Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 103
  • Ho Etela Tempele Hape

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Etela Tempele Hape
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Etela Tempele Hape
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Tempele e Hloekisoa Hape
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Hora e Tlile!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Ho Hopola Matsatsi a ho Qetela a Jesu Lefatšeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 103

Khaolo ea 103

Ho Etela Tempele Hape

JESU le barutuoa ba hae ba sa tsoa qeta bosiu ba bona ba boraro Bethania haesale ba fihla ba tsoa Jeriko. Joale khanya ea ka meso ’Mantaha, la 10 Nisane, e ba fumana ba se ba ntse ba le tseleng e eang Jerusalema. Jesu o lapile. Ka hona ha a bona sefate sa feiga se e-⁠na le mahlaku, o leba ho sona ho bona hore na ebe se ka ba le lifeiga.

Mahlaku a sefate a hlahile pele ho nako ea ’ona, kaha nako ea lifeiga e ba ka Phuptjane (karolong e ka leboea ea lefatše), ’me ke hona e leng bofelong ba Tlhakubele. Leha ho le joalo, ka ho totobetseng Jesu o ikutloa hore kaha mahlaku a hlahile pele ho nako, e ka ’na eaba lifeiga le tsona li teng pele ho nako ea tsona. Empa oa nyahama. Mahlaku a file sefate ponahalo e thetsang. Joale Jesu o rohaka sefate, ka ho re: “Ho qala joale, ho se be motho ea sa tla hlola a e-⁠ja tholoana tsa hao le ka ho sa feleng!” Liphello tsa ketso ea Jesu le bohlokoa ba eona li hlokomeloa hoseng ho latelang.

Ha ba ntse ba tsoela pele, Jesu le barutuoa ba hae ba fihla Jerusalema kapele. O ea tempeleng, eo a neng a ile a e lekola thapameng ea letsatsi le fetileng. Leha ho le joalo, kajeno o nka bohato, feela joalokaha a ile a etsa lilemo tse tharo pejana ha a ne a tlile Pasekeng ka 30 C.E. Jesu o leleka ba bapatsang le ba rekang ka tempeleng ’me o phethola litafole tsa ba ananyang lichelete le litulo tsa ba bapatsang ka maeba. Ebile ha a lumelle motho leha e le ofe ho feta tempeleng a nkile sejana.

Ha a nyatsa ba ananyang chelete le ba bapatsang ka liphoofolo ka tempeleng, o re: “Ana ha hoa ngoloa, ha thoe: ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo eo e leng ea lichaba tsohle? Empa lōna le e entse lehaha la linokoane!’” (TLP) Ke linokoane hobane ba batla litheko tse hanyapetsang ho ba se nang boikhethelo bo bokaalo ha e se ho reka liphoofolo ho bona tse hlokahalang bakeng sa sehlabelo. Kahoo Jesu o talima litšebelisano tsena tsa khoebo e le mofuta o mong oa ho tlatlapa kapa bonokoane.

Ha baprista ba baholo, bangoli, le baholo ba sechaba ba utloa seo Jesu a se entseng, ba boetse ba batla mokhoa oa hore na a ka bolaoa joang. Ka ho etsa joalo ba ipaka hore ba ke ke ba fetoha. Leha ho le joalo, ha ba tsebe kamoo ba ka timetsang Jesu ka teng, kaha batho bohle ba ntse ba mo khomaretse hore ba mo mamele.

Ka ntle ho Bajode ba tlhaho, Balichaba le bona ba tlile Pasekeng. Bana ke basokolohi, ho bolelang hore ba sokolohetse bolumeling ba Bajode. Bagerike ba bang ba itseng, bao ka ho hlakileng e leng basokolohi, joale ba atamela Filippi ’me ba kōpa ho bona Jesu. Filippi o ea ho Andrease, mohlomong ho ea botsa hore na e be seboka se joalo e ka ba se loketseng. Ho bonahala hore Jesu o ntse a le tempeleng, moo Bagerike ba khonang ho ’mona.

Jesu oa tseba hore o saletsoe ke matsatsi a seng makae feela a bophelo, ka hona o bapisa boemo ba hae ka bokhabane: “Nako e fihlile ea hore Mor’a motho a tlotlisoe. Kannete-nete, kea le bolella, ha tlhaku ea koro e oelang mobung, e sa shoe, e sala e le inotši; empa ha e e-⁠shoa, e beha litholoana tse ngata.”​—⁠TLP.

Tlhaku e le ’ngoe ea koro e na le bohlokoa bo bonyenyane. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba e sunngoa mobung ’me “e e-⁠shoa,” e felisa bophelo ba eona e le peō? Eba e-⁠ea mela ’me ka mor’a nako e hōla ho ba lehlaka le behang litlhaku tse ngata tsa koro. Ka ho tšoanang, Jesu ke motho ea phethahetseng a le mong. Empa ha a e-⁠shoa a tšepahala ho Molimo, o fetoha mokhoa oa ho fana ka bophelo bo sa feleng ho batho ba tšepahalang ba nang le moea oa boitelo o tšoanang le oo a nang le oona. Ka hona Jesu o re: “Ea ratang bophelo ba hae, o tla lahleheloa ke jona; empa ea hloeang bophelo ba hae lefatšeng lena, o tla bo bolokela bophelo bo sa feleng.”

Ka ho hlakileng Jesu ha a inahanele ka boeena feela, kaha o boetse oa hlalosa: “Ekare ha motho a ntšebeletsa, a ntatele; ’me moo ke leng teng, ea ntšebeletsang le eena o tla ba teng; ekare ha motho a ntšebeletsa, Ntate o tla mo tlotlisa.” Ke moputso o tsotehang hakaakang oa ho latela Jesu le ho mo sebeletsa! Ke moputso oa ho tlotlisoa ke Ntate ka ho kopanela le Kreste ’Musong.

Ha a nahana ka tlhokofatso e khōlō le lefu le utloisang bohloko tse mo emetseng, Jesu o tsoela pele: “Joale, moea oa ka oa sisimoha; ’me ke tla re’ng? . . . Ntate u ntoele nakong ena?” Hoja se mo emetseng se ne se ka mpa sa qojoa! Empa, che ha ho joalo, joalokaha a bolela: “Ke eona ntho eo ke tletseng nako ena.” Jesu o lumellana le tokisetso eohle ea Molimo, ho akarelletsa le lefu la hae la sehlabelo. Mattheu 21:12, 13, 18, 19; Mareka 11:12-18; Luka 19:45-48; Johanne 12:20-27.

▪ Ke hobane’ng ha Jesu a lebella ho fumana lifeiga le hoja e se nako ea tsona?

▪ Ke hobane’ng ha Jesu a bitsa bao ba bapatsang ka tempeleng hore ke “linokoane”?

▪ Ke ka tsela efe Jesu a tšoanang le tlhaku ea koro e shoang?

▪ Jesu o ikutloa joang ka ho hlokofala le lefu tse mo emetseng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela