelisana le ba bang?—Ba-Efese 5:1.

      10, 11. (a) Ho ka thoe’ng ka litsela tsa Jesu le mekhoa ea hae? (b) Re ka etsisa Jesu joang ka ho ba le mekhoa e metle ho batho bohle?

      10 Jesu Kreste, “ea sefubeng sa Ntate,” ke mohlala o mong o ikhethang o lokelang ho etsisoa. (Johanne 1:18) Ha a sebelisana le batho, o ne a nahanela a bile a e-na le kutloelo-bohloko ka lehlakoreng le leng, ka ho le leng a le matla a bile a tiile; empa ho ne ho se mohla a buang lipuo tse hlabang kapa a hlokelang leha e le mang mosa. Ha e bua ka “neo ea hae e sa tloaelehang ea ho phutholoha ha a e-na le batho ba mefuta eohle,” buka The Man From Nazareth e re: “Mapatlelong le libakeng tse khutsitseng ka ho tšoanang o ne a kopana hammoho le banna le basali ka mokhoa o lekanang. O ne a phutholoha ha a e-na le bana ba banyenyane ba sa tsebeng letho ’me ho makatsang haholo o ne a phutholoha ha a e-na le balotsana ba khathatsoang ke matsoalo joaloka Zakea. Basali ba hlomphehang ba hlokometseng malapa, joaloka Maria le Maretha, ba ne ba ka bua le eena ka bolokolohi ba tlhaho, bahlomphehi le bona ba ne ba ’matla joalokaha eka ba kholisehile hore o ne a tla ba utloisisa ’me a iketse motsoalle oa bona . . . Ho hlokomoloha ha hae ho makatsang meeli e neng e hlokisa batho ba tlaasana bolokolohi ke e ’ngoe ea litšobotsi tse mo khethollang ka ho fetisisa.”

      11 Ho tšoara e mong le e mong ka tlhompho e loketseng le ho nahanela ke pontšo ea hore kannete motho o na le mekhoa e metle, ’me re tla be re etsa hantle ha re etsisa Jesu Kreste ntlheng ena. E, batho ba bangata ba khona ho hlompha batho ba itseng, haholo-holo ba boemong bo phahameng ho feta boo ba leng ho bona. Empa bao ba ba nkang ba le tlaasana kapa ba le boemong bo tšoanang le ba bona, hangata baa ba hlokomoloha, ba emella thokoana, ’me ba ba buisa lipuo tse hlabang. Ka mokhoa o itseng ho bonahala seo se ba fa boikutlo ba bophahamo le matla. Empa ho ’nile ha boleloa hantle ha ho thoe “ho bua lipuo tse hlabang ke boiteko ba motho ea fokolang ba ho etsisa ea matla.” Kahoo, Bibele ea phehella: “Le ’ne le beane pele ka hlomphano.” (Ba-Roma 12:10) Haeba re etsa sohle se matleng a rōna ho latela keletso eo, re ke ke ra hlōleha ho ba ba nang le mekhoa e metle ho batho bohle, joalokaha ho entse Jesu.

      12. Moko-taba oa thuto ea Jesu likamanong tsa batho ke ofe?

      12 Tšobotsi ena e nepahetseng, ea ho etsetsa ba bang lintho e bonahatsoa hape lithutong tsa Jesu, haholo-holo ho e bitsoang Molao oa Gauda: “’Me joale, ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12) Ka ho thahasellisang, ho Analects, e ’ngoe ea Four Books tsa Confucius—eo khale e neng e nkoa e le sehlohlolo sa boitšoaro bo botle Bochabela—monghali o kile a botsoa ke e mong oa barutuoa ba hae hore na ho na le lentsoe le le leng le neng le ka sebeletsa e le molao-motheo oa boitšoaro bophelong. Moruti o ile a arabela: “Mohlomong lentsoe ‘puseletsano’ (shu) le ka sebetsa,” ’me joale a phaella: “Se etse ba bang seo u sa batleng ha ba bang ba u etsa sona.” Ka ho fapaneng, re ka bona habonolo bophahamo ba thuto ea Jesu. Likamano tse mofuthu, tse thabisang, le tsa khotso li ka ba teng feela haeba motho a nka bohato ba ‘ho etsetsa ba bang’ se leng molemo.

      Mekhoa ea Bokreste e Theiloe Leratong la Bokreste

      13, 14. (a) Ho hlokometsoe eng morao-rao tjee ka mekhoa ea batho? (b) Ke eng se susumetsang thahasello hona joale mekhoeng le thutong ea mekhoa e amohelehang har’a batho?

