Kamoo U ka Arabelang ba ka ’Nang ba Khaoletsa Moqoqo
Litlhaloso: Litebello tsa batho tsa bophelo li itšetlehile ka boikutlo ba bona ho Jehova Molimo le ’Muso oa hae ka Kreste Jesu. Molaetsa oa ’Muso oa Molimo ke o thabisang, ’me o supa tšepo feela e tšepahalang bakeng sa batho. Ke molaetsa o fetolang bophelo. Re batla hore bohle ba o utloe. Rea hlokomela hore ke ba seng bakae feela ba tla o amohela ka kananelo, empa rea tseba hore hoa hlokahala hore bonyane batho ba o utloe e le hore ba ka khetha ka bohlale. Empa hase bohle ba utloisisang hore ba ka mamela, ’me ha re leke ho ba qobella. Empa hangata ka masene ho ee ho be bonolo ho fetola ba neng ba ka ’na ba khaoletsa moqoqo hore ebe ba ka mamelang hape. Mehlala ke ena ea seo Lipaki tse ling tse nang le phihlelo li ’nileng tsa se sebelisa boitekong ba tsona ba ho batlisisa ba tšoanelehang. (Matt. 10:11) Ha re khothalletse hore u boloke likarabelo leha e le life ka hloohong, empa hore u hopole maikutlo feela ebe u a bea ka mantsoe a hao le ka mokhoa o tlang ho fetisetsa thahasello ea hao ea ’nete ho motho eo u buang le eena. Ha u ntse u etsa joalo, u ka ba le tšepo ea hore bao lipelo tsa bona li sekametseng ho lokeng ba tla mamela ’me ba nke bohato ka kananelo ka seo Jehova a se etsang ho ba hulela litokisetsong tsa hae tse lerato bakeng sa bophelo.—Joh. 6:44; Lik. 16:14.
‘HA KE THAHASELLE’
● ‘Na nka botsa: Na u bolela hore ha u thahaselle Bibele, kapa ha u thahaselle bolumeli ka kakaretso? Ke botsa hobane re kopane le ba bangata bao ka nako e ’ngoe e neng e le balumeli empa ba se ba sa ee kerekeng ka lebaka la ho bona boikaketsi bo bongata likerekeng (kapa, ba ikutloa hore bolumeli ke khoebo e ’ngoe feela ea ho etsa chelete; kapa, ha ba ananele ho kena-kena hoa bolumeli lipolotiking; jj.) Bibele le eona e hana mekhoa e joalo ’me e fana ka motheo o le mong feela oa ho lebella bokamoso ka tšepo.’
● ‘Haeba u bolela hore ha u thahaselle bolumeli bo bong, kea utloisisa. Empa ho ka ’na hoa etsahala hore ebe u thahasella hore na re ka lebella bokamoso ba mofuta ofe ha re talimane le tšokelo ea ntoa ea nuclear (kapa, hore na re ka sireletsa bana ba rōna joang khahlanong le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi; kapa, hore na ho ka etsoa joang ka bokebekoa e le hore re se ke ra tšaba ho tsamaea literateng; jj.) Na u bona ho e-na le tebello leha e le efe bakeng sa pheko ea sebele?’
● ‘Na hoo ke ka lebaka la hobane u se u e-na le bolumeli? . . . Mpolelle, Na u nahana hore re tla ke re bone nako eo ka eona bohle re tlang ho ba bolumeling bo le bong? . . . Ke eng ho bonahalang ho eme tseleng? . . . Hore bo be le seo bo se bolelang, ho ne ho tla hlokahala motheo oa mofuta ofe?’
● ‘Ke ananela hoo. Lilemong tse seng kae tse fetileng ke ne ke ikutloa ka tsela eona eo. Empa ka bala ho hong ka Bibeleng ho ileng hoa nthusa hore ke talime litaba ka tsela esele. (Bontša motho hore na ebile eng.)’
● ‘Na u ka thahasella haeba nka u bontša ka Bibele hore na u ka bona hape baratuoa ba hao ba shoeleng joang (kapa, hore na morero oa sebele oa bophelo ke ofe; kapa, hore na e ka re thusa joang hore re boloke malapa a rōna a momahane; jj.)?’
● ‘Haeba u bolela hore ha u thahaselle ho reka ho hong, ere ke u tlose matsoalong. Ha kea tšoareha mosebetsing oa thekiso. Empa na u ka thahasella monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise, u lokolohile ho kuleng le bokebekoeng, u e-na le baahelani ba u ratang ka sebele?’
● ‘Na kamehla u arabela joalo ha Lipaki tsa Jehova li u etetse? . . . Na ho na le mohla u kileng ua ipotsa hore na ke ka lebaka la’ng ha re qophella ho etela batho kapa hore na re re’ng? . . . Ka bokhutšoaane, lebaka leo ke u etetseng ka lona ke hobane kea tseba hore le uena ho na le ho hong hoo u lokelang ho ho tseba. Ke eng ha u sa mamele ka lekhetlo lee feela?’
‘HA KE THAHASELLE BOLUMELI’
● ‘Kea utloisisa hore na u ikutloa joang. Ka ho toba, likereke ha li etse lefatše lena sebaka se sireletsehileng seo ho ka pheloang ho sona, na ha ho joalo? . . . Na nka botsa, Na u ’nile ua ikutloa ka tsela ee eo u ikutloang ka eona hona joale? . . . Empa na u lumela ho Molimo?’
● ‘Ho na le batho ba bangata ba nang le maikutlo a tšoanang le a hao. Bolumeli ha boa ba thusa ka letho ka sebele. Ke le leng la mabaka ao ka oona re etelang batho—kahobane likereke ha lia bolella batho ’nete ka Molimo le morero oa oona o hlollang bakeng sa batho.’
● ‘Empa kea tiisa hore u thahasella bokamoso ba hao. Na u ne u tseba hore Bibele e hlile ea bolela oona maemo a teng lefatšeng kajeno? . . . ’Me e bontša hore na phello etlaba efe.’
● ‘Na u ’nile ua ikutloa ka tsela eo kamehla? . . . U ikutloa joang ka bokamoso?’
‘HA KE THAHASELLE LIPAKI TSA JEHOVA’
● ‘Batho ba bangata ba re bolella joalo. Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba kang ’na ba ithaopela ho etela batho le hoja re tseba hore beng ba matlo a mangata mohlomong ba ke ke ba re amohela? (Fana ka ntlha ea sehlooho ea Mattheu 25:31-33, u hlalosa hore ho ntse ho aroloa batho ba lichaba tsohle le hore karabelo ea bona molaetseng oa ’Muso ke lebaka la bohlokoa la sena. Kapa bolela ntlha ea sehlooho ea Ezekiele 9:1-11, u hlalosa hore, e mong le e mong o ‘tšoauoa’ motheong oa hore na o arabela joang molaetseng oa ’Muso, e-bang ke bakeng sa polokeho mahlomoleng a maholo kapa ho timetsoa ke Molimo.)’
● ‘Nka ananela hoo, hobane ke ne ke ikutloa ka tsela e joalo. Empa, hore ke se ee ka leeme ka etsa qeto ea ho mamela e mong oa tsona. ’Me ka fumana hore ke ne ke boleletsoe leshano ka tsona. (Bolela qoso ea bohata e tloaelehileng ebe joale u hlalosa seo re se lumelang.)’
● ‘Hase khale haholo ha ke ne ke bua joalo ho Paki e neng e nketetse. Empa pele e tloha ka botsa potso eo ke neng ke tiisa hore e ke ke ea e arabela. Na u rata ho tseba potso eo? . . . (Ka mohlala: Kaine o fumane mosali oa hae hokae?)’ (E ka sebelisoa ke ba hlileng ba thulana le phihlelo e joalo.)
● ‘Haeba u motho oa bolumeli, hoo nka ho ananela. Ntle ho pelaelo bolumeli ba hao ke ba bohlokoa haholo ho uena. Empa ke nahana hore u tla lumela hore ka bobeli re thahasella (bolela sehlooho se loketseng.)’
● ‘Ka hona ha ho pelaelo hore u na le bolumeli ba hao. Na u-ua tsotella ha nka u botsa hore na ke bolumeli bofe? . . . Re thabela ho buisana le batho ba tumelo ea hao. U ikutloa joang ka (bolela sehlooho sa hao sa puisano)?’
● ‘E, kea utloisisa. Empa lebaka leo re etelang batho ka lona ke hore re lelapa le lakatsang ho bona batho ba phela hammoho ka khotso. Re khathetse ke litaba tsa mantsiboea a mang le a mang tse nang le litlaleho tsa ho loana le ho hlomoha. Ke lumela hore le ho uena ho joalo. . . . Empa ke eng se ka tlisang phetoho e hlokahalang? . . . Re fumane khothatso litšepisong tsa Bibele.’
● ‘Ke ananela ha u ntumelletse hore ke tsebe maikutlo a hao. Na u ka tsoafa ho mpolella hore na ke eng eo u sa e rateng ka rōna? Na ke seo re u bontšang sona ka Bibeleng, kapa ke hore ebe re u etetse?’
‘KE NA LE BOLUMELI BA KA’
● ‘Na u ka mpolella, Na bolumeli ba hao bo ruta hore nako e tla tla ea ha batho ba ratang ho loka ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng? . . . Ao ke maikutlo a ipiletsang, na ha ho joalo? . . . A hona ka mona ka Bibeleng. (Pes. 37:29; Matt. 5:5; Tšen. 21:4)’
● ‘Kea lumela hore tabeng ena motho e mong le e mong o tlameha ho iketsetsa qeto. Empa na u ne u tseba hore Molimo ka booona o lebelletse batho ba mofuta o itseng hore ebe barapeli ba oona ba ’nete? Hlokomela mona ho Johanne 4:23, 24. Ho rapela Molimo “ka ’nete” ho ne ho tla bolela eng? . . . Molimo o re file eng ho re thusa hore re tsebe ’nete le seo e seng ’nete? . . . (Joh. 17:17) ’Me hlokomela kamoo e leng hoa bohlokoa kateng ho rōna ka borōna. (Joh. 17:3)’
● ‘Na u bile molumeli bophelong bohle ba hao? . . . Na u nahana hore batho ba tla ke ba kopane bolumeling bo le bong? . . . Ke ’nile ka nahana haholo ka hoo ka lebaka la se tlalehiloeng mona ho Tšenolo 5:13. . . . Ho hlokahala eng hore re tšoanele hantle se boletsoeng mona?’
● ‘Ke ne ke e-na le tšepo ea ho fumana motho ea tšoanang le uena ea thahasellang lintho tsa moea. Ba bangata haholo kajeno ha ba li thahaselle. Na nka botsa hore na u ikutloa joang ka tšepiso ea Bibele ea hore Molimo o tla felisa bokhopo bohle ’me o etse lefatše lena sebaka seo ho sona ho ka phelang feela batho ba ratang ho loka? Na hoo hoa ipiletsa ho uena?’
● ‘Na u mafolo-folo haholo litabeng tsa kereke? . . . Na kereke e atisa hore e tlale bakeng sa litšebeletso mehleng ee? . . . Na u fumana hore litho tse ngata li hlile li bontša takatso ea ’nete ea ho sebelisa Lentsoe la Molimo bophelong ba letsatsi ka leng? (Kapa, Na u fumana hore litho li momahane monahanong oa tsona mabapi le pheko ea mathata a talimaneng le lefatše?) Re fumana hore thupelo ea botho ea lapeng ea Bibele e-ea thusa.’
● ‘Ho hlakile hore u khotsofalletse bolumeli ba hao. Empa batho ba bangata ha baa khotsofala ke maemo a lefatšeng. Mohlomong ke ’nete le ka uena; na ho joalo? . . . Phello ea hoo hohle ke efe?’
● ‘Na u motho ea thabelang ho bala Bibele? . . . Na u fumana nako ea ho e bala kamehla?’
● ‘Ke thabela ha u mpolelletse hoo. Kea tiisa hore u tla lumela hore, ho sa tsotellehe hore na semelo sa rōna sa bolumeli ke sefe, bohle re thahasella haholo khotso ea lefatše (kapa, litsela tsa ho sireletsa bana ba rōna litšusumetsong tse mpe; kapa, ho ba le tikoloho eo batho ba hlileng ba ratanang kannete; kapa, ho thabela likamano tse ntle le batho ba bang, ’me hoo ekaba phephetso ha e mong le e mong a ikutloa a hatelletsoe).’
● ‘Ke thabela ho tseba hore u sekametse bolumeling. Batho ba bangata kajeno ha ba nke bolumeli ka ho teba. Ba bang ba bile ba nahana hore Molimo ha o eo. Empa, ho latela seo u se rutiloeng, u nahana hore Molimo ke motho oa mofuta ofe? . . . Hlokomela hore Bibele e re fa lebitso la oona la botho. (Ex. 6:3; Pes. 83:18)’
● ‘Ha Jesu a roma barutuoa ba hae ho ea bolela, o ba boleletse hore ba ee karolong e ’ngoe le e ’ngoe ea lefatše, ka hona ba ne ba tla kopana le batho ba bangata bao bolumeli ba bona bo fapaneng le ba bona. (Lik. 1:8) Empa o ne a tseba hore ba lapetseng le ba nyoretsoeng ho loka ba ne ba tla mamela. O itse ho ne ho tla fanoa ka molaetsa ofe o khethehileng mehleng ea rōna? (Matt. 24:14) ’Muso oo o bolela eng ho rōna?’
‘RŌNA MONA RE BAKRESTE’
● ‘Ke thabela ho tseba seo. Joale ntle ho pelaelo lea tseba hore Jesu ka boeena o entse mosebetsi o tšoanang le ona, a etela batho malapeng a bona, ’me o romile barutuoa ba hae hore le bona ba etse ka ho tšoanang. Na u tloaelane le sehlooho sa boboleli ba bona? . . . Ke sona seo re tlileng ho tla bua ka sona kajeno. (Luka 8:1; Dan. 2:44)’
● ‘Joale kea tiisa hore u tla ananela botebo ba seo Jesu a se buileng mona Thutong ea Thabeng. O ne a toba taba empa hape a bua ka lerato ha a re . . . (Matt. 7:21-23) Potso eo joale ho hlokahalang hore re ipotse eona ke ena, Ke tseba thato ea Ntate oa leholimo hantle hakae? (Joh. 17:3)’
‘KE TŠOAREHILE’
● ‘Ke tla bua ka bokhutšoaane haholo. Ke tlile ho tla arolelana le uena maikutlo a bohlokoa. (Bolela ntlha ea sehlooho ea sehlooho sa hao sa puisano ka lipolelo tse ka bang peli.)’
● ‘Ke hantle. Ke tla thabela ho tla ka lekhetlo le leng, ha u e-na le sebaka. Empa pele ke tsamaea, ke rata ho bala temana e le ’ngoe feela e hlileng e re fang ho hong hoa bohlokoa hoo re ka nahanang ka hona.’
