Khaolo ea 116
O Lokisetsa Baapostola Lefu la Hae
SEJO sa sehopotso se felile, empa Jesu le baapostola ba hae ba sa ntse ba le phaposing e ka holimo. Le hoja haufinyane Jesu a tla ba sieo, o sa na le lintho tse ngata tseo a sa tla ba bolella tsona. Oa ba tšelisa: “Pelo tsa lōna li se ferekane; lumelang ho Molimo.” Empa oa phaella: “Le ho ’na le lumele.”
Jesu o tsoela pele: “Meaho e mengata ka tlung ea Ntate; ke ea ho le lokisetsa bolulo . . . hore moo ’na ke leng teng, le lōna le be teng. ’Me moo ke eang, lea tseba, le tsela lea e tseba.” Baapostola ha ba utloisise hore Jesu o bua ka ho ea leholimong, kahoo Thomase oa botsa: “Morena, ha re tsebe moo u eang; tsela re ka e tseba joang na?”
Jesu oa arabela: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo.” E, ke feela ka ho mo amohela le ho etsisa tsela ea hae ea bophelo motho a ka kenang tlung ea leholimo ea Ntate hobane, joalokaha Jesu a bolela: “Ha ho motho ea ka tlang ho Ntate ha e se ka ’na.”
Filippi oa kōpa: “Morena, re bontše Ntate, ’me etlaba ho re lekane.” Ka ho hlakileng Filippi o batla hore Jesu a fane ka pontšo e bonahalang ea Molimo, e kang e ileng ea fuoa Moshe, Elia le Esaia ka lipono mehleng ea boholo-holo. Empa, ka sebele, baapostola ba na le ho molemonyana ho feta lipono tsa mofuta oo, joalokaha Jesu a hlokomela: “Ke lutse le lōna nako e kalo, ’me ha ua ka ua ntseba, Filippi, na? Ea mponang o bone Ntate.”
Jesu o bonahatsa botho ba Ntat’ae ka ho phethahetseng hoo ho phela le eena le ho mo ela hloko ho tšoanang hantle le ho bona Ntate ka ho toba. Leha ho le joalo, Ntate o phahametse Mora, joalokaha Jesu a lumela: “Mantsoe ao ke le bolellang ’ona, ha ke a bolele ke ’notši.” Ka ho loketseng Jesu o fa Ntat’ae oa leholimo tlotla eohle eo a e fumaneng ka baka la lithuto tsa hae.
E tlameha e be ho khothatsang baapostola hakaakang ho utloa Jesu joale a ba bolella: “Ea lumelang ho ’na, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le eena, o tla etsa le e fetisang ena”! Jesu ha a bolele hore balateli ba hae ba tla bontša matla a ho etsa mehlolo a maholo ho feta a hae. Che, empa o bolela hore ba tla ntšetsa pele tšebeletso ka nako e teletsana, sebakeng se seholoanyane, le ho batho ba bangata haholo.
Jesu a ke ke a lahla barutuoa ba hae kherehloa ka mor’a lefu la hae. Oa tšepisa: “Tsohle tsee le tla li kōpa ka lebitso la ka, ke tla li etsa.” Ho phaella moo, o re: “Ke tla rapela Ntate, ’me o tla le nea moemeli [“mothusi,” NW] e mong, a tle a lule le lōna ka ho sa feleng, moea oa ’nete.” Hamorao, ka mor’a hore a nyolohele leholimong, Jesu o tšollela moea o halalelang holim’a barutuoa ba hae, e leng oona mothusi enoa e mong.
Lefu la Jesu le haufi, joalokaha a re: “Ho se ho se hokae, ’me lefatše ha le sa tla mpona.” Jesu e tla ba sebōpuoa sa moea seo ho seng motho ea ka se bonang. Empa hape Jesu o tšepisa baapostola ba hae ba tšepahalang: “Lōna le tla mpona; ereka ha ’na ke phela, le lōna le tla phela.” E, hase feela hore Jesu o tla hlaha ho bona ka sebōpeho sa motho ka mor’a tsoho ea hae empa ka nako e loketseng o tla ba tsosetsa ho phela le eena leholimong e le libōpuoa tsa moea.
Joale Jesu o bolela molao-motheo ona o bonolo: “Ea nang le melao ea ka, ’me a e boloka, ke eena ea nthatang; ’me ea nthatang o tla ratoa ke Ntate; le ’na ke tla mo rata, ’me ke tla ipontša eena.”
Ho sena moapostola Judase, eo hape a bitsoang Thaddea, o mo kena hanong: “Morena, ke ka’ng ha u tla ipontša rōna, u sa ipontše lefatše?”
Jesu oa arabela: “Ekare ha motho a nthata, o tla boloka lentsoe la ka; Ntate o tla mo rata . . . Ea sa nthateng, ha a boloke mantsoe a ka.” Ho fapana le balateli ba hae ba utloang, lefatše ha le natse lithuto tsa Kreste. Kahoo ha a iponahatse ho lona.
Nakong ea tšebeletso ea hae ea lefatšeng, Jesu o rutile baapostola ba hae lintho tse ngata. Ba ka li hopola joang kaofela, haholo-holo joalokaha, ho fihlela mothating ona, ba ntse ba hlōleha ho utloisisa ho hongata hakaale? Ka ho thabisang, Jesu oa tšepisa: “Moemeli, e leng Moea o Halalelang, eo Ntate a tla mo roma ka lebitso la ka, ke eena ea tla le ruta tsohle, ’me o tla le hopotsa le tsohle tsee ke le boleletseng tsona.”
Ha Jesu a boela a ba tšelisa, o re: “Ke le siela khotso; ke le fa khotso ea ka. . . . Lipelo tsa lōna li se ferekane.” Ke ’nete, Jesu oa tsamaea, empa oa hlalosa: “Hoja lea nthata, le ka be le thabile, ha ke itse: Ke ea ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho ’na.”
Nako e setseng ea hore Jesu a ’ne a be le bona e khutšoanyane. O re: “Ha nka ke ka hlola ke bua le lōna haholo, hobane morena oa lefatše lena oa tla; ’me ha a na letho ho ’na.” Satane Diabolose, eena ea ileng a kena ho Judase ’me a mo susumetsa, ke morena oa lefatše. Empa Jesu ha a na bofokoli ba sebe boo Satane a ka nkang monyetla ka bona ho mo khelosa hore a se sebeletse Molimo.
Ho Thabela Kamano e Haufi-ufi
Ka mor’a sejo sa sehopotso, Jesu o ne a ntse a khothatsa baapostola ba hae ka mokhoa o sa reroang e mpa e le o tiileng. Mohlomong ke ka mor’a khitla bosiu. Kahoo Jesu oa phehella: “Emang, a re tloheng mona.” Leha ho le joalo, pele ba tloha, Jesu, a susumetsoa ke lerato la hae ho bona, o tsoela pele ho bua, o fana ka papiso e susumetsang.
Oa qala: “Ke ’na sefate sa ’nete sa morara, ’me molemi ke Ntate.” Molemi e Moholo, Jehova Molimo, o lemme sefate sena sa morara oa tšoantšetso ha a tlotsa Jesu ka moea o halalelang ha a ne a kolobetsoa ka 29 C.E. Empa Jesu o tsoela pele ho bontša hore sefate sena sa morara se tšoantšetsa ho fetang eena feela, oa hlokomela: “Lekala le leng le le leng le ho ’na, le sa beeng, oa le rema, ’me le leng le le leng le beang, oa le hlahola hore le tle le eketse ho beha. . . . Joale ka lekala ha le sitoa ho bea le ’notši, ha le sa khomarele sefate, ho joalo le lōna ha le sa nkhomarele. Ke ’na sefate sa morara, ’me lōna le makala.”
Ka Pentekonta, matsatsi a 51 hamorao, baapostola le ba bang ba fetoha makala a sefate sa morara ha moea o halalelang o tšolleloa holim’a bona. Qetellong, batho ba 144 000 ba fetoha makala a sefate sa morara sa tšoantšetso. Hammoho le kutu ea sefate sa morara, Jesu Kreste, bana ba etsa sefate sa morara sa tšoantšetso se hlahisang litholoana tsa ’Muso oa Molimo.