      13 Ka baka la ho ata ha mekhoa e mebe, kajeno ho na le puo e ’ngoe ea hore ho khutleloe boitšoarong bo nepahetseng. Marjabelle Stewart, eo e leng mongoli ea tsebisahalang le tichere tabeng ena, o re: “Re fetohetse mekhoa ea lilemong tsa bo-1960, empa phetoho e ncha e-ea e khutlisa. Batho ba hlokomela bohlokoa ba eona ’me ba batla ho tseba hore na litekanyetso tsa sechaba ke life.” Thahasello ena e tsosolositsoeng mekhoeng e bontšoa ka keketseho ea libuka, libuka tse nyenyane, likeletso tse hlahang likoranteng, le lipontšong tsa lipuo tsa thelevisheneng tse bontšang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho qala ka fereko e ka sebelisoang lijong ho isa tabeng ea ho buisana le motho e mong likamanong tsa kajeno tse rarahaneng le tse fetohang ka potlako tsa sechaba le malapa.

      14 Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha batho ba bang ba amehile haholoanyane ka mekhoa? Stewart oa hlalosa: “Mokhatlong oa batho oa kajeno o tletseng tlhōlisano, mekhoa ke oona mokhoa oa ho phela.” Ka mantsoe a mang, mekhoa e metle e talingoa e le mocha o thusang motho ho tsoella le ho atleha. Ka hona batho ba bala libuka hape ba kena lihlopheng tse rutang mekhoa e amohelehang har’a batho (etiquette ka Senyesemane) ho ithuta kamoo ba ka aparang ka mokhoa o amohelehang, kamoo ba ka fanang ka boikutlo bo botle, kamoo ba ka amohelehang kamoreng eo ho tšoareloang liboka ho eona, joalo-joalo.a Bothata ba sena sohle ke hore mekhoa e fetohile taba ea boithati, joaloka katiba ea ho ikhakanya eo motho a e roalang nakong ea tšoantšiso e be oa e rola ha e fetile. Ka hona, ha ho makatse ha nako le nako re utloa ka litlōlo tsa molao tse nyarosang ka ho fetisisa tse etsoang ke batho ba bophahamo ba ‘tsoaletsoeng malapeng’ a matle ka ho fetisisa le a ‘boemo.’

      15, 16. (a) Motho e mong ea boholong thutong ea mekhoa o re’ng ka “melao e molemohali boitšoarong”? (b) 1 Ba-Korinthe 13:4-7 e amana joang le mekhoa ea ’nete ea Bokreste?

      15 Ona ke mohoo o hōle haholo le seo mekhoa e metle e lokelang ho ba sona. Amy Vanderbilt, motho e mong ea boholong ea hlonephuoang thutong ena, o ngola tjena bukeng ea hae New Complete Book of Etiquette: “Melao e molemo ka ho fetisisa ea boitšoaro e tla fumanoa Khaolong ea 13 ho Ba-Korinthe ba Pele, e leng puo e ntle haholo ka mosa oa Mohalaleli Pauluse. Ha ho moo melao ena e amanang teng le lintlha tse molemo tsa moaparo leha e le tsa mekhoa ea ka ntle. E amana le maikutlo le boitšoaro, mosa, le ho nahanela ba bang.”

      16 Ha e le hantle, seo Amy Vanderbilt a neng a se bolela ke karolo e ho 1 Ba-Korinthe 13:4-7 (TLP) moo Pauluse a hlalosang ka ho qaqileng litšobotsi tse fapaneng tsa lerato la Bokreste. Hlahloba liphello tsa lintlha tse ’maloa tseo a buileng ka tsona. Ka mohlala, ea nang le ‘mamello, le mosa’ ka sebele o tla tiisetsa ’me a be le hlompho ha a sebelisana le ba bang. “Ha le na mekhoa e mebe” ke tsela e ’ngoe ea ho bolela hore le ‘itšoara ka bokhabane,’ ’me “bokhabane” bo hlalosoa e le “ho itšoarella litekanyetsong tse lakatsehang, tse loketseng, kapa tsa boleng bo botle.” Ka hona, ho joalokaha New Testament in Modern English ea J. B. Phillips e fetolela polelo ena, “Lerato le na le mekhoa e metle.” Ho thata ho nahana hore leha e le mang ea bontšang lerato le joalo a ka talingoa e le ea mekhoa e mebe.

      17. Mekhoa ea rōna ke letšoao la eng?

      17 Ka ho hlakileng, mekhoa ea Bokreste e amana ka ho toba le lerato la Bokreste. Hase feela mecha e lebisang sepheong se itseng kapa lekoko le ka aparoang hafeela ho le apara ho fumantša ea le apereng molemo. Ho e-na le hoo, mekhoa ea rōna—tsela eo re sebelisanang le ba bang ka eona, tsela eo re etsang lintho ka eona, mokhoa oo re itšoarang ka oona, le boitšoaro ba rōna ka mehla—ke letšoao la hore na re tsotella batho ba bang haholo hakae le la botebo ba lerato la rōna bakeng sa bona. E bang re baholo kapa re banyenyane, re lokela ho loanela ho utloa keletso ea Bibele: “Ho se ke ha e-ba motho ea batlang tse tšoanelang eena a inotši, empa motho ka mong a ke a batle le tse tšoanelang ba bang.” (1 Ba-Korinthe 10:24) Kahoo, e le tšobotsi ea lerato la Bokreste, mekhoa ea Bokreste ke letšoao le khethollang barutuoa ba ’nete ba Jesu Kreste.—Johanne 13:35.

      Ho ba le Mekhoa e Metle ka Linako Tsohle

      18. Ke eng seo re lokelang ho ikemisetsa ho se etsa ho sa tsotellehe se re potolohileng seo re se bonang?

      18 Mabapi le moloko oa rōna, Jesu o ile a bolela esale pele hore “lerato la ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo.” (Mattheu 24:12) Ho tapa hona ha lerato ho bonahala ka ho hlakileng boikutlong ba ho se tsotelle le ba boithati ka lehlakoreng la batho ba bangata haholo kajeno. Leha ho le joalo, ho e-na le hore re susumetsoe hore re itšoare ka mokhoa o tšoanang oa ho se tsotelle, ho hlokahala hore re hopole keletso ea Pauluse: “Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle. Ha ho ka etsoa, ’me ha e le ka lōna, le lule ka khotso le batho bohle.” (Ba-Roma 12:17, 18) E lokela ho ba boikemisetso ba rōna ho ba le mekhoa e metle ka linako tsohle, ho sa tsotellehe hore na boiteko ba rōna boa ananeloa kapa che.—Mattheu 5:43-47.

      19. Mekhoa ea rōna e ama litšobotsi tsohle tsa bophelo joang?

      19 E, mekhoa ea Bokreste ke pontšo ea tlhaho le e pepenene ea lerato la rōna le kameho ea rōna ka ba bang eo re nang le eona ka lipelong tsa rōna. Feela joalokaha lipuo tsa rōna li senola seo re leng sona ka hare, ka hona mekhoa ea rōna e bontša hore na re tsotella ba bang haholo hakae kapa haeba re le ba sa tsotelleng. (Mattheu 12:34, 35) Ka tsela eo, mekhoa e lokela ho phetha karolo ea bohlokoahali litšobotsing tsohle tsa bophelo ba rōna. E lokela ho ba tsela ea bophelo. E lokela ho sebelisoa ka ho felletseng joang? Mekhoa e metle ea Bokreste e ka hōlisoa ka ho felletseng joang? Re tla hlahloba sena sehloohong se latelang.

  • “Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo”
    Molula-Qhooa—1989 | June 15
    • “Le Itšoare ka Mokhoa o Tšoanelang Litaba Tse Molemo”

      “Feela le itšoare ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.”—BA-FILIPPI 1:27, “NW.”

      1. Ketsahalo ea haufinyane Motseng oa New York e entse hore ramotse a bue mantsoe afe a thabisang? (Ba-Roma 13:3)

      THE New York Times e ile ea tlaleha hore ka la 29 Loetse, 1988, “Lipaki tse ka holimo ho 1 000” li ile tsa ea Holong ea Motse Manhattan e ka tlaase. Li ne li tlile ho tla tšehetsa kōpo ea kaho eo ho neng ho tlil’o buisanoa ka eona ka Lekhotleng la Khakanyo la motse. Le hoja kōpo ea tumello ea mohaho o mocha oa bolulo ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova e ile ea hanoa, ramotse o ile a “rorisa Lipaki ka hore ke tse ‘nang le ponahalo e ntle ka ho fetisisa’ ’me a bolela hore ‘ka sebele li ne li lokela ho babatsoa.’”

      2. Mekhoa ea Lipaki e fapane le ea ba bang joang, hona hobane’ng?

      2 Ka ho tloaelehileng, ha batho ba ka holimo ho sekete ba bokana hammoho ho bontša hore ba tšehetsa taba e itseng e sa ratoeng, ke eng se ka lebelloa’ng? Ho sutumetsana, marata, esita le lipontšo tse tobileng tsa likhoka le pefo li tloaelehile. Ke hobane’ng ha Lipaki li fapane? Ke hobane lia hlokomela hore ka linako tsohle boitšoaro ba tsona bo hlalosa tumelo ea tsona. Li hopola keletso ea Mangolo hantle: “Le be le motsamao o motle har’a bahedene, hore tabeng tseo ba le sebang ho tsona, joale ka hola le le lisenyi, ba rorise Molimo mohla o ba etelang, ha ba bontšisa mesebetsi ea lōna e metle.”—1 Petrose 2:12.

      Mekhoa e Metle e Tlotlisa Jehova

      3. Mekhoa ea rōna e phetha karolo efe ho tlotlisa Jehova?

      3 Ho tlotlisa Jehova Molimo ka motsamao o motle ka ho hlakileng ke karolo ea boikarabelo ba rōna ba Bokreste. (Mattheu 5:16) Ha e le hantle, motsamao o motle o akarelletsa lintho tse ngata—ka mohlala, botšepehi, ho sebetsa ka matla, le boitšoaro bo botle. Leha ho le joalo, hangata litšobotsi tsena li ananeloa feela ke ba re tsebang hantle kapa bao re sebelisanang le bona ka mehla, joaloka metsoalle ea rōna, beng ka rōna, bahiri, basebetsi-’mōho, le matichere. Empa ho thoe’ng ka batho ba bangata haholo bao re teanang hanyenyane feela le bona? Mona ke hona moo ka ho khetheha mekhoa ea rōna e kenellang. Hobane ho tšoana le ntho e phuthelang e hohelang e eketsang boipiletso ba mpho ea bohlokoahali, mekhoa e metle e etsa hore seo re tlang ho fana ka sona se ipiletse haholoanyane. Ho sa tsotellehe litšobotsi tse ling tse ntle tsa Bokreste tseo re ka ’nang ra ba le tsona kapa hore na lipheo tsa rōna e ka ’na ea e-ba tse ntle hakae, li tla ba le molemo o fokolang haholo haeba mekhoa ea rōna e le mebe. Ka hona mekhoa ea rōna e ka tlotlisa Jehova joang?

      4. Ke likarolong life tsa bophelo moo re lokelang ho ela hloko mekhoa ea rōna?

      4 Pauluse o re: “Feela le itšoare ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo.” (Ba-Filippi 1:27, NW) Ha e le hantle, sena se kenyelletsa tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa. Empa boitšoaro ba rōna le mekhoa ea rōna sebakeng sa rōna sa borapeli, har’a baahelani ba rōna, mosebetsing, sekolong, e, tšobotsing e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna, li amana ka ho toba le hore tšebeletso ea rōna e tle e be le litholoana. Pauluse oa ngola: “Ha re lihele batho le ka nthoana e nyenyane, tšebeletso ea rōna e tle e se ke ea nyatsuoa.” (2 Ba-Korinthe 6:3) Re ka kholiseha joang hore re fela re sebelisa keletso eo? Re ka etsa joang ho thusana, haholo-holo ho thusa bacha ba har’a rōna, ho bonahatsa mekhoa ea Bokreste ka linako tsohle?

      Holong ea ’Muso

      5. Ke eng seo re lokelang ho se hlokomela ha re le Holong ea ’Muso?

      5 Holo ea ’Muso ke sebaka sa rōna sa borapeli. Re tlile moo hobane re menngoe ke Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste. Ka kutloisiso eo, re baeti ka tlung ea Jehova. (Pesaleme ea 15:1; Mattheu 18:20) Na u moeti ea molemo ha u tlile Holong ea ’Muso? Ho ba ea joalo, ha rea tlameha ho bontša ho nahanela ho loketseng le tlhompho ho ea re memmeng feela empa hape le ho baeti ba bang. Seo se akarelletsa eng?

      6. (a) Ho fihla morao ka mehla libokeng ho bontša ho haelloa ke eng? (b) Ho ka etsoa eng ho hlōla bothata boo?

      6 Qalong, taba e ’ngoe ke ho fihla ka nako. Rea lumela hore ha ho bonolo ka mehla ho etsa joalo. Ba bang ba lula hōle haholo; ba bang ba na le malapa le bana bao ba lokelang ho ba lokisetsa. Boiteko boo ba bo etsang ba ho tla libokeng tsa Bokreste ka mehla, kannete boa babatseha. Leha ho le joalo, ho ’nile ha hlokomeloa hore ba bang ba oetse tloaelong ea ho fihla morao libokeng. Ba ka etsa eng ho lokisa see? Pele motho o tlameha ho hlokomela hore ho fihla morao ka tloaelo libokeng tsa Bokreste hase ka mehla ho bontšang ho haelloa ke kananelo bakeng sa bohlokoa ba liboka. Ho bonahala ba bang bao hangata ba fihlang morao ba thabela liboka haholo feela joaloka e mong le e mong—hang ha ba fihlile teng. Ho e-na le hoo, bothata bo ka ’na ba tsoaloa ke kemiso e mpe le ho se nahanele Bakreste ’moho. Lebaka le leng leo re eletsoang hore “re se ke ra ngala liphutheho tsa rōna” ka lona ke hore “re lebelaneng, re tle re isane ka cheseho leratong le mesebetsing e metle.” (Ba-Heberu 10:24, 25) Hoo re ke ke ra ho etsa le hanyenyane haeba, nako le nako, re fihla morao ’me kahoo re baka tšitiso le pherekano. E le hore re se ke ra fihla morao, litsebi li hlahisa hore sepheo sa rōna e lokela ho ba ho fihla pele ho nako ho e-na le ho fihla hantle ka nako. Na u hloka ho sebelisa see?

      7.Hlalosa hore na ho mamela libokeng ho amana joang le mekhoa e metle.

      7 Mekhoa e metle e re hloka hore re mamele ha batho ba bua le rōna. (Liproverbia 4:1, 20) Sena se boetse se sebetsa le libokeng tsa Bokreste, moo basebeletsi ba Molimo ba buang e le hore ba ka kenya ka ho rōna mpho e itseng ea moea ho re haha. Ruri re ne re tla bontša hore re haelloa ke mekhoa haholo haeba re ne re ka thibasela, khafetsa-khafetsa ra hoesheletsa ea lutseng pel’a rōna, ra hlafuna chepisi kapa ra momona lipompong, ra bala boitsebiso bo bong, kapa ra ameha ka litaba tse ling lisele nakong ea liboka. Hase feela hore Elihu e monyenyane o ile a mamella ho ba teng lipuong tsohle tse telele tsa Jobo le metsoalle e meraro empa hape ‘o ne a sekehile tsebe’ ho seo ba neng ba se bua ’me ‘a ba mamela ka ho ba ela hloko.’ (Jobo 32:11, 12) Mekhoa e metle ea Bokreste e tla re susumelletsa ho bontša tlhompho e loketseng ho sebui le molaetseng oa sona o theiloeng Bibeleng ka hore re se mamele ka hloko e felletseng ’me re se tšehetse.

      8. Re bontša joang hore re fela re le barutuoa ba sebetsang ’moho ba Jesu Kreste?

      8 Pele ho liboka le ka morao ho tsona, mekhoa ea Bokreste e akarelletsa ho ba mafolo-folo ho bontša thahasello ho ba bang ba tlileng Holong ea ’Muso. Pauluse o ile a hlokomela hore litho tsa batlotsuoa tsa phutheho ea Bokreste ‘ha e sa le basele, leha e le bajaki, empa e se e le ba ntlo ea Molimo.’ (Ba-Efese 2:19) Na u tšoara Lipaki tsa heno joaloka basele le bajaki kapa joaloka litho tsa lelapa le le leng? Tumeliso e nang le botsoalle, letsoho le mofuthu, ho bososela ho mosa—mohlomong kaofela ke lintho tse nyenyane, empa ke karolo ea bopaki ba hore re barutuoa ba sebetsang ’moho ba Jesu Kreste. Haeba re etsa lipontšo tse joalo ha re kopana le batho bao re qalang ho ba bona, na ha rea lokela ho etsa joalo “haholo [ho] ba ntlo ea tumelo”?—Ba-Galata 6:10.

      9. Bana ba ka rutoa ho bontša thahasello ho batho ba bang bao e seng lithaka tsa bona joang?

      9 Na bana ba ka rutoa ho bontša mofuta ona oa thahasello ho batho ba bang ntle ho bao e leng lithaka tsa bona? Batho ba bang ba baholo ba ka ’na ba ikutloa hore bana ba hloka ho tsoa le ho ea bapala le metsoalle ea bona e menyenyane ka mor’a hore ba lule hora kapa tse peli ba mametse libokeng. Empa Holo ea ’Muso hase sebaka sa ho bapalla. (Moeklesia 3:1, 17) Ha ngoana e mong ea lilemo li ’nè le halofo a botsoa ke tichere ea hae hore na o na le baena le bo-khaitseli ba bakae, o ile a arabela: “Ba bangata hoo nke keng ka ba bala kaofela.” Hamorao, ha batsoali ba hae ba ’motsa ka sena, moshanyana o ile a hlalosa: “Ha ke tsebe hore na ke na le baena le bo-khaitseli ba bakae. Ha ke ea Holong ea ’Muso, ba bangata feela.” Ho eena, bohle ba eang libokeng ke baena le bo-khaitseli ba hae.

      Tšebeletsong ea Rōna ea Phatlalatsa

      10. Ke taelo efe ea Jesu e ka re thusang ho ‘itšoara ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo’ ha re le tšebeletsong ea rōna?

      10 Joalokaha ho ka lebelloa, ‘ho itšoara ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo’ ho akarelletsa tšebeletso ea rōna ea phatlalatsa. Re tlameha ho hopola hore seo re nang le sona ke molaetsa oa khotso, ’me mekhoa ea rōna e lokela ho ho bontša. (Ba-Efese 6:15, TLP) Taelo e tsoang ho Jesu ke hore: “Enore ha le kena tlung, le e lumelise. Ekare ha ntlo eo e e-na le tšoanelo, khotso ea lōna a e tle ho eona.” Ka ho ba mofuthu, botsoalle, le ho hlompha, re etsa hore mong’a ntlo a tsebe hore re mo thahasella kannete ho tsoa pelong. Leha ho le joalo, ka linako tse ling motho eo re kopanang le eena monyako a ka ’na a hloka botsoalle, a ba a bontša le bora. Na re tla ferekana ’me re qale ho itšoara ka tsela e tšoanang? Hlokomela seo Jesu a ileng a tsoela pele ho se bolela: “Empa ha [ntlo e] se na tšoanelo, khotso ea lōna e khutlele ho lōna.” (Mattheu 10:12, 13) Mekhoa ea rōna ha re le monyako ka mehla e lokela hore e tšoanele “tšebeletso ea poelano.”—2 Ba-Korinthe 5:18.

      11. Mokhoa oa rōna oa ho apara le ponahalo ea botho li ama boikarabelo ba rōna re le basebeletsi ba Molimo joang?

      11 Mekhoa ea rōna e re hlalosa ka litsela tse ling hape. Ka mohlala, na ponahalo ea rōna ea botho e tšoanela boikarabelo ba rōna re le basebeletsi ba Lentsoe la Molimo? Ho thoe’ng ka lintho tseo re li sebelisang—mokotla oa libuka, Bibele, le libuka tsa Bibele? Mongoli oa koranta o fa bo-rakhoebo keletso ena: “Aparelang mosebetsi, eseng phathi, ’moka oa bolokolohi oa boithabiso kapa moketjana oa lipapali.” Hobane’ng? Hobane moaparo oa lōna le ponahalo ea botho “ke molaetsa o mokhutšoanyane ho batho o fang batho ba le potolohileng boitsebiso ba hore na le bo-mang le hore na le seng le hore na ke hokae moo le hlileng le tšoanelehang teng tlhophisong ea lintho.” Ka hona ha re tsamaea ka “mosebetsi” oa rōna oa tšebeletso, moaparo oa rōna le ponahalo ea rōna ha li ea lokela ho ba tse bohlasoa kapa tse kokobaneng, leha e le tse majaba-jaba kapa tse theko e boima, empa ka mehla e be tse “tšoanelang litaba tse molemo.”—Bapisa 1 Timothea 2:9, 10.

      12. Mekhoa e metle e ka bontšoa joang mabapi le litokelo le thepa ea mong’a ntlo?

      12 Le hoja re lokela “ho itokisetsa ka mehla” ho sireletsa litaba tse molemo, mekhoa e metle ea Bokreste e re hloka hore re etse seo “ka mosa le ka hlompho.” (1 Petrose 3:15) Seo se akarelletsa tlhompho bakeng sa litokelo tsa mong’a ntlo le thepa. Na re etsa kemiso bakeng sa tšebeletso ea rōna e le hore re ka eta ka nako e tšoanelehang? Na re ba seli hore ha re kena-kenane le morero o itseng o hlokahalang kapa mosebetsi? Na re mosa ho sebelisa lipolelo tse kang “Na nka?” “Ka kōpo,” le “Kea u leboha”? Na re loanela ho kenyelletsa mong’a ntlo moqoqong, kapa re bua nako eohle hobane re tšaba hore re tloha re sa finyelle sohle seo re neng re itokiselitse ho se bua?

