Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • si maq. 95-100
  • Buka ea Bibele ea 18—Jobo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Buka ea Bibele ea 18—Jobo
  • “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LITABA TSE KA HARE TSA JOBO
  • LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
  • Botšepehi ba Jobo—Ke Hobane’ng ha Bo Tsoteha Hakaale?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Jobo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Jobo o Ile a Mamella—Le Rōna Re ka Mamella!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Jobo o Ile a Tlotlisa Lebitso la Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
si maq. 95-100

Buka ea Bibele ea 18​—Jobo

Mongoli: Moshe

Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Lefeelleng

Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 1473 B.C.E.

Nako e Akarelitsoeng: Lilemo tse fetang 140 pakeng tsa 1657 le 1473 B.C.E.

1. Lebitso la Jobo le bolela’ng, ’me buka ea Jobo e arabela lipotso life?

E’NGOE ea libuka tsa khale ka ho fetisisa tsa Mangolo a bululetsoeng! Buka e hlonepshoang ka ho fetisisa le e qotsoang hangata, empa e le eo batho ba sa e utloisiseng haholo. Ke hobane’ng ha buka ee e ile ea ngoloa, hona e na le molemo ofe ho rōna kajeno? Karabelo e bontšoa ho se boleloang ke lebitso la Jobo: “Ntho e Hloiloeng.” E, buka ena e tšohla lipotso tse peli tsa bohlokoa: Ke hobane’ng ha ba se nang molato ba hlokofatsoa? Ke hobane’ng ha Molimo o lumelletse bokhopo lefatšeng? Re na le tlaleho ea ho hlokofatsoa ha Jobo le mamello ea hae e khōlō eo re ka e hlahlobang ha re arabela lipotso tsena. Kaofela e ngotsoe fatše, feela joalokaha Jobo a ne a kōpile.—Jobo 19:23, 24.

2. Ke eng e pakang hore Jobo e ne e le motho oa sebele?

2 Jobo o se a amahanngoa le mamello le tiisetso. Empa na ho kile ha ba le motho ea bitsoang Jobo? Ho sa tsotellehe boiteko bohle ba Diabolose ba ho tlosa mohlala ona o phahameng oa botšepehi historing, karabelo e hlakile. Jobo e ne e le motho oa sebele! Jehova o ’molela ka lebitso hammoho le lipaki tsa Hae Noe le Daniele, tseo Jesu Kreste a ileng a lumela hore li kile tsa e-ba teng. (Ezek. 14:14, 20; bapisa le Mattheu 24:15, 37.) Sechaba sa boholo-holo sa Baheberu se ne se talima Jobo e le motho oa sebele. Mongoli oa Mokreste Jakobo o supa mohlala oa Jobo oa tiisetso. (Jak. 5:11) Ke mohlala oa sebele feela, eseng o iqapetsoeng, oo e neng e tla ba oa bohlokoa, o tla kholisa barapeli ba Molimo hore botšepehi bo ka bolokoa tlas’a maemo ’ohle. Ho feta moo, matla le boikutlo tse lipuong tse tlalehiloeng ho Jobo li tiisa hore boemo boo e ne e le ba sebele.

