Pina ea 137
Nako ea Teng e Haufi
1. Oh Jehova, Morena,
Uena u Lefika,
U tla tlisa kahlolo;
E ke ke ea lieha (kannete).
Leha e ka lieha,
Rea tseba e ea tla.
E! Felo bo atametse;
’Me re tla mamella (re lete).
2. Nako’a hore u loane
E s’e le haufi.
Borapeli ba ’nete
Bo tsosolositsoe (kajeno).
Leha batho ba khopo
Ba ka re bolaea,
Teng Nako ea hao e tla tla
’Me u tla ba qeta (kaofela).
3. U Molimo ea matla,
U bitsoa Jehova.
Batho bohle ba tsebe
Hore u ea matla (haholo).
Ka Kreste Jesu Mora
Oa hao u oa rena.
E, U Molimo ea busang
Lefatše kaofela (le tsohle).
4. Ka mehoo ea thabo
Rea u thoholetsa.
Uena le Mora oa hao
Le tla re boloka (timetsong).
Morena ea Holimo
Nako e fihlile.
’Me Re letetse ka tšepo
Ha’u hlōla kahohle (ka matla).