Pina ea 94
Morena oa Kamehla, Halaletsa Lebitso la Hao!
1. Jehova uena o le mong
Ha ho mohla o fetohang.
U bontša mamello bathong
Ho’isa mohla u’itlotlisang.
Morer’oa hao o tiile;
Nthong tsohle o bontša tsebo;
’Muso oa hao o fihlile
’Me o tla tlosa bokhopo.
2. U ’Mōpi oa bokahohle
Ke uena oa khale khale!
U bone tšenyeho eohle
Fatšeng le neng le le letle.
Ke uen’a re fileng
Mora E tl’e be een’a re busang.
Mohla u timetsang lira
E leng seo re se rapellang.
3. Jah u romme baprofeta
Ho bolela ka poloko.
Sena se ea etsahala,
Me re se hasa ka hlompho.
Rea tiisa hore lefatše
Le ke ke la sisinyeha.
Morena ikhalaletse,
Tlisa ’Muso oa Messia.