Jesu o hlalosa senotlolo sa ho hlahisa litholoana: “Ea lulang ho ’na, le ’na ke lula ho eena, eo o beha haholo; hobane ka ntle ho ’na le ka sitoa ho etsa letho.” Leha ho le joalo, haeba motho a sa hlahise litholoana, Jesu o re, “o lahleloa ntle, joale ka lekala, ’me oa omella; ’me makala a omeletseng a ee a roalloe, a lahleloe mollong, a che.” Ka lehlakoreng le leng, Jesu oa tšepisa: “Ha le lula ho ’na, ’me mantsoe a ka a lula ho lōna, le ka kōpa see le se ratang, ’me le tla etsetsoa sona.”
Ho phaella moo, Jesu o re ho baapostola ba hae: “Moo Ntate a tlotlisoang teng, ke ha le bea haholo: le hona ke moo le tla ba barutuoa ba ka.” Litholoana tseo Molimo o li lakatsang makaleng ke ho bonahatsa ha oona litšobotsi tse kang tsa Kreste, haholo-holo lerato. Ho feta moo, kaha Kreste e ne e le ’moleli oa ’Muso oa Molimo, litholoana tse lakatsehang li kopanyelletsa mosebetsi oa oona oa ho etsa barutuoa joalokaha a entse.
Joale Jesu oa phehella, “Lulang leratong la ka.” Leha ho le joalo, baapostola ba hae ba ka etsa hoo joang? O re, “Ha le boloka melao ea ka, le tla lula leratong la ka.” Ha a tsoela pele, Jesu oa hlalosa: “Molao oa ka ke hoba le ratane, joale ka ha ke le ratile. Ha ho motho ea nang le lerato le fetang la ea tellang metsoalle ea hae bophelo ba hae.”
Nakong ea lihora tse ’maloa, Jesu o ne a tla bonahatsa lerato lena le fetisisang ka ho fana ka bophelo ba hae bakeng sa baapostola ba hae, hammoho le ba bang bohle ba lumelang ho eena. Mohlala oa hae o lokela ho susumelletsa balateli ba hae ho ba le lerato le tšoanang la boitelo e mong ho e mong. Lerato lena le tla ba khetholla, joalokaha Jesu a boletse pejana: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”
Ha Jesu a khetholla metsoalle ea hae, o re: “Lōna le tla ba metsoalle ea ka, ha le etsa tsohle tsee ke le laelang tsona. Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etsoang ke morena oa hae; ke le bitsitse metsoalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tsee ke li utloileng ho Ntate.”
Eo ke kamano ea bohlokoa hakaakang hore motho a be le eona—ho ba metsoalle e haufi-ufi ea Jesu! Empa ho tsoela pele ba thabela kamano ena, balateli ba hae ba lokela ho ‘tsoela pele ba beha litholoana.’ Haeba ba ho etsa, Jesu o re, “tsohle tsee le ka li qelang ho Ntate ka lebitso la ka, [o tla] le fa tsona.” Ka sebele, oo ke moputso o moholohali oa ho beha litholoana tsa ’Muso! Ka mor’a ho phehella baapostola hape hore ‘ba ratane,’ Jesu o hlalosa hore lefatše le tla ba hloea. Leha ho le joalo, oa ba tšelisa: “Ekare ha lefatše le le hloea, le tsebe hobane le ntlhoile pele ho lōna.” Joale Jesu o senola hore ke hobane’ng ha lefatše le hloile balateli ba hae, o re: “Ereka ha le se ba lefatše, ke mpa ke le khethile lefatšeng, ka baka leo, lefatše le le hloile.”
Ha Jesu a tsoela pele ho hlalosa lebaka la lehloeo la lefatše, o tsoela pele: “Ba tla le etsa tsohle tseo ka baka la lebitso la ka, kahobane ha ba tsebe [Jehova Molimo] ea nthomileng.” Ha e le hantle, mesebetsi ea Jesu ea mohlolo, e nyatsa ba mo hloileng, joalokaha a hlokomela: “Hojane ke se ke ka etsa har’a bona mesebetsi eo ho seng motho le a mong ea e entseng, ba ka be ba se na sebe; joale ba bone, ’me ba hloile ’na le Ntate.” Kahoo, joalokaha Jesu a bolela, lengolo le phethahetse: “Ba ntlhoile feela.”
