Pina ea 154
Jehova, ’Mōpi oa Rōna
1. Lefatše lena le entsoe ke Jehova
Ho ba lehae la batho la kamehla.
Haa bona pōpo eo e tsoileng matsoho,
Mangeloi a hae a ho oa ka thabo.
2. Lefatše e tla ba Paradeise e ntle.
Ke se reriloeng ke Jehova khale.
Rea thaba kaha leha ho tletse bobe
Jehova o tla bo felisa haufi.
3. ’Musong oa hae Molim’oa lokisa lintho.
Re emetse nako eo ka cheseho.
Ke kahoo re hasang taba tse molemo
Tse fang batho ’nete le kutloisiso.
4. Ka rato re talima Jehova Ntate,
Rea mo roka kaha o re bōpile.
O entse lintho tse khahlehang hakaakang!
Re tla etsa tsohle kamoo a batlang.