Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 109
  • Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba Hae
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba Hae
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • “Itebeleng Tomosong ea Bafarisi”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • “Le Ithute ho ’Na”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 109

Khaolo ea 109

Jesu o Nyatsa Bahanyetsi ba Hae

JESU o ferekantse bahanyetsi ba hae ba bolumeli ka ho felletseng hoo ba tšabang ho tsoela pele ba ’motsa ntho efe kapa efe. Ka hona o nka khato ea ho pepesa ho hloka tsebo ha bona. Oa ba botsa: “Le re’ng ka Kreste? Ke mora oa mang?”

Bafarisi baa arabela: “Oa Davida.”

Le hoja Jesu a sa latole hore Davida ke ntate-moholo oa nama oa Kreste, kapa Messia, oa botsa: “Ha ho le joalo, na Davida ha a bolelisoa ke Moea [ho Pesaleme ea 110], o ’mitsetsa’ng morena oa hae, ha a re: Morena [“Jehova,” NW] o itse ho moren’a ka: Lula letsohong la ka le letona, ke be ke bee bao e leng lira ho uena bonamelo ba maoto a hao? Na Davida ha a ’mitsa morena, e ka ba mora oa hae joang?”

Bafarisi ba khutsitse, kahobane ha ba tsebe hore na ha e le hantle Kreste, kapa motlotsuoa, ke mang. Messia hase motho feela eo e leng setloholo sa Davida, joalokaha ho bonahala Bafarisi ba lumela joalo, empa o kile a ba teng leholimong ’me o ne a phahametse Davida, kapa e le Morena oa hae.

Ha Jesu a retelehela joale ho matšoele le ho barutuoa ba hae, o lemosa ka bangoli le Bafarisi. Kaha ba ruta Molao oa Molimo, ‘ba lutse litulo tsa Moshe,’ Jesu oa phehella: “Le boloke, ’me le etse tsohle tseo ba le bolellang tsona.” Empa oa phaella: “Le mpe le se ke la etsa ka liketso tsa bona, hobane ba bolela, empa ha ba etse.”

Ke baikaketsi, ’me Jesu o ba nyatsa ka puo e tšoanang haholo le eo a ileng a ba nyatsa ka eona ha a le lijong tlung ea Mofarisi e mong likhoeli pejana. O re: “Liketso tsa bona tsohle ba li etsa hore ba tle ba bonoe ke batho.” ’Me o fana ka mehlala, oa hlokomelisa:

“Ba habōlla mekotlana ea Mangolo a halalelang eo ba e roetseng.” Mekotlana ena eo ha ho bapisoa e leng menyenyane, e roaloang phatleng kapa sephakeng, e na le likarolo tse ’nè tsa Molao: Exoda 13:​1-10, 11-16; le Deuteronoma 6:​4-⁠9; 11:​13-21. Empa Bafarisi ba eketsa boholo ba mekotlana ena e le ho fana ka maikutlo a hore ba chesehela Molao.

Jesu o tsoela pele hore “ba lelefatsa litjellane tsa likobo tsa bona.” Ho Numere 15:​38-40 Baiseraele ba laeloa hore ba etse litjellane liaparong tsa bona, empa Bafarisi ba etsa hore tsa bona li be khōlōanyane ho feta kamoo motho leha e le ofe a etsang ka teng. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ba e etsa hore ba bonoe! Jesu o re: “Ba rata litulo tse kapele.”

Ka ho soabisang, barutuoa ba hae ba tšoaelitsoe ke takatso ena ea ho hlahella. Kahoo oa eletsa: “Empa lōna, le se ke la bitsoa Rabbi, hobane moruti oa lōna o mong, e leng Kreste, ’me lona bohle le bana ba motho a le mong. Le se ke la bitsa motho lefatšeng ntat’a lōna, hobane o mong feela eo e leng Ntat’a lōna, ke ea leng maholimong. Hape, le se ke la bitsoa benghali, hobane monghali oa lōna o mong, e leng Kreste.” Barutuoa ba tlameha ho tlosa ka ho bona takatso ea ho ba ba pele! Jesu oa khothalletsa: “E moholo ho lōna e tla ba mohlanka oa lōna.”

O boetse o phatlalatsa letoto la bomalimabe holim’a bangoli le Bafarisi, a ntse a ba bitsa baikaketsi khafetsa. O re, ba “koalla batho ’muso oa maholimo,” ’me ‘ba metsa matlo a basali ba bahlolohali, ka ho re, ba ba etsetsa merapelo e melelele.’

Jesu o re: “Ho malimabe lōna, batsamaisi ba foufetseng.” O nyatsa ho haella ha lintho tsa bohlokoa tsa moea ho Bafarisi, joalokaha ho bontšoa ke khethollo ea bompoli eo ba e etsang. Ka mohlala, ba re, ‘Ha ho na’ng ha motho a ana ka tempele, empa ha a anne ka gauda ea tempele, o tlamiloe.’ Ka ho hatisa haholo gauda ea tempele ho feta bohlokoa ba moea ba sebaka seo sa borapeli, ba senola bofofu ba bona boitšoarong.

Ka hona, joalokaha a ile a etsa pejana, Jesu o nyatsa Bafarisi ka ho hlokomoloha “lintho tsa bohlokoa tsa Molao: tōka, mohau le botšepehi” (TLP) athe ba lebisa tlhokomelo e khōlō tabeng ea ho lefa karolo ea leshome ea limela tseo e seng tsa bohlokoa.

Jesu o bitsa Bafarisi ‘batsamaisi ba lifofu, ba okolang monoang, empa ba metsa kamele!’ Ba okola monoang veineng ea bona, e seng feela hobane e le kokoanyana, empa hobane litšebeletsong ha e-⁠ea hloeka. Empa, ho hlokomoloha ha bona lintho tsa bohlokoa tsa Molao ho tšoana le ho metsa kamele, eo le eona e leng phoofolo e sa hloekang litšebeletsong. Mattheu 22:41–23:24, TLP; Mareka 12:35-40; Luka 20:41-47; Levitike 11:4, 21-24.

▪ Ke hobane’ng ha Bafarisi ba khutsitse ha Jesu a ba botsa ka seo Davida a se buileng ho Pesaleme ea 110?

▪ Ke hobane’ng ha Bafarisi ba etsa hore mekotlana ea bona e nang le Mangolo e be meholo le litjellane tse liaparong tsa bona li be khōlō?

▪ Jesu o fa barutuoa ba hae keletso efe?

▪ Ke khethollo efe ea bompoli eo Bafarisi ba e etsang, hona Jesu o ba nyatsa ka ho hlokomoloha lintho tsa bohlokoa joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela