Pina ea 61
“Ke ’Na Jehova”
1. Joale mamela babusisi
Ba lahla Jehova Ea matla.
Ba khetha ho nyatsa borena ba hae,
’Me ba batla ho mo phephetsa (ruri).
Ke mang ea timelitseng ma tl’a bona,
Eo ea ba ripitlileng ka lihlong (lihlong)?
Ke mang ea koetseng ho soma ha bona,
Ea etellang pele ba hae tlhōlong (tlhōlong).
(Chorus)
2. Bona makhotla a lefatše
Ha’a loana le Mor’a Jehova.
A tsoaroa ke tsabo, a tsieleha,
Mafutsana a hlokofatsoa (hampe).
Ke mang ea tla felisa matšoenyeho,
A lokolle bohle ba leng mosa (mosa)?
Ke mang ea tla ba thea ka ho loka
Ha e se Mong a rōna, Jehova? (’Mopi)
(CHORUS)
Ke ’na ’Musi, Jehov’a ’notši;
Ke Morena; ke bitsoa Jehova.
’Me Mor’a ka ke mo beile t’roneng;
Le khumameng! Mor’a ka oa busa.