Khaolo ea 108
Ba Hlōleha ho Tšoasa Jesu
KAHA Jesu o ne a ntse a ruta ka tempeleng ’me o sa tsoa bolella lira tsa hae tsa bolumeli litšoantšo tse tharo tse pepesang bokhopo ba tsona, Bafarisi ba halefile ’me ba rera hammoho ho mo tšoasa ka hore a bue ntho e ’ngoe eo ba ka mo tšoarisang ka baka la eona. Ba loha leqheka ’me ba romela barutuoa ba bona, hammoho le balateli ba mokha oa Heroda, hore ba leke ho mo tšoasa.
Banna bana ba re: “Moruti, rea tseba hobane u oa ’nete, le hoba u ruta tsela ea Molimo ka ’nete, le hoba ha u re letho ka motho; hobane tšobotsi ea motho ha e talingoe ke uena. Ka baka leo, u re bolelle khopolo ea hao: Hleka hoa lokela ho ntšetsa Cesare lekhetho, kapa che?”
Jesu ha a qhekelloe ke thoriso eo. O hlokomela hore haeba a re, ‘Che, ha hoa lokela kapa ha hoa nepahala ho lefa lekhetho lena,’ o tla ba molato oa ho khothalletsa bofetoheli khahlanong le Roma. Empa, haeba a re, ‘E, le lokela ho lefa lekhetho lena,’ Bajode, ba nyelisang bokhoba ba bona tlas’a Roma, ba tla mo hloea. Kahoo o arabela tjena: “Le ntekela’ng, lōna baikaketsi? Mpontšeng chelete ea lekhetho.”
Ha ba mo tlisetsa eona, oa ba botsa: “Setšoantšo sena ke sa mang, le lengolo lena ke la mang?”
Baa arabela: “Ke la Cesare.”
“Hommeng! Ntšetsang Cesare tseo e leng tsa Cesare, le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.” Koana, ha banna bana ba utloa karabelo ena e bohlale ea Jesu, baa makala. ’Me ba itsamaela ba mo siea a le mong.
Ha ba bona ho hlōleha ha Bafarisi hore ba fumane ntho e ’ngoe khahlanong le Jesu, Basaduci, ba bolelang hore ha ho na tsoho, baa mo atamela ’me baa botsa: “Moruti, Moshe o itse: Monna ha a e-shoa, a se na bana, ngoan’abo o tla nka mosali oa hae, a hlahisetse ngoan’abo bana. Bara ba motho a le mong, ba supileng, ba ne ba le teng har’a rōna; e moholo a shoa, a se a nyetse; ’me kahobane a sa ka a ba le bana, a siela moen’ae mosali oa hae. Ha e-ba joalo le oa bobeli, le oa boraro, ho isa ho oa bosupa. Ka mor’a bona bohle, mosali le eena a shoa. Ana ha ho le joalo, mohl’a tsoho ea bafu, mosali eo e tla ba oa ofe ho ba supileng, ha e le moo ba kile ba e-ba le eena bohle?”
Ha Jesu a arabela, o re: “Na ho lahleha ha lōna hase kahobane le sa tsebe Mangolo, leha e le matla a Molimo na? Hobane mohla ho tsohuoang bafung, ha ho ka ke ha nyaloa, leha e le ho nyalisoa, empa batho ba tla ba joale ka mangeloi maholimong. Ha e le hore bafu ba tla tsoha, hleka ha lea ka la bala bukeng ea Moshe, kamoo Molimo o buileng le eena kateng sehlahleng, oa re: Ke ’na Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo? Molimo hase Molimo oa bafu, empa ke Molimo oa ba phelang. Lōna, le lahlehile haholo.”
Matšoele a boetse a tsota karabelo ea Jesu. Esita le ba bang ho bangoli baa lumela: “Moruti, u arabile hantle.”
Ha Bafarisi ba bona hore Jesu o khutsisitse Basaduci, ba tla ho eena e le sehlopha se le seng. Ha a tsoela pele ho mo leka, mongoli e mong har’a bona oa botsa: “Moruti, taelo e kholo ea molao ke efe na?”
Jesu oa arabela: “Ea pele ke ena, ‘Utloa, Uena Iseraele, Jehova Molimo oa rōna ke Jehova a le mong, ’me u tlameha ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo eohle ea hao le ka sephefumolohi sohle sa hao le ka khopolo eohle ea hao le ka matla ’ohle a hao.’ Ea bobeli ke ena, ‘U tlameha ho rata moahisani oa hao joalokaha u ithata.’ Ha ho taelo e ’ngoe e khōlō ho tsena.” (NW) Ha e le hantle, Jesu oa phaella: “Melao e ’meli eo ke motheo oa molao oohle le oa baprofeta.”
Mongoli e mong oa lumela: “Ke hantle, moruti; u boletse ka ’nete ha u re: Molimo o mong, ’me ha ho o mong ha e se oona: ’me ho o rata ka pelo eohle, le ka khopolo eohle, le ka moea oohle, le ka matla ’ohle, le ho rata oa habo motho joale ka ha motho a ithata, ho fetisa licheso le mahlabelo ’ohle.”
Ha Jesu a lemoha hore mongoli eo o arabetse ka kelello, oa ’molella: “Ha u hole le ’muso oa Molimo.”
Ke matsatsi a mararo joale—Sontaha, ’Mantaha, le Labobeli—Jesu a ntse a ruta ka tempeleng. Batho ba mo mametse ka thabo, leha ho le joalo, baeta-pele ba bolumeli ba batla ho ’molaea empa ho fihlela hona joale merero ea bona e ’nile ea nyopa. Mattheu 22:15-40; Mareka 12:13-34; Luka 20:20-40.
▪ Bafarisi ba loha leqheka lefe e le ho tšoasa Jesu, hona phello e ne e tla ba efe haeba a ne a ka arabela ka e kapa che?
▪ Jesu o boetse o hlōla boiteko ba Basaduci ba ho mo tšoasa joang?
▪ Bafarisi ba etsa boiteko bofe bo eketsehileng ba ho leka Jesu, hona phello ke efe?
▪ Nakong ea tšebeletso ea hae ea ho qetela Jerusalema, Jesu o ruta ka matsatsi a makae tempeleng, hona e le ka phello efe?