      13. Bontša kamoo mekhoa e metle tšebeletsong hangata e tlisang liphello tse molemo.

      13 Mekhoa e metle, e tsamaeang le kameho e tiileng ea botho, hangata e bula tsela bakeng sa bopaki bo botle. Ke ka baka leo bana ba nang le mekhoa e metle hangata ba mameloang le ho thahaselloa ke beng ba matlo esita le moo batsoali ba ka hlōlehang ho etsa joalo. Paki e lilemo li 13 Mexico e ile ea kopana le ngoanana e monyenyane ea neng a batla ho ithuta. Leha ho le joalo, ngoanana o ile a bolela hore o tla rata ho etsa joalo ntate oa hae a sa tsebe. Empa mohoeletsi e monyenyane o ne a ikutloa hore ntlheng ena, ka baka la ho hlompha ntate, eena ka boeena o lokela ho fumana tumello ea hae. Ka hona a ithaopela ho buisana le ntate ’me a ’molella hore seo ba il’o ithuta sona se bohlokoa ka ho fetisisa. Ha a bona hore na khaitseli e monyenyane o tiile hakae ’me a ananela hore e be o tlile ho eena ka ho toba, o ile a re: “Haeba seo le eang ho ithuta sona se bohlokoa hakaalo, joale lelapa lohle la ka le lokela ho ithuta.” Phello e bile hore mocha enoa ea lilemo li 13 o ile a qalisa thuto ea Bibele le lelapa lohle, ho akarelletsa le mora ea seng a nyetse le mosali oa hae le bana ba bang ba seng ba hōlile.

      Mekhoa e Metle e Qala Lapeng

      14. Mekhoa e metle e qala hokae, ’me ke ntlha efe e phethang karolo ea bohlokoahali?

      14 Mekhoa e metle ea Lipaki tse nyenyane hangata ke bopaki bo botle ba koetliso eo ka ho totobetseng li e fumanang lapeng. Ka sebele, mekhoa ea rōna e senola tsela ea rōna ea bophelo. Ka baka lena, ho fapana le seo ba bang ba ka ’nang ba se nahana, mekhoa e metle e lokela ho ba ea bohlokoa bo boholo lapeng. Ho sena, joaloka litšobotsing tse ling tsa bophelo ba lelapa, mohlala oa batsoali ke oa bohlokoa bo boholo. (2 Timothea 1:5) Ho bolella bana, “Etsang seo ke le bolellang sona, e seng seo ke se etsang” ka sebele hase eona tsela ea ho ba ruta mekhoa. Lintlha tse ngata-ngata tsa mekhoa e metle ha li ithutoe feela ka litaelo tsa molomo, empa ka ho bona le ho etsisa. Beverley Feldman, mongoli oa Kids Who Succeed, oa hlokomela: “Batsoali hase feela matichere a motheo; hape ke mehlala, kaha bana ba rōna ba ithuta ka ho etsisa litsela tsa rōna.” Ke mekhoa ea mofuta ofe eo bana ba hao ba e bonang ho uena?

      15. Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang ho hōlisa tloaelo ea bophelo bohle ea mekhoa e metle?

      15 Keletso ea Bibele ke ena: “Bo-ntat’a bana, le se ke la halefisa bana ba lōna.” (Ba-Efese 6:4) Hoa khopisa e bile ho ferekanya bana ho ba bolella hore ba lokela ho ba mosa le ho nahanela, empa ba bona batsoali ba bona ba phehisana likhang, ba seba, ba bua lipuo tse hlabang, kapa e le ba khenang habonolo. Na ba ka jarisoa molato haeba ba itšoara ka mokhoa o tšoanang? Ka lehlakoreng le leng, lengolo le tsoela pele ho bolela: “Le mpe le ba hōlise ka ho ba laea le ka ho ba rutela Moreneng.” ’Me seo se akarelletsa metheo ea mekhoa e metle, joaloka ho re, “Lumela,” “Ka kōpo,” “Kea u leboha,” le “Ntšoarele,” ho bontša tlhompho bakeng sa ba hōlileng, le ho abelana lintho le ba bang. (Levitike 19:32; Ba-Roma 16:3-7) Litšobotsi tsena ha li ithutiloe lapeng nakong ea bongoana e tla ba tsa molemo oa bophelo bohle.—Liproverbia 22:6.

      16. Ho hlokahala boiteko bofe, hona e le ka liphello life?

      16 Ka hona batsoali le bana ka ho tšoanang ba lokela ho sebelisa mekhoa e metle e le karolo ea tsela ea bona ea bophelo ba letsatsi le letsatsi ho e-na le ho emela ketsahalo e itseng e khethehileng. Ha ba etsa joalo, batsoali ba lokela ho ba le mamello le ho tiisetsa liphoso tseo ho seng pelaelo hore bana ba bona ba tla li etsa. Etsang hore ba tsebe hore na boitšoaro ba bona bo botle bo bolela ho hoholo hakaakang ho lōna, ’me le potlakele ho babatsa tsoelo-pele eo ba e etsang. Ha e le hantle, sena se le hloka boiteko bo boholo. Empa na Mangolo ha aa ka a bolela hore ho kenya melao-motheo ea Molimo ka ho bana ho lokela ho etsoa “ha u lutse tlung ea hao, leha u le tseleng u tsamaea, leha u ea robala, leha u tsoha”? (Deuteronoma 6:7) Leha ho le joalo, ho etsa joalo ho bōpa tikoloho e nang le botsoalle le e thabileng lapeng, e etsang ho hoholo ho hlokomela bana ba lōna ha ba ntse ba hōlela ho ba batho ba baholo ba molemo, ba tsotellang, le ba nang le mekhoa. Joale ba tla fetoha mohloli oa thoriso le tlotla ho lōna le ho ’Mōpi oa bona, Jehova Molimo.

      Batho ba Nang le Mekhoa e Metle

      17. Ke eng se hlokomeloang Liholong tsa ’Muso tsa Lipaki tsa Jehova?

      17 “Lipaki tse ka holimo ho 1 000” tse neng li phuthehile ka ntle ho Holo ea Motse New York thapameng ea Loetse li ile tsa bontša ka tekanyo e fokolang tsela eo Lipaki tsa Jehova li itšoarang ka eona ka mehla. Sebakeng se seng, monna e mong o ile a tla Holong ea ’Muso ka lekhetlo la pele ’me ka morao ho moo a re: “Ke kopane le batho ba nang le lerato le leholoanyane la ’nete, bao ho hang ke qalang ho ba bona, ka letsatsi le le leng ho feta bao ke ’nileng ka kopana le bona kerekeng eo ke hōliselitsoeng ho eona.” Phello? O itse: “Ho ne ho totobetse hore ke fumane ’nete.” Monna enoa o ile a fetola tsela ea hae ea bophelo, ’me likhoeli tse supileng hamorao o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a kolobetsoa.—Bapisa 1 Ba-Korinthe 14:25.

      18. Tekanyetso ea mekhoa e metle ea Lipaki tsa Jehova e ’nile ea ama ba ka ntle joang?

      18 Tekanyetso ea mekhoa le ho laoleha ha Lipaki likopanong tsa tsona tsa naha ka ’ngoe le tsa machaba e ’nile ea e-ba taba e babatsoang ka ho fetisisa. Ketsahalong e ’ngoe e joalo haufinyane tjena Japane, motho ea neng a supisa bese ea bahahlauli tsela o ile a hlokomela: “Lōna ha le e-tsoa ka beseng, e mong le e mong oa lōna, ho akarelletsa le bana, ka ntle ho phoso o re ho ’na, ‘Re u leboha haholo.’ Seo se nthabisitse haholo!” Kopanong e ’ngoe, motho e mong ea ileng a ba teng a tloha seteisheneng se haufinyane sa literene o ile a bolella Paki: “E bile tlokotsi e motsoebere ha batho ba 12 000 pejana ba ne ba tšoere seboka sa bona Holong ea Osaka Castle.” Empa o ile a tsoela pele ka ho re: “Lōna ka sebele le laolehile, ’me re lopollotsoe. Ka kōpo isang liteboho tsa rōna ho mang kapa mang ea ikarabellang.”

      19. E mong le e mong oa rōna o lokela ho ikemisetsa ho etsa eng ka mekhoa e metle?

      19 Mantsoe a joalo a bontša eng? Hore Lipaki tsa Jehova ka kakaretso li ‘itšoere ka mokhoa o tšoanelang litaba tse molemo.’ Ho thoe’ng ka rōna ka bomong? Joaloka bana ba talimileng ho ntate ea lerato, e se eka kaofela ha rōna, ba bacha le ba baholo, re ka talima ho Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, e le hore re ka rutoa ho ba batho ba nang le mekhoa e metle, esita le lefatšeng lena le se nang mekhoa.—Deuteronoma 8:5; Liproverbia 3:11, 12.

      Na u sa Hopola?

      ◻ Ke hobane’ng ha mekhoa e metle e hlokahala joaloka karolo ea motsamao o motle?

      ◻ Ke mekhoa efe e metle e loketseng sebakeng sa rōna sa borapeli?

      ◻ Mekhoa e metle e ka bontšoa joang tšebeletsong ea tšimo?

      ◻ Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang ho hōlisa mekhoa e metle?

      ◻ Ke tekanyetso efe e phahameng ea mekhoa eo re lokelang ho loanela ho e phahamisa?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela