Pina ea 83
Lebaka la Thabo ea Sione
1. Jehova’o na le chaba;
Se tsoetsoeng kajeno.
Le “naha” eo ho eona
Ho se nang bohloko.
Sione oa Jehova
O tsoetse hang bara
Ba tumisang ka hohle
Lebitso Jehova.
Chorus
2.Tsoalong ea chaba sena
Ho bile le thabo.
Se hlokometse linku,
Se emetse ’Muso.
E, bana ba Sione
Ba hlonepha lentsoe.
Ba ruta ntle le tšabo
Empa ka sebete.
Chorus
3. Lichaba li sisinngoa
Ke Jah ho bokanya
Tse ratehang tsa tsona
Thabeng ea Jehova.
Ba bona’e le tokelo
Ho roka Molimo
Le ho tumisa bitso
La hae le leholo.
CHORUS
Thabang lōna, le Sion’ea holimo!
Jehova o mo rata haholo!
Bara ba hae ke pontšo lefatšeng, ba feptjoa ke
Jehova moketeng teng.