Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lithethefatsi
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • oona, o tla atamela haufi le uena, o u nee thuso e hlokahalang.—Jak. 4:8.

      Ke hoa bohlokoa ho kholiseha hore mekhoa ena e mebe ’me u ithute ho e hloea kannete. (Pes. 97:10) Hona ho ka etsoa ka ho hlahloba linnete tse ngotsoeng karolong ena ea buka le ka ho se nahanisise ka menyaka ea hona joale ea nakoana e ka ’nang ea tlisoa ke mekhoa ena, empa ka ho thuisa ka se khahlisang Molimo le kamoo liphello tsa mekhoa e mebe li nyonyehang kateng.

      Haeba u ikutloa u lakatsa ho tsuba ka matla kapa ho sebelisa sethethefatsi se seng, rapela ka tieo hore Molimo o u thuse. (Luka 11:9, 13; bapisa Ba-Filippi 4:13.) Ho etse hona hoo. Hape, nka Bibele ea hao ’me u e bale ka lentsoe le phepa, kapa u ikopanye le Mokreste ea hōlileng tsebong. Mo bolelle ho etsahalang ’me u kōpe thuso ea hae.

  • Litoro
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
    • Litoro

      Tlhaloso: Mehopolo kapa litšoantšo tse tlang kelellong ha motho a robetse. Bibele e bua ka litoro tsa tlhaho, litoro tse tsoang ho Molimo le litoro tse amang bonohe.—Jobo 20:8; Num. 12:6; Zak. 10:2.

      Na litoro mehleng ea rōna li bolela ho khethehileng?

      Bafuputsi ba ithutile eng ka litoro?

      The World Book Encyclopedia (1984, Moq. 5, leq. 279) e re: “E mong le e mong o-oa lora. Boholo ba batho ba baholo bo lora hoo e ka bang ka metsotso e 100 lihoreng tse robeli tsa boroko.” Ka hona litoro ke phihlelo ea tlhaho ea motho.

      Dr. Allan Hobson, oa Sekolo sa Bongaka sa Harvard, o itse: “Ke litšusumetso tse ntlha-peli tse ka hlalosoang ka tsela leha e le efe eo mohlalosi a seng a ntse a sekametse ho eona. Empa tlhaloso ea tsona e ho seo motho a se batlang—e seng torong ka boeona.” Ha e tlaleha sena, karolo ea “Science Times” ea The New York Times ea eketsa: “Bathong ba nkang litoro e le tsa bohlokoa haholo, ho na le mekhoa e mengata ea ho fumana hore na molaetsa oa toro o fella ka eng kelellong, ba bang le ba bang ba hlalosa ka tsela eo ba inahanelang eona. Ba hlalosang litoro ho latela maikutlo a Freud, Jung, le ba sebelisang mokhoa oa Gestalt ba tla e hlalosa ho latela maikutlo a bona a sa tšoaneng. . . . Empa maikutlo a hore litoro li na le tlhaloso e amang kelello a hlaseloa haholo ke litsebi tsa boko.”—July 10, 1984, leq. C12.

      Na litoro tseo ho bonahalang li fana ka tsebo e khethehileng li ka tsoa mohloling o mong ntle ho Molimo?

      Jer. 29:8, 9: “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla, . . . Le se ke la ’na la thetsoa ke baprofeta ba lōna ba har’a lōna, le ke linohe tsa lōna; le se ke la mamela balori ba lōna bao le batlang litoro ho bona. Hobane ba le profetela ka leshano lebitsong la ka; athe ha kea ka ka ba roma, ho bolela Jehova.”

      Harper’s Bible Dictionary e re tsebisa hore: “Bababylona ba ne ba beile tšepo ea bona litorong hoo bosiung ba liqeto tsa bohlokoa ba neng ba robala litempeleng, ba tšepile ho fumana keletso. Bagerike ba neng ba lakatsa taelo ea bophelo bo botle ba ne ba robala litempelaneng tsa Aesculapius [ea neng a tšoantšetsoa ka noha], ’me Baroma bona litempeleng tsa Serapis [eo ka nako e ’ngoe a neng a amana le noha e ikharileng]. Baegepeta ba ne ba lokisetsa libuka tse khōlō bakeng sa ho hlalosa litoro.”—(New York, 1961), Madeleine Miller le J. Lane Miller, leq. 141.

      Mehleng e fetileng Molimo o sebelisitse litoro ho lemosa, ho laea le ho profeta, empa na o tsamaisa batho ba oona ka tsela eo kajeno?

      Bopaki ba litoro tse joalo tse tsoang ho Molimo bo fumanoa ho Mattheu 2:13, 19, 20; 1 Marena 3:5; Genese 40:1-8.

      Ba-Heb. 1:1, 2: “Molimo, ha o no o buile hangata mehleng ea khale, le ka mekhoa e mengata [e akarelletsang litoro], le bo-ntat’a rōna ka baprofeta, joale, mehleng ena ea qetello o buile le rōna ka Mora [Jesu Kreste, eo lithuto tsa hae li ngotsoeng ka Bibeleng].”

      1 Ba-Kor. 13:8: “Athe ha e le boprofeta [’me ka linako tse ling Molimo o ne o fetisetsa boprofeta ho bahlanka ba oona ka litoro], bo tla fela.”

      2 Tim. 3:16, 17: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, . . . motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”

      1 Tim. 4:1: “Empa Moea o ometse hore, mehleng ea morao, ba bang ba tla koenehela tumelo, ba khomarele meea e thetsang [e fetisoang ka litoro ka linako tse ling] le lithuto tsa bademona.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela