Khaolo ea 110
Tšebeletso Tempeleng ea Phethoa
JESU o itlhahisa la ho qetela tempeleng. Ha e le hantle, o phetha tšebeletso ea hae ea pontšeng lefatšeng ntle le liketsahalo tsa ho qosoa le ho bolaoa ha hae matsatsing a mararo a tlang. Joale o tsoela pele ho nyatsa bangoli le Bafarisi ka ho ba tšoaea liphoso.
Ka makhetlo a mang hape a mararo oa hooa: “Ho malimabe lōna, bangoli le bafarisi, baikaketsi!” Pele, o phatlalatsa bomalimabe ho bona hobane ba hloekisa “bokantle ba mohope le sejana, empa kahare li tletse tsa bosholu le ho hloka boitšoaro.” Kahoo oa eletsa: “Qala ka ho hloekisa bokahare ba mohope e le hore bokantle ba oona le bona bo tle bo hloeke.”
Hape o phatlalatsa bomalimabe ho bangoli le Bafarisi ka baka la bobolu bo ka hare le tšenyeho tseo ba lekang ho li pata ka bohloeki ba ka ntle. O re: “Le joalo ka mabitla a koetlisitsoeng, a talimehang a khahleha kantle, empa kahare, a tletse masapo a bafu le libolu tsohle.”
Qetellong, boikaketsi ba bona bo bonahala tabeng ea ha ba rata ho haha mabitla a baprofeta le ho a khabisa e le ho lebisa tlhokomelo liketsong tsa bona tsa ho etsa molemo. Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a senola, ke “bara ba babolai ba baprofeta.” Ka sebele, mang kapa mang ea lekang ho pepesa boikaketsi ba bona o kotsing!
Ha Jesu a tsoela pele, o bolela mantsoe a hae a matla ka ho fetisisa a nyatsang. O re: “Linōha ting! malinyane a marabe! kahlolo ea lihele [“Gehenna,” NW] le tla e phonyoha joang?” Gehenna ke khohlo e sebelisoang e le thotobolo ea lithole ea Jerusalema. Ka hona Jesu o re ka ho hahamalla tsela ea bona e khopo, bangoli le Bafarisi ba tla timela ka ho sa feleng.
Mabapi le bao a ba romang e le baemeli ba hae, Jesu o re: “Ba bang ba bona le tla ba bolaea, le ba thakhise; ’me ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lōna a thapelo, le ba phalalise le metse eohle; hore mali ’ohle a ba lōkileng a tšolotsoeng lefatšeng a botsoe ho lōna ho qala ka mali a Abele ea lōkileng, ho ea fihla ho a Sakaria, mor’a Barakia [ea bitsoang Jehojada ho Likronike tsa Bobeli], eo le neng le ’molaele pakeng tsa sehalalelo le aletare. Ruri kea le bolella hore tsena tsohle li tla botsoa ho molōko ona.”
Kahobane Zakaria o ile a khalemela baeta-pele ba Iseraele, “ba mo rera, ’me ba mo tlepetsa ka majoe lebaleng la ntlo ea Jehova, ka taelo ea morena.” Empa, joalokaha Jesu a bolela esale pele, Iseraele e tla lefella mali ’ohle a joalo a lokileng a tšollotsoeng. Ba lefa lilemo tse 37 hamorao, ka 70 C.E., ha mabotho a Roma a timetsa Jerusalema ’me ho e-shoa Bajode ba ka holimo ho millione.
Ha Jesu a nahanisisa ka boemo bona bo tšosang, oa sisimoha. O boela a phatlalatsa: “Jerusalema! Jerusalema! . . . ke hakae ke lakalitseng ho phutha bana ba hao, joalokaha khoho e alama litsuonyana tsa eona, empa ua hana! Bonang, ntlo ea lōna e tla sala e le lithako.”
Joale Jesu oa phaella: “Kea u bolella hore ho tloha joale ha le sa tla mpona ho fihlela le re: ‘Ho lehlohonolo ea tlang ka lebitso la Morena [“Jehova,” NW]!’” Letsatsi leo e tla ba boteng ba Kreste ha a tla ’Musong oa hae oa leholimo ’me batho ba ’mona ka mahlo a tumelo.
Joale Jesu o tsamaela sebakeng seo ho sona a ka shebang polokelo ea letlotlo e ka tempeleng le matšoele a nokelang chelete ka ho eona. Barui ba nokela chelete e ngata. Empa joale mohlolohali e mong ea futsanehileng oa tla ’me o nokela licheletana tse peli tsa bohlokoa bo fokolang.
Ha a bitsa barutuoa ba hae, Jesu o re: “Ka ’nete ke re ho lōna: Mohlolohali enoa ea fumanehileng o noketse ho fetisa bohle ba noketseng polokelong ea letlotlo.” Ba tlameha ba be ba ipotsa hore na sena se ka ba joalo joang. Ka hona Jesu oa hlalosa: “Hobane bohle ba noketse ba nkile ho tlalloeng ha bona; empa enoa o noketse a nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a na le hona, hohle hoo a neng a phela ka hona.” Ka mor’a ho bolela lintho tsena, Jesu o tloha tempeleng ka lekhetlo la ho qetela.
Ba hlolletsoe ke boholo le botle ba tempele, barutuoa ba hae baa hooa: “Moruti, bona, ke majoe a makakang, le mehaho e mekakang!” Ka sebele, ho ea ka tlaleho majoe ao a bolelele ba limithara tse ka bang 11, a bophara ba limithara tse ka bang 5, ’me a bophahamo ba limithara tse fetang tse 3!
Jesu oa arabela: “Ua e bona mehaho e meholo eo? Ha ho ka ke ha lesoa mona lejoe holim’a lejoe le leng, le sa heletsoang.”
Ka mor’a ho bolela lintho tsena, Jesu le baapostola ba hae ba tšela Phula ea Kedrone ’me ba hloa Thaba ea Mehloare. Ha ba le moo ba ka boha tempele eo e hlollang. Mattheu 23:25–24:3, TLP; Mareka 12:41–13:3; Luka 21:1-6; 2 Likronike 24:20-22.
▪ Jesu o etsa’ng nakong ea leeto la hae la ho qetela tempeleng?
▪ Boikaketsi ba bangoli le Bafarisi bo pepesoa joang?
▪ Ho boleloa’ng ka “kahlolo ea lihele [“Gehenna,” NW]”?
▪ Ke hobane’ng ha Jesu a re mohlolohali o nehetse ho feta barui?