Pina ea 120
Tieang Joaloka Ruthe
1. A sa rate ha b’arohana,
Naomi’a kōpa Ruthe ho khutla.
Empa Ruthe a hana ruri,
Hobane a rata Naomi.
2. ‘Ha ke na ho tloha ho uena.
Ke tla ea feela moo u tla ea,
E le hore le moo u shoetseng
Le ’na ke tle ke e’o shoela teng.
3. ‘Batho ba heno e’a ba ba ka,
Molimo oa hao e be oa ka.
Molimo o ke o re tlame
Kamehla re khomarelane.’
4. Rato la Ruthe le’a makatsa!
O re etselitse mohlala.
Le rona a re tieeng tokeng,
Ho Jehova, re khomareleng.