Pina ea 179
Re Tlameha ho Letela Jehova
1. Litho tsa “mohlatsoana”
Li letetse Jehova.
Li tla busa le Jesu,
Eo ke tšepo ea tsona.
Messia oa busa;
O rena ka toka.
O tla putsa bao bohle
Ba pakang ka ’Muso
Ba sa tšabe letho.
2. “Linku tse ling” tsa Jesu
Ke metsoalle ea bona.
’Me kaofela ha bona
Ba batla ho tšepeha.
Ha seli le hōla,
Tebello e’a tloka
Ea topollo e haufi.
E tla tlisa khotso.
E, e tlise khotso.
3. Jah o tšepisa batho,
Fatše la Paradeise
Moo ho loka ho’a ba teng.
Le tla busoa ke Kreste.
Ha re’ithuta ’nete,
Re le lebelletse.
Re tla tšepa Jehova
’Me re mo letele.
E, re mo letele.