Joalokaha a entse pejana, Jesu o boetse o ba tšelisa ka ho ba tšepisa ho ba romella mothusi, moea o halalelang, e leng matla a sebetsang a Molimo. “Ke eena ea tla paka tsa ka. Le lōna le tla paka.”
Taeo e Tsoelang Pele ea ha ba Tla Arohana
Jesu le baapostola ba se ba le lekhatheng la ho tloha phaposing e ka holimo. O tsoela pele: “Ke le boleletse taba tseo, le tle le se ke la khopjoa.” Joale o fana ka temoso e tiileng: “Ba tla le leleka masynagogeng; esita le nako ea tla, eo e mong le e mong ea le bolaeang a tla hlōma eka o sebeletsa Molimo.”
Ka ho hlakileng baapostola ba ferekantsoe ka ho tebileng ke temoso ena. Le hoja Jesu pejana a ne a ile a bolela hore lefatše le tla ba hloea, o ne a sa senola ka ho tobileng hore ba tla bolaoa. Jesu oa hlalosa: “Ha ke sa ka ka le bolella tsona e sa le ho qaleng, ke hobane, ke ne ke sa na le lōna.” Leha ho le joalo, ho hotle hakaakang ho ba hlomella esale pele ka boitsebiso bona pele a e-shoa!
Jesu o tsoela pele: “Joale ke ea ho ea nthomileng, ’me ha ho e mong ho lōna ea mpotsang hore: U ea kae?” Pejana ka shoalane, ba ile ba botsa hore na o ne a e-ea hokae, empa hona joale ba tšohile haholo ke seo a ba bolelletseng sona hoo ba hlōlehang ho botsa ho tsoela pele ka sena. Joalokaha Jesu a bolela: “Empa kahobane ke le boleletse tseo, lipelo tsa lōna li tletse masoabi.” Baapostola ha baa soabisoa feela ke hobane ba utloile hore ba tla hlaheloa ke mahloriso a tšabehang ’me ba bolaoe, empa hape ba soabisitsoe ke hobane Monghali oa bona oa ba siea.
Ka hona Jesu oa hlalosa: “Ho molemo ho lōna ha nka ikela; hobane ha ke sa ee, Moemeli [“mothusi,” NW] a ke ke a tla ho lōna; empa ha ke e-ea, ke tla mo romela ho lōna.” Jesu joaloka motho a ka ba sebakeng se le seng feela ka nako e le ’ngoe, empa ha a le leholimong, a ka romela mothusi, moea o halalelang oa Molimo, ho barutuoa ba hae hohle moo ba ka bang teng lefatšeng. Kahoo ho tsamaea ha Jesu ho tla ba molemo.
Jesu o re, moea o halalelang “o tla kholisa lefatše, hore sebe se teng, le ho loka, le kahlolo.” Sebe sa lefatše, ho hlōleha ha lona ho bontša tumelo ho Mor’a Molimo, se tla pepesoa. Ho phaella moo, bopaki bo kholisang ba ho loka ha Jesu bo tla bontšoa ke ho nyolohela ha hae ho Ntate. ’Me ho hlōleha ha Satane le lefatše la hae le khopo ho senya botšepehi ba Jesu ke bopaki bo kholisang ba hore morena oa lefatše o se a ahlotsoe habohloko.
Jesu o tsoela pele: “Ke sa na le litaba tse ngata tsee nka beng ke le bolella tsona; empa ha e le joale, li ka le imela.” Ka hona Jesu o tšepisa hore ha a tšolla moea o halalelang, e leng matla a sebetsang a Molimo, oona o tla ba tataisetsa kutloisisong ea lintho tsena ho latela matla a bona a ho li utloisisa.
Ka ho khethehileng baapostola ha ba utloisise hore Jesu o tla shoa ’me ebe joale o hlaha ho bona ka mor’a hore a tsosoe. Kahoo baa botsana: “Taba ee a re bolellang eona ke ea’ng, ha a re: Ho se ho se hokae, ’me ha le ka ke la mpona; hape, ho se ho se hokae, ’me le tla boela le mpone; hape ha a re: Ke ea ho Ntate?”
Jesu o hlokomela hore ba batla ho ’motsa, kahoo oa hlalosa: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Le tla lla, le be le lle, ’me lefatše le tla thaba; le tla utloa bohloko, empa bohloko ba lōna bo tla fetoha thabo.” Neng-neng letsatsing lona leo, mantsiboea, ha Jesu a bolaoa, baeta-pele ba lefatše ba bolumeli baa thaba, empa barutuoa ba soabile. Leha ho le joalo, masoabi a bona a fetoha thabo ha Jesu a tsosoa! ’Me thabo ea bona e tsoela pele ha a ba fa matla ka Pentekonta hore e be lipaki tsa hae ka ho tšollela moea o halalelang oa Molimo holim’a bona!
Ha Jesu a bapisa boemo ba baapostola le ba mosali ha a le mahlabeng a pelehi, o re: “Ere mosali ha a beleha, a utloe bohloko, hobane nako ea hae e tlile.” Empa Jesu o hlokomela hore mosali eo haa sa hopola mahlomola a hae hang feela ha ngoana a hlahile, ’me o khothatsa baapostola ba hae o re: “Le lōna le utloa bohloko joale; empa ke tla boela ke le bone, [ha ke se ke tsositsoe] ’me lipelo tsa lōna li tla thaba, ’me ha ho motho ea tla le amoha thabo ea lōna.”
Ho tla fihlela nakong ena, ha ho mohla baapostola ba kileng ba kōpa letho ka lebitso la Jesu. Empa joale o re: “Ntho tsohle tsee le tla li qela ho Ntate ka lebitso la ka, o tla le fa tsona. . . . Hobane Ntate oa le rata e le eena, kahobane le nthatile, ’me le lumetse hobane ke tsoa ho Molimo. Ke tsoile ho Ntate, ka tla lefatšeng; joale, ke boela ke tlohela lefatše, ke ea ho Ntate.”
Mantsoe a Jesu ke khothatso e khōlō ho baapostola. Ba re: “Ke ka baka leo re lumelang hobane u tsoa ho Molimo.” Jesu oa botsa: “Joale lea lumela? Bonang, nako ea tla, le joale e se e tlile, eo le tla qhalana ka eona, e mong le e mong a ee ka tsela ea hae, le ntlohele ke ’notši.” Le hoja ho ka bonahala ho le thata ho lumela seo, sena se etsahala pele bosiu bo e-sa!
Jesu oa qetella: “Ke le boleletse taba tseo, hore le be le khotso ho ’na. Le tla ba le mahlomola lefatšeng; le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.” Jesu o hlōtse lefatše ka hore ka botšepehi a phethe thato ea Molimo ho sa tsotellehe sohle seo Satane le lefatše la hae ba lekileng ho se etsa ho senya botšepehi ba Jesu.
Thapelo ea ho Qetela ka Phaposing e ka Holimo
Jesu a susumetsoa ke lerato le tebileng bakeng sa baapostola ba hae, o ne a ntse a ba lokisetsa lefu la hae le neng le le haufi. Joale, ka mor’a ho ba khothatsa le ho ba tšelisa haholo, o phahamisetsa mahlo a hae leholimong ’me o kōpa Ntat’ae: “Tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao a u tlotlise le eena; hobane u mo neile borena holim’a nama eohle, hore bohle bao u mo neileng bona a ba nee bophelo bo sa feleng.”
Ke sehlooho se susumetsang hakaakang seo Jesu a se kenyelletsang—bophelo bo sa feleng! A se a nehiloe “borena holim’a nama eohle,” Jesu a ka fana ka melemo ea sehlabelo sa hae sa topollo ho moloko ’ohle oa batho o shoang. Leha ho le joalo, o fana ka “bophelo bo sa feleng” ho bao Ntate a ba amohelang feela. Ha a phaella sehloohong sena sa bophelo bo sa feleng, Jesu o tsoela pele ka thapelo ea hae:
“’Me bophelo bo sa feleng, ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” E, poloko e itšetlehile ka ho tseba ha rōna Molimo le Mor’a oona. Empa ho hlokahala ho hongata ho feta feela tsebo e fellang ka hloohong.
Motho o tšoanetse ho ba tseba haufi-ufi, a hlaolele kamano ea setsoalle le bona. Motho o lokela ho ikutloa ka tsela eo ba ikutloang ka eona ka lintho ’me a bone lintho kamoo ba li bonang ka teng. ’Me ka holim’a tsohle, motho o lokela ho loanela ho etsisa litšoaneleho tsa bona tseo ho seng tse tšoanang le tsona ha a sebelisana le ba bang.
Joale Jesu oa rapela: “Ke u tlotlisitse lefatšeng, ke phethile mosebetsi oo u nong u ’neile oona hore ke o etse.” A se a phethile kabelo ea hae ho tla fihlela mothating ona ’me a kholisehile ka katleho ea hae ea nakong e tlang, oa kōpa: “Joale, uena Ntate, u ntlotlise ho uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona ho uena, lefatše le e-so ho be teng.” E, joale o kōpa ho khutlisetsoa khanyeng ea hae ea pele ea leholimo ka tsoho.
Ha Jesu a akaretsa mosebetsi oa hae o ka sehloohong lefatšeng, o re: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng; e ne e le ba hao, ’me u ’neile bona, ’me ba bolokile lentsoe la hao.” Jesu o sebelisitse lebitso la Molimo, Jehova, tšebeletsong ea hae ’me a bontša mokhoa o loketseng oa ho le bitsa, empa o entse ho fetang ho etsa hore lebitso la Molimo le senolehe ho baapostola ba hae. O boetse a atolosa tsebo ea bona le kananelo ea bona ka Jehova, ka botho ba hae le ka merero ea hae.
A lebisa tlotla ho Jehova joaloka ea mo Phahametseng, Ea sebetsang ka tlas’a hae, ka boikokobetso Jesu oa lumela: “Ke ba neile lipolelo tseo u ’neileng tsona, ’me ba li amohetse, ’me ba tsebile ka ’nete hobane ke tsoa ho uena, ’me ba lumetse hore ke uena u nthomileng.”
Joale Jesu oa rapela, a khetholla balateli ba hae ho batho ba bang bohle: “Kea ba rapella; ha ke rapelle lefatše, ke rapella bao u ’neileng bona . . . Enere ha ke sa na le bona lefatšeng, ka ’na ka ba boloka . . . . ke sirelelitse bao u ’neileng bona, ’me ha ho le a mong oa bona ea timetseng, ha e se mor’a timelo,” e leng Judase Iskariota. Ka oona motsotso ona, Judase o morerong oa hae o mobe oa ho eka Jesu. Kahoo, Judase o phethahatsa Mangolo a sa tsebe.
Jesu o tsoela pele ho rapela: “Lefatše le ba hloile. Ha ke u rapele hore u ba tlose lefatšeng, empa e le hore u ba sireletse bobeng. Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše.” Balateli ba Jesu ba lefatšeng, mokhatlong ona oa batho o hlophisitsoeng o busoang ke Satane, empa ba arohile ’me ka linako tsohle ba lokela ho lula ba arohile ho lona le bokhopong ba lona.
Jesu o tsoela pele: “U ba halaletse ka ’nete ea hao; lentsoe la hao ke ’nete.” Mona Jesu o re Mangolo a Seheberu a bululetsoeng ao a ’nileng a a qotsa ka mehla ke “’nete.” Empa seo a se rutileng barutuoa ba hae le seo hamorao ba se ngotseng tlas’a pululelo e le Mangolo a Segerike a Bokreste ka ho tšoanang ke “’nete.” ’Nete ena e ka halaletsa motho, ea fetola bophelo ba hae ka ho felletseng, ’me ea mo etsa motho ea arohileng lefatšeng.
Joale Jesu ha a ‘rapelle bona feela, empa o rapella le ba lumelang ho eena ka polelo ea bona.’ Ka baka leo Jesu o rapella bao e tlang ho ba balateli ba hae ba tlotsitsoeng le barutuoa ba bang ba nako e tlang ba sa ntsaneng ba tla bokelloa hore ba tle ‘mohlapeng o le mong.’ Ke eng seo a se kōpelang bana bohle?
“Bohle ba tle ba be bang, joale ka ha uena, Ntate, u le ho ’na, le ’na ke le ho uena, . . . ba tle ba be bang, joale ka ha rōna re le bang.” Jesu le Ntat’ae hase motho a le mong ka sebele, empa ba lumellana linthong tsohle. Jesu o rapella hore balateli ba hae ba thabele bonngoe bona bo tšoanang hore “lefatše le tle le tsebe hoba u nthomile, le hoba u ba ratile joale ka ha u nthatile.”
Bakeng sa bao e neng e tla ba balateli ba hae ba tlotsitsoeng, joale Jesu o etsa kōpo ho Ntat’ae oa leholimo. O kōpa eng? “Hore moo ke leng teng, le bona ba be teng le ’na, ba tle ba talime khanya ea ka, eo u ’neileng eona; hobane u nthatile lefatše le e-so ho theoe,” ke hore, pele Adama le Eva ba e-ba le bana. Nako e telele pele ho moo, Molimo o ratile Mora oa oona ea tsoetsoeng a inotši, eo e ileng ea e-ba Jesu Kreste.
Ha a qetella thapelo ea hae, Jesu o boetse oa hatisa: “Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona, hore lerato leo u nthatileng ka lona le be ho bona.” Ho baapostola, ho ithuta lebitso la Molimo ho ne ho kopanyelletsa hore bona ka bobona ba tsebe lerato la Molimo. Johanne 14:1–17:26; 13:27, 35, 36; 10:16; Luka 22:3, 4; Exoda 24:10; 1 Marena 19:9-13; Esaia 6:1-5; Ba-Galata 6:16; Pesaleme ea 35:19; 69:4; Liproverbia 8:22, 30.
▪ Jesu o ea hokae, ’me Thomase o fumana karabelo efe mabapi le tsela e eang moo?
▪ Ho ea ka kōpo ea hae, kamoo ho bonahalang ka teng Filippi o batla hore Jesu a fane ka eng?
▪ Ke hobane’ng ha ea boneng Jesu a bone le Ntate?
▪ Ke joang balateli ba Jesu ba tlang ho etsa mesebetsi e meholo ho feta eo a e entseng?
▪ Ke ka kutloisiso efe Satane a se nang taolo holim’a Jesu?
▪ Jehova o lemme sefate sa morara sa tšoantšetso neng, ’me ke neng ba bang e bileng karolo ea sefate sa morara hona joang?
▪ Qetellong, sefate sa morara oa tšoantšetso se ba le makala a makae?
▪ Ke litholoana life tseo Molimo o li lakatsang makaleng?
▪ Re ka ba metsoalle ea Jesu joang?
▪ Ke hobane’ng ha lefatše le hloile balateli ba Jesu?
▪ Ke temoso efe ea Jesu e ferekanyang baapostola ba hae?
▪ Ke hobane’ng ha baapostola ba ile ba hlōleha ho botsa Jesu hore na o ne a ea hokae?
▪ Ke eng seo baapostola haholo-holo ba hlōlehang ho se utloisisa?
▪ Jesu o tšoantša joang hore boemo ba baapostola bo tla fetoha ho tloha masoabing ho ea thabong?
▪ Jesu o re baapostola ba tla etsa eng haufinyane?
▪ Jesu o hlōla lefatše joang?
▪ Ke ka kutloisiso efe Jesu a nehiloeng “borena holim’a nama eohle”?
▪ Ho bolela eng ho tseba Molimo le Mora oa oona?
▪ Ke ka litsela life Jesu a tsebahalitseng lebitso la Molimo?
▪ “’Nete” ke eng, ’me ke joang e ‘halaletsang’ Mokreste?
▪ Ke joang Molimo, Mor’a oona, le barapeli bohle ba ’nete ba leng bang?
▪ ‘Lefatše le theiloe’ neng?