Libukana tse Lekanang le Makasine—Lisebelisoa tsa Bohlokoa Bakeng sa Tšebeletso
1 Ka tloaelo setsebi se hloahloa sa mosebetsi oa matsoho se nka lisebelisoa tse sa tšoaneng, sesebelisoa ka seng bakeng sa mosebetsi o khethehileng. Joaloka baboleli ba ’Muso, re na le libukana tse ngata tse sa tšoaneng tse lekanang le makasine bakeng sa ho re thusa ho finyella ka mokhoa o bontšang tsebo litlhoko tsa moea tsa batho bao re bolelang ho bona. (Liprov. 22:29) Ntlong e ’ngoe u ka teana le motho ea tepeletseng maikutlong. Ntlong e ’ngoe mong’a ntlo o laba-labela puso e tšepahalang, ha e mong osele a ipotsa hore na ebe bophelo bo na le morero leha e le ofe. Re ka sebelisa libukana tsa rōna tse lekanang le makasine ho thusa batho baa joang?
2 Ha u nehelana ka bukana e lekanang le makasine “Na Ruri Molimo oa re Tsotella?,” u ka ’na ua bua mantsoe a kang ana:
◼ “Batho ba bang ba hlokomelang ho utloa bohloko le ho hloka toka lefatšeng ba sekamela ho beha Molimo molato oa sena sohle. Ba beha mabaka a hore kaha Molimo o matla ’ohle, a ka be a felisitse ho utloa bohloko ha rōna haeba ruri a re tsotella. U ikutloa joang ka seo? [Emela karabo.] Pesaleme ea 72:12-14 e bontša hore ehlile Molimo oa re tsotella. Ho utloa bohloko le ho hloka toka hase molato oa hae. O tšepisitse hore haufinyane bafosi ba tla felisoa. Bukana ena e lekanang le makasine, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, e bontša seo a tla se etsa le kamoo re ka ruang molemo ho sona.” U ka ’na ua khona ho ntšetsa pele puisano ka litlhaloso tse leqepheng la 27, serapeng sa 22.
3 Haeba u sebelisa bukana e lekanang le makasine “Morero oa Bophelo,” u ka ’na ua batla ho qala ka tsela ena:
◼ “Qetellong, hoo e batlang e le motho e mong le e mong o ipotsa hore na morero oa bophelo ke eng. Na ke feela ho phela lilemo tse 70 kapa 80 ebe rea shoa? Kapa na ho na le ho eketsehileng bophelong? U nahana joang? [Emela karabo.] Mona ho Pesaleme ea 37:29, re bona morero o motle oa Molimo bakeng sa motho le lefatše.” Ka mor’a ho bala lengolo, phetla setšoantšong se leqepheng la 31, ’me u hlalose ka ho eketsehileng hore na ho tla ba joang ho phela Paradeiseng.
4 Bukana e lekanang le makasine ea “Bonang,” e ka buelloa ka ho bontša setšoantšo kaofela se leng sekoahelong ebe ua botsa:
◼ “U nahana hore ho ka hlokahala’ng ho etsa hore lefatše le shebahale tjee? [Emela karabo.] E mong le e mong ea leng setšoantšong sena o na le lehae le mosebetsi o thabisang. Ho na le khotso le lijo tse ngata, ’me lefatše ha lea silafala. Le hoja mebuso ea batho e ka etsa boiteko bo matla, e ho fumana ho ke ke ha etsahala hore e tlise lefatše le joalo. Leha ho le joalo, Bibele e re tiisetsa hore Molimo o tla etsa ‘lintho tsohle e be tse ncha.’ [Phetla leqepheng la 30, ’me u bale Tšenolo 21:3, 4.] Bukana ena e lekanang le makasine e ka u thusa hore u ithute hore na ho hlokahala hore u etse eng e le hore u ka phela lefatšeng leo le lecha.” Haeba ho bontšoa thahasello e lekaneng, phetla leqepheng la 3, ’me u bontše kamoo re khannang thuto ea Bibele.
5 U ka sebelisa katamelo ena ka bukana e lekanang le makasine “Bophelo Lefatšeng”:
◼ “Batho ba bangata ba nahana hore ba tla tlameha ho ea leholimong e le hore ba thabele bophelo bo sa feleng, empa u nahana joang ka ho phela lefatšeng ka ho sa feleng? [Emela karabo.] Bibele e re tiisetsa hore bophelo bo sa feleng bo ka ba teng, ’me e re bolella kamoo re ka finyellang pakane eo.” Bala Johanne 17:3. Ebe u bontša mong’a ntlo setšoantšong sa 49 ebe ua botsa: “Na u ka thabela ho phela lefatšeng le kang lee?” Nehelana ka bukana e lekanang le makasine, ’me u lokisetse ho etsa leeto la ho boela.
6 Libukana tse lekanang le makasine li bontša lihlooho tse nakong, li araba lipotso tsa batho, ’me lia tšelisa. Ka ho sebelisa lisebelisoa tsena ka bohlale, re ka thusa ba tšepahalang hore ba “finyelle tsebong ea ’nete.”—1 Tim. 2:4.