Pina ea 185
Tsoho—Tokisetso e Lerato ea Molimo
1. Ho tsoha ha ba mabitleng,
Ke mosa o hlollang
Oa Ea re telletseng Mora
Kamoo a re ratang.
Ba “mohlatsoana” ke bona
Ba tla tsosoa pele.
’Me ba tla busa le Kreste
Lemong tse sekete.
2. Le “leru la lipaki” le
Tla neoa bophelo,
Kamoo Jehov’a tšepisang,
Tsohong e molemo.
Re tšepa hore “nku tse ling”
Tse ka tlohang tsa shoa
E tla ba tsona tsa pele
Tsohong tse tla tsosoa.
3. Ba mabitleng a khopotso
Kaofela b’a tsosoa
Ho phela Paradeiseng
Ha Kreste’a ba bitsa.
Ke batho ba phethahetseng
Ba ke keng ba thetsoa
Ha ho lokolloa Satane
Ba sa tl’o timetsoa.
4. “Masala” ’moho le “linku
Tse ling” tsa Molimo
Joetsang ba shoelletsoeng bohle
Ka tsoho ea bafu.
Le sebeletse Molimo
Eo leha le ka shoa
A tla le tsos’a tl’o lefa
Moputso oa lōna.