3. Ke bopaki bofe bo pakang ho bululeloa ha buka ea Jobo?

3 Hore buka ea Jobo ke tlaleho ea ’nete e bileng e bululetsoeng ho boetse ho pakoa ke hore ka mehla Baheberu ba boholo-holo ba ’nile ba e akarelletsa libukeng tsa bona tse amoheloang tsa Mangolo a halalelang a Bibele, e leng ’nete e tsotehang kaha Jobo ka boeena e ne e se Moiseraele. Ho phaella litšupisong tsa Ezekiele le Jakobo, moapostola Pauluse o qotsa bukeng eo. (Jobo 5:13, NW; 1 Ba-Kor. 3:19, NW) Bopaki bo matla ba ho bululeloa ha buka ena bo fanoa ke ho lumellana ha eona ho hlollang le linnete tse pakiloeng tsa saense. Ho ne ho ka tsejoa joang hore Jehova o “fanyehile lefatše holim’a lefeela,” ha baholo-holo ba ne ba e-na le likhopolo tse makatsang hakaale mabapi le hore na lefatše le tšehelitsoe joang? (Jobo 26:7, NW) Khopolo e ’ngoe e neng e lumeloa linakong tsa boholo-holo e ne e le hore lefatše le tšehelitsoe ke litlou tse emeng holim’a sekolopata se seholo sa leoatle. Ke hobane’ng ha buka ea Jobo e sa bontše khopolo e se nang kelello joalo? Ka ho hlakileng lebaka ke hore ’Mōpi Jehova o ile a senola ’nete ka pululelo. Litlhaloso tse ling tse ngata tsa lefatše le limakatso tsa lona le liphoofolo tse hlaha le linonyana le libaka tseo ka tlhaho li phelang ho tsona li nepahetse hoo e leng Jehova Molimo feela eo e neng e ka ba Moqapi oa buka ea Jobo esita le Ea e Bululetseng.a

4. Tšoantšiso ee e entsoe hokae hona neng, ’me ho ngoloa ha buka ea Jobo ho ne ho se ho phethiloe nakong efe?

4 Jobo o ne a phela Utse, eo ho latela litsebi tse ling tsa saense ea lefatše, e neng e le Arabia leboea haufi le naha eo Baedomo ba neng ba ahile ho eona ’me e le ka bochabela ho naha e neng e tšepisitsoe litloholo tsa Abrahama. Basabea ba ne ba le ka boroa, Bakalde ba le ka bochabela. (1:1, 3, 15, 17) Ho lekoa ha Jobo ho etsahetse nako e telele ka morao ho mehla ea Abrahama. E ne e le nakong ea ha ho ne ho se “motho ea joale ka [Jobo] lefatšeng, ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane.” (1:8) Ho bonahala eka ena ke nako e pakeng tsa lefu la Josefa (1657 B.C.E.), monna oa tumelo e ikhethang, le nako ea ha Moshe a qala tsela ea hae ea botšepehi. Jobo o ile a hlahella ka ho fetisisa borapeling ba ’nete nakong ena ea ho silafatsoa ha Iseraele ke borapeli ba bademona ba Egepeta. Ho feta moo, mekhoa e boletsoeng khaolong ea pele ea Jobo, le ho amoheloa ha Jobo ke Molimo e le morapeli oa ’nete, li supa linako tsa bapatriareka ho e-na le nako ea morao ea ho tloha ka 1513 B.C.E. ho ea pele, ha Molimo o ne o sebelisana le Iseraele feela tlas’a Molao. (Amose 3:2; Ba-Ef. 2:12) Ka hona, ha ho eloa hloko bophelo ba Jobo bo bolelele, ho bonahala eka buka ena e akaretsa nako e pakeng tsa 1657 B.C.E. le 1473 B.C.E., e leng selemo seo Moshe a shoeleng ka sona; buka eo e ile ea phethoa ke Moshe nakoana ka mor’a lefu la Jobo ha Baiseraele ba ntse ba le lefeelleng.—Jobo 1:8; 42:16, 17.

5. Ke eng e bontšang hore Jobo e ngotsoe ke Moshe?

5 Ke hobane’ng ha re re Moshe e ne e le eena mongoli? Sena se pakoa ke neano ea khale ka ho fetisisa, har’a litsebi tsa Bajode le tsa Bakreste ba pele. Mokhoa oa ho ngola o matla oa mongolo oa Seheberu o kang thothokiso o bontšang hore tlaleho eo ke ’nete o sebelisitsoeng bukeng ea Jobo o totobatsa hore pele e ne e hlophisitsoe ka Seheberu, puo ea Moshe. E ne e ke ke eaba e fetoletsoe ho tsoa puong e ’ngoe e kang Searabia. Hape, likarolo tse ngotsoeng ka tsela e tloaelehileng li tšoana haholo le Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele ho feta mengolo leha e le efe e meng e ka Bibeleng. E tlameha e be mongoli e ne e le Moiseraele, joalokaha Moshe e ne e le Moiseraele, hobane Bajode ba ne ba ‘tšepetsoe lipolelo tsa Molimo.’ (Ba-Roma 3:1, 2) Ha Moshe a se a hōlile, o ile a qeta lilemo tse 40 Midiane, e neng e le haufi le Utse, moo a neng a ka fumana boitsebiso bo qaqileng bo tlalehiloeng ho Jobo. Hamorao, ha a feta pel’a naha ea habo Jobo leetong la Iseraele la lilemo tse 40 lefeelleng, Moshe o ne a ka ithuta a ba a tlaleha lintlha tse qaqileng tse qetellang buka eo.

6. Ke lintlheng life moo buka ea Jobo e seng buka ea botsebi feela?

6 Ho latela The New Encyclopædia Britannica, buka ea Jobo e atisa ho “balelloa har’a lingoliloeng tsa lefatše tse ngotsoeng ke litsebi.”b Leha ho le joalo, buka eo hase mongolo feela oa setsebi. Jobo ea ikhetha har’a libuka tsa Bibele ka ho phahamisa matla, toka, bohlale, le lerato tsa Jehova. E bontša ka ho hlaka ho hoholo tseko ea sehlooho e talimaneng le bokahohle. E eketsa kutloisiso ho se sengata se boletsoeng libukeng tse ling tsa Bibele, haholo-holo Genese, Exoda, Moeklesia, Luka, Ba-Roma, le Tšenolo. (Bapisa Jobo 1:6-12; 2:1-7 le Genese 3:15; Exoda 9:16; Luka 22:31, 32; Ba-Roma 9:16-19 le Tšenolo 12:9; bapisa Jobo 1:21; 24:15; 21:23-26; 28:28 ka ho latellana le Moeklesia 5:15; 8:11; 9:2, 3; 12:13.) E fana ka likarabelo lipotsong tse ngata tsa bophelo. Ka sebele ke karolo ea bohlokoa ea Lentsoe la Molimo le bululetsoeng, leo e fanang ka tlatsetso e khōlō ho lona ka tsela ea kutloisiso e molemo.

LITABA TSE KA HARE TSA JOBO

7. Re fumana Jobo a le boemong bofe ha buka ee e qala?

7 Selelekela sa buka ea Jobo (1:1-5). Sena se re tsebisa Jobo, monna “ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe.” Jobo o thabile, o na le bara ba supileng le barali ba bararo. Ke mong’a polasi ea nang le leruo le leholo la lintho tse bonahalang ea nang le mehlape e mengata ea likhutšoane le liphoofolo tse khōlō. O na le bahlanka ba bangata ’me o “fetisa bana kaofela ba Bochabela ka boholo.” (1:1, 3) Leha ho le joalo, ha a na lerato la lintho tse bonahalang, kaha ha aa beha tšepo ea hae maruong a bonahalang. Ke morui hape moeeng, o ruile mesebetsi e metle, ka linako tsohle o ikemiselitse ho thusa motho ea mahlomoleng kapa tsietsing, kapa ho fana ka seaparo ho mang kapa mang ea se hlokang. (29:12-16; 31:19, 20) Bohle baa mo hlonepha. Jobo o rapela Molimo oa ’nete, Jehova. O hana ho khumamela letsatsi, khoeli, le linaleli joalokaha lichaba tsa bahetene li ne li etsa, empa o tšepahala ho Jehova, o boloka botšepehi ho Molimo oa hae ’me o thabela ho ba le kamano e haufi le Oona. (29:7, 21-25; 31:26, 27; 29:4) Jobo o sebeletsa e le moprista bakeng sa lelapa la hae, o nyehela licheso ka mehla, ha ba entse sebe.

8. (a) Ho tla joang hore Satane a phephetse botšepehi ba Jobo? (b) Jehova o amohela phephetso eo joang?

8 Satane o phephetsa Molimo (1:6–2:13). Ka mohlolo ho se bonahale hoa tlosoa kahoo re khona ho bona lintho tsa leholimo. Jehova o bonoa a okametse seboka sa bara ba Molimo. Satane le eena o teng har’a bona. Jehova o ba hlokomelisa mohlanka oa hae ea tšepahalang Jobo, empa Satane o phephetsa botšepehi ba Jobo, o etsa qoso ea hore Jobo o sebeletsa Molimo ka lebaka la melemo ea lintho tse bonahalang eo a e amohelang. Haeba Molimo o ka lumella Satane ho mo amoha lintho tsena, Jobo o tla koenehela botšepehi ba hae. Jehova o amohela phephetso ena, empa o etsa thibelo ea hore Satane a se ke a ama Jobo ka boeena.

9. (a) Jobo o oeloa ke liteko life tse boima? (b) Ke eng e pakang hore o boloka botšepehi?

9 Jobo ea sa belaelleng letho o qala ho oeloa ke litlokotsi tse ngata. Liphutuho tsa Basabea le Bakalde li mo amoha maruo a hae a maholo. Sefefo se bolaea bara le barali ba hae. Teko ena e boima e hlōleha ho etsa hore Jobo a rohake Molimo kapa a o koenehele. Ho fapana le hoo, o re, “Ho rorisoe lebitso la Jehova.” (1:21) Satane, a hlōlehile a bile a pakiloe e le raleshano tabeng ena, o boetse o itlhahisa ho Jehova ’me oa nģosa: “Letlalo ka letlalo! tsohle tseo motho a nang le tsona, a ka li ntšetsa bophelo ba hae.” (2:4) Satane o bolela hore haeba a ne a ka lumelloa ho ama ’mele oa Jobo, o ne a ka etsa hore Jobo a rohake Molimo pepenene. Satane, a lumelletsoe ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe empa feela a se ke a bolaea Jobo, o otla Jobo ka lefu le tšabehang. Nama ea hae e “apesitsoe ke libōkō le ke makhapa a mobu,” ’me ’mele oa hae le phefumoloho li nkhela mosali oa hae le beng ka eena hampe. (7:5; 19:13-20) Ho bontša hore Jobo ha aa roba botšepehi ba hae, mosali oa hae oa mo phehella: “Na u sa ntsane u khomaretse botšepehi ba hao? Rohaka Molimo ’me u shoe!” Jobo o mo khalemela ka thata ’me ha a “etse sebe ka molomo oa hae.”—2:9, 10, NW.

10. Satane o fana ka ‘matšeliso’ afe a khutso?

10 Joale Satane o hlahisa metsoalle e meraro, e tlil’o “tšelisa” Jobo. Ke Elifaze, Bildade, le Tsofare. Ha ba sa le thōko ha ba tsebe Jobo, empa joale ba phahamisa mantsoe a bona ’me baa lla ba bile ba ithunthetsa lihlooho ka lerōle. Ka mor’a moo ba lula fatše pel’a hae ha ba bue letho. Ka mor’a matsatsi le masiu a supileng a ‘matšeliso’ ana a khutso, qetellong Jobo o felisa khutso ka ho qala phehisano e telele pakeng tsa hae le bana bao e neng e tlil’o ba batšelisi ba hae.—2:11.

11-13. Jobo o qala phehisano joang, ’me Elifaze o etsa qoso efe, hona karabo ea Jobo e fanoang ka sefutho ke efe?

11 Phehisano: karolo ea pele (3:1–14:22). Ho tloha ntlheng ena ho ea pele, tšoantšiso e senoleha ka thothokiso e phahameng haholo ea Seheberu. Jobo o rohaka letsatsi leo a tsoetsoeng ka lona ’me o ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo o mo lumelletse hore a ’ne a phele.

12 Ha Elifaze a arabela, o nģosa Jobo ka ho hloka botšepehi. O phatlalatsa hore ha ho mohla ea lokileng a kileng a timela. O hopola pono ea bosiu eo ho eona lentsoe le ileng la ’molella hore Molimo ha o tšepe bahlanka ba oona, haholo-holo ba bōpiloeng ka letsopa feela, lerōle la lefatše. O bontša hore ho hlokofatsoa ha Jobo ke khalemelo e tsoang ho Molimo o Matla ’Ohle.

13 Ka sefutho Jobo o arabela Elifaze. O bokolla joalokaha sebōpuoa sefe kapa sefe se mahlorisong kapa mahