Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 91
  • Ha Lazaro a Tsosoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Lazaro a Tsosoa
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha Lazaro a Tsosoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lazaro oa Tsosoa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Moprista ea Phahameng ea Ileng a Ahlola Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Jesu o Isoa ho Anase, Hamorao o isoa ho Kaifase
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 91

Khaolo ea 91

Ha Lazaro a Tsosoa

JESU, hammoho le ba tsamaeang le eena, joale ba fihla lebitleng la khopotso la Lazaro. Ha e le hantle, ke lehaha le koetsoeng ka lejoe monyako. Jesu o re: “Tlosang lejoe leo!”

Maretha oa hana, ha a hlile ha a utloisise seo Jesu a ikemiselitseng ho se etsa. O re: “Morena, o se a nkha; hobane e se e le la bone a le mona.”

Empa Jesu oa botsa: “Na ha kea ka ka u bolella hore, ekare ha u lumela, u tla bona khanya ea Molimo?”

Ka hona lejoe lea tlosoa. Joale Jesu o lelaletsa mahlo a hae holimo ’me oa rapela: “Ntate, kea u leboha hobane u nkutloile. Kea tseba hobane u nkutloa ka mehla; empa ke buile joalo ka baka la bongata bo nteetseng hare, bo tle bo lumele hobane ke uena ea nthomileng.” Jesu o rapela phatlalatsa hore batho ba ka tseba hore seo a tlang ho se etsa se tla etsoa ka matla a tsoang ho Molimo. Joale o hooa ka lentsoe le phahamileng: “Lazaro, tsoa moo!”

Nakong eo, Lazaro oa tsoa. Matsoho a hae le maoto a ntse a thatiloe ka masela a bafu, ’me sefahleho sa hae se khurumelitsoe ka lesela. Jesu o re: “Mo lokolleng, le mo lesele a itsamaele.”

Ha ba bona mohlolo oo, Bajode ba bangata ba neng ba tlile ho tšelisa Maria le Maretha ba lumela ho Jesu. Leha ho le joalo, ba bang ba tsamaea ho ea bolella Bafarisi se etsahetseng. Bona le baprista ba baholo hang-hang ba lokisetsa seboka sa lekhotla le phahameng la Bajode, Sanhedrine.

Sanhedrine e akarelletsa moprista e moholo oa nakong eo, Kaiafa, hammoho le Bafarisi le Basadduci, baprista ba ka sehloohong, le eo e kileng ea e-⁠ba moprista e moholo. Bana ba ngongorehile: “Re tla etsa’ng, ha e le mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na? Ekare ha re mo lesela joalo, bohle ba tla lumela ho eena, ’me ba-Roma ba tla tla, ba timetse motse oa rōna le sechaba sa rōna.”

Le hoja baetapele ba bolumeli ba lumela hore Jesu o “etsa mehlolo e mengata,” ntho e le ’ngoe eo ba amehileng ka eona ke boemo ba bona le matla. Ho tsosoa ha Lazaro ke tlhapa e matla ka ho khethehileng ho Basadduci, kaha ha ba lumele tsohong.

Kaiafa, eo mohlomong e leng Mosadduci, joale oa bua, o re: “Lōna, ha le utloisise letho, ’me ha le lemohe hobane ho molemong oa lōna hore motho a le mong a shoe bakeng sa batho eseng hore sechaba kaofela se timele.”​—⁠NW.

Molimo o ile oa susumetsa Kaiafa ho rialo, hobane moapostola Johanne hamorao o ile a ngola: “[Kaiafa] o na a sa bue joalo a iqalla.” Ha e le hantle seo Kaiafa a neng a se bolela e ne e le hore Jesu o lokela ho bolaoa hore A thibeloe ho tsoela pele a theola maemo a bona a matla le tšusumetso. Ho ntse ho le joalo, ho latela Johanne, ‘Kaiafa o ile a profeta hore Jesu o tšoanetse ho tla shoela eseng sechaba feela, empa le hore a bokelle hammoho bana ba Molimo ba qhalaneng.’ Ha e le hantle, ke morero oa Molimo hore Mora oa oona a shoe e le topollo bakeng sa bohle.

Kaiafa joale o tsoela pele ho susumetsa Sanhedrine ho rera mekhoa ea ho bolaea Jesu. Empa Jesu, mohlomong a tsebile merero ena ka Nikodema, setho sa Sanhedrine se nang le botsoalle ho eena, o tloha moo. Johanne 11:38-54.

▪ Ke hobane’ng ha Jesu a rapela phatlalatsa pele a tsosa Lazaro?

▪ Ba ileng ba bona tsoho ee ba ile ba itšoara joang ka eona?

▪ Ke eng se senolang bokhopo ba litho tsa Sanhedrine?

▪ Boikemisetso ba Kaiafa e ne e le bofe, empa Molimo o ile oa mo sebelisa ho profeta eng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela