Pina ea 78
Ho Bua ‘Puo e Hloekileng’
1. Sechaba sa Jah se bonngoeng kaofela,
Puo ea sona k’e hloekileng.
E nang le mantsoe a se nyakallisang,
A se isang le ho lokeng (tokeng).
2. Jehova o thusa ba’ikokobetsang
Ha ba’ithuta puo ena.
Hobane ba joalo ka boikitlaetso
Ba ruta ba bang ho’e tseba (hantle).
3. Bao ba tsebang puo eo ba furalla
Liketso kaofela tse mpe.
Ba hlatsoa bophelo ba bona fatšeng,
Ba nyonya mekho’a lefatše (eohle).
4. Re sebeletsa Jehova hammoho.
O tataisa ba mo hlomphang.
Ka ‘puo e hloekileng’ re tla ruta
Ka ’Mus’oa Jehova o tlang (haufi).