● ‘Kea utloisisa. Joaloka ’mè (kapa, monna ea sebetsang, kapa, seithuti) le ’na ke na le kemiso e tšoarehileng. Ka hona ke tla bua hakhutšoaane. Bohle re talimane le boemo bo tebileng. Bibele e bontša hore re haufi haholo le nako ea ha Molimo o tla timetsa tsamaiso ea hona joale ea lintho e khopo. Empa ho tla ba le baphonyohi. Potso ke hore na, ’Na le uena re tlameha ho etsa joang hore re tle re balelloe har’a bona? Bibele e arabela potso eo. (Sof. 2:2, 3)’
● ‘Ke ka hona ke u etetseng. Bohle re tšoarehile—re tšoarehile hoo lintho tsa bohlokoa ka sebele bophelong li eeng li hlokomolohuoe, na ha ho joalo? . . . Ke tla bua hakhutšoaane haholo, empa kea kholoa hore u tla thahasella temana ena e le ’ngoe feela. (Luka 17:26, 27) Ha ho lea mong ho rōna ea batlang ho iphumana a le boemong boo, ka hona hoa hlokahala hore re fane ka sebaka bophelong ba rōna bo tšoarehileng hore re nahane ka seo Bibele e se buang. (Fana ka buka.)’
● ‘Na ebe ekaba ho loketseng haholoanyane haeba re ka khutla kamorao ho halofo ea hora, kamor’a hore re etele batho ba bang hona motseng moo?’
● ‘Ka hona nke ke ka u tšoarella. Mohlomong nka ’na ka tla ka letsatsi le leng. Empa pele ke tsamaea, ke rata ho u fa monyetla oa ho fumana mpho ena e khethehileng. (Bontša mpho ea khoeli.) Buka ena e na le thupelo ea ho ithuta e tla u tloaetsa likarabelo tsa Bibele lipotsong tse kang (bolela e le ’ngoe kapa tse peli.)’
● ‘Ke masoabi hore ebe ke u fumana u phathahane. Joalokaha e ka ’na eaba u-ua tseba, ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ke ratile hore ke tl’o arolelana le uena maikutlo a bohlokoa a tsoang ka Bibeleng. Empa kaha ha u na nako ea ho mamela hona joale, ke lakatsa ho u fa pampitšana ena e buang ka (bolela taba). E batla e le khutšoanyane, empa u tla e thahasella haholo.’
● ‘Kea utloisisa. Ho bonahala ho se nako e lekaneng bakeng sa ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Empa na u kile ua nahana ka hore na bophelo e ka ’na ea e-ba bo fapaneng hakaakang haeba re ka phela ka ho sa feleng? Kea tseba hore hona ho ka ’na hoa utloahala ho makatsa. Empa ere ke u bontše temana e le ’ngoe feela ka Bibeleng e hlalosang hore na hoo ho ka etsahala joang. (Joh. 17:3) Ka hona, seo ho hlokahalang hore re se etse hona joale ke ho fumana tsebo ena ka Molimo le Mor’a oa oona. Ke ka lebaka leo re siang buka ena.’
‘KE HOBANE’NG HA LE ETELA BATHO HANGATA HAKAALE?’
● ‘Hobane re lumela hore re phela mehleng ea qetello eo Bibele e buang ka eona. Re ikutloa hore ke hoa bohlokoa hore rōna bohle re nahane hore na phello ea maemo a hona joale etlaba efe. (Bolela ketsahalo e le ’ngoe kapa tse peli tse sa tsoa etsahala kapa maemo a morao-rao.) Potso ke hore na, Ho hlokahala hore re etse joang hore re tle re phonyohe bofelo ba tsamaiso ee ea lintho?’
● ‘Hobane re rata Molimo le baahelani ba rōna. Ke sona seo bohle re lokelang ho se etsa, na ha ho joalo?’
‘KE SE KE TLOAELANE HAHOLO LE MOSEBETSI OA LŌNA’
● ‘Ke thaba haholo ho utloa hoo. Na u na le mong ka uena kapa motsoalle eo e leng Paki? . . . Na nka botsa: Na u lumela seo re se rutang se tsoang ka Bibeleng, e leng, hore re phela “mehleng ea qetello,” hore haufinyane Molimo o tla timetsa ba khopo, le hore lefatše lena le tla fetoha paradeise eo ho eona batho ba ka phelang ka ho sa feleng ba phela hantle ’meleng har’a baahelani ba ratanang ka sebele?’
‘HA RE NA CHELETE’
● ‘Ha re qele lichelete. Empa re nehelana ka thupelo e sa lefelloeng ea lehae ea Bibele. E ’ngoe ea litaba tseo e buang ka tsona ke (sebelisa khaolo bukeng ea morao-rao.) Na nka nka metsotso e seng mekae ho u bontša hore na e etsoa joang? Ho ke ke hoa u hloka leha e le sente.’
● ‘Re thahasella batho, eseng chelete ea bona. (Tsoela pele ka puisano. Ba bontše se seng sa lingoliloeng ’me u hlalose hore na se ka ba tsoela molemo joang. Haeba ba bontša thahasello ea sebele ’me ba tšepisa ho se bala, ba siele sona. Haeba ho loketse, hlalosa kamoo mosebetsi oa rōna oa ho bolela lefatšeng ka bophara o tšehetsoang ka lichelete.)’
HA E MONG A RE, ‘KE MOBUDDHA’
● U se ke ua fihlela qeto ea hore seo motho eo a se lumelang se tšoana le seo Mabuddha ’ohle a se lumelang. Lithuto tsa Bobuddha ha li na moko ’me tlhaloso e fapana ka batho. Bobuddha ba Japane bo fapane haholo le ba Asia e ka boroa bo ka bochabela. Le batho ka bomong, ba fapana ka maikutlo. Leha ho le joalo, ka kakaretso, lintlha tse latelang li ka ’na tsa thusa: (1) Bobuddha ha bo re letho ka Molimo o mong o sebakeng se seng sesele, ’Mōpi oa motho. Empa Mabuddha a mangata a rapela litšoantšo le litšoantšetso tsa Buddha. (2) Siddhartha Gautama, ea filoeng tlotla ea Buddha, o ile a talingoa e le mohlala o phethahetseng oa bolumeli ho balateli ba hae, e le eo ba ka mo etsisang. O ile a khothalletsa ho fumana tsebo ka ho ithuta batho ka pono ea botho, hape le ka ho ikarola metsong ea ho hlomoha ka ho laola kelello e le hore batho ba ka itlhoekisa takatsong eohle ea bolefatše. O ile a ruta hore ka tsela ena motho a ka ’na a fumana Nirvana, a lokolohe ho tsoaloeng hangata ka libopeho tse sa tšoaneng. (3) Mabuddha a rapela balimo ba oona, hobane a ba talima e le bona mohloli oa bophelo ba oona.
Litlhahiso bakeng sa moqoqo: (1) Ha u bua le Mabuddha, tiisa hore ha u karolo ea Bokreste-’mōtoana. (2) Mabuddha a hlompha “libuka tse halalelang,” ’me ka kakaretso a hlompha Bibele ka lebaka lona leo. Ho e-na le ho bua haholo ka filosofi ea Bobuddha, fana ka molaetsa o molemo oa Bibele. A tsebise hore Bibele hase feela filosofi ea batho empa ke Lentsoe le nang le matla la ’Mōpi oa batho, Jehova Molimo. Ka boikokobetso u ka kōpa hore na u a bontše ntlha e thahasellisang bukeng ena e halalelang, Bibele. (3) Mabuddha a mangata a thahasella khotso le bophelo ba lelapa haholo ’me a batla ho phela ka boitšoaro bo botle. Ho bua ka taba leha e le efe ho tsena, hangata hoa amoheleha. (4) Bontša hore Bibele e supa lintlha tse lebisang ’musong o lokileng oa leholimo holim’a lefatše e le oona pheko ea sebele mathateng a talimaneng le batho. E hlalosa bokamoso ba lefatše le tebello e babatsehang ea ho phela ka ho sa feleng paradeiseng ea lefatšeng. (5) U ka supa hore Bibele e hlalosa ka tšimoloho ea bophelo, seo bophelo bo leng sona, boemo ba bafu le tšepo ea tsoho, lebaka la ho ba teng hoa bokhopo. Neelano e mosa ea linnete tse hlakileng tsa Lentsoe la Molimo e tla fumana karabelo e ananelang lipelong tsa ba kang linku.
Bukana In Search of a Father e ile ea lokisetsoa ka ho khethehileng molemong oa Mabuddha a tšepahalang.
HA E MONG A RE, ‘KE MOHINDU’
● U hlokomele hore filosofi ea Hindu e rarahane haholo ’me ha e lumellane le tlhalohanyo. U ka ’na ua fumana e le thuso ho hopola lintlha tse latelang: (1) Bohindu bo ruta hore molimo Brahman o akarelletsa libopeho tse tharo—Brahma ’Mōpi, Vishnu ’Moloki, le Siva Motimetsi. Empa Mahindu ha a nahane ka molimo oa botho o nang le boleng ba oona. (2) Mahindu a lumela hore lintho tsohle tsa tlhaho li na le moea oo ho seng mohla o shoang, hore moea o tsoaloa joalo-joalo ntle ho khaotso, hore liketso (Karma) ke tsona tse rerang hore na o tsoaloa hape ka libopeho life, hore ho lokoloha ‘lebiling lena le sa khaotseng’ ho bonolo feela ka ho tima takatso eohle ea nama, le hore haeba hona ho ka finyelloa, moea o tla itsoakanya le moea oa bokahohleng. (3) Ka kakaretso, Mahindu a hlompha malumeli a mang. Mahindu a lumela hore, ho sa tsotellehe ’nete ea hore a ruta lithuto tse loantšanang, malumeli ’ohle a isa ’neteng e tšoanang.
Ho e-na le ho leka ho qhaqholla marang-rang a filosofi ea Hindu, fana ka linnete tse khotsofatsang tse fumanoang ka Bibeleng e Halalelang. Litokisetso tse lerato tsa Jehova bakeng sa bophelo li bulehetse batho ba mefuta eohle, ’me linnete tse hlakileng tse Lentsoeng la hae, li tla fihla lipelong tsa ba lapetseng le ho nyoreloa ho loka. Ke Bibele feela e fanang ka tšepo e nang le motheo oa ’nete ka sebele bakeng sa bokamoso; ke Bibele feela e fanang ka likarabelo tse khotsofatsang kannete lipotsong tsa bohlokoa tseo batho bohle ba talimaneng le tsona. Ba nee monyetla oa hore ba utloe likarabelo tseo. Ke ho thahasellisang hore sefela sa Hindu Rig-Veda, 10. 121, se re “Ho Molimo o sa Tsejoeng.” Mabakeng a mang u ka ’na ua ho fumana ho loketse ho bua ka taba ena ka tsela e tšoanang le eo moapostola Pauluse a ileng a bua ka eona ka aletare “Ea Molimo o sa Tsejoeng” Athene. (Lik. 17:22, 23) Ho khahlisang, lebitso la molimo oa Hindu Vishnu ha le se na “V” ke Ishnu eo ka Sekalde e bolelang “motho Noe.” Supa seo Bibele e se buang ka bohlokoa ba Moroallo oa lefatše mehleng ea Noe. Ba tepeletseng ke tebello ea ho tsoaloa joalo-joalo, ba ka ’na ba thusoa ke taba e maqepheng 176, 177, tlas’a sehlooho se seholo “Ho Tsoaloa Hangata.”
Libukana The Path of Divine Truth Leading to Liberation le From Kurukshetra to Armageddon—And Your Survival li na le boitsebiso bo tla ba molemo haholo ho Mahindu a tšepahalang.
HA E MONG A RE, ‘KE MOJODE’
● Pele, tiisa hore na motho eo o italima e le Mojode joang. Ba bangata hase balumeli. Ho ba bangata, ho ba Mojode ke feela tlotla ea bolefatše.
Lintlha tse seng kae ke tsena tse molemo hore u ka li hopola: (1) Bajode ba balumeli ba nka hore ha hoa lokela ho bitsa lebitso la Molimo. (2) Bajode ba bangata ba nahana hore “Bibele” ke buka ea Bokreste, empa haeba u ka supa “Mangolo a Seheberu,” “Mangolo,” kapa “Torah,” bothata boo ha bo be teng. (3) Neano ke karolo e setsing ea bolumeli ba bona ’me Bajode ba bangata ba balumeli ba re e lekana le Mangolo ka matla. (4) Ba ka ’na ba amahanya Jesu Kreste le tlhoriso e sehlōhō eo Bajode ba bileng ho eona matsohong a Bokreste-’mōtoana ka lebitso la Jesu. (5) Hangata ba lumela hore Molimo o hloka hore Bajode ba boloke Sabbatha, e leng tumelo e akarelletsang ho se tšoare chelete ka letsatsi leo.
Hore le tle le utloane, u ka ’na ua re: (1) ‘Ha ho pelaelo hore u ka lumela hore, ho sa tsotellehe semelo sa rōna, lefatšeng la kajeno bohle re talimane le mathata a tšoanang. Na u lumela hore ho tla hle ho be le pheko ea kamehla mathateng a maholo a talimaneng le moloko ona? (Pes. 37:10, 11, 29; 146:3-5; Dan. 2:44)’ (2) ‘Ha re karolo ea Bokreste-’mōtoana ’me ha re lumele Boraro-bo-bong, empa re rapela Molimo oa Abrahama. Re hlile re thahasella taba ea ’nete ea bolumeli. Na u-ua tsotella haeba nka u botsa hore na u fumana joang hore na ’nete ke efe, haholo ha ho talingoa ’nete ea hore ho na le phapang e ngata ea tumelo har’a batho ba Bajode? . . . (Deut. 4:2; Esa. 29:13, 14; Pes. 119:160)’ (3) ‘Re thahasella haholo tšepiso ea Molimo ho Abrahama ea hore lichaba tsohle tsa batho li tla hlohonolofatsoa ka peō ea hae. (Gen. 22:18)’
Haeba motho a bontša ho haelloa ke tumelo ho Molimo, botsa hore na o ’nile a ikutloa ka tsela eo kamehla. Ebe joale u bua ka hore na ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse bokhopo le ho hlomoha. Bajode ba bangata ba amehile ke sena ha ba hopola ka lihlōhō tsa Bonazi.
Haeba u bua ka bohlokoa ba ho sebelisa lebitso la Molimo, u ka qala ka ho fumana hore na motho eo o ikutloa joang ka hona. Bontša hore Exoda 20:7 e hanela ho tlaela ka lebitso la Molimo, empa ha e hanele hore le sebelisoe ka hlompho. Joale nahanisisang ka litemana tse kang Exoda 3:15 (kapa Pesaleme ea 135:13); 1 Marena 8:41-43; Esaia 12:4; Jeremia 10:25; Malakia 3:16.
Ha u bua ka Messia: (1) Bua pele ka mahlohonolo a nako e tlang tlas’a puso ea hae, ho e-na le hore na ke mang. (2) Joale bea mabaka ka litemana tse supang ho Messia oa motho. (Gen. 22:17, 18; Zak. 9:9, 10; Dan. 7:13, 14) (3) Mohlomong ho ka ’na hoa hlokahala ho bua ka ho tla hoa Messia habeli. (Bapisa Daniele 7:13, 14 le Daniele 9:24-26.) (4) Ha u bua ka Jesu, u etse joalo u potoloha tabeng e hatisang ho tsoela pele hoa morero oa Molimo. Bolela hore ha Jesu a ne a ruta, nako e ne e atametse ea ha Molimo o tla lumella hore tempele ea bobeli e timetsoe, e se e ke ke ea tsosolosoa. Empa Jesu o hatisitse phethahatso ea Molao le Baprofeta le bokamoso bo khanyang boo tsena li neng li tla lebisa batho ba nang le tumelo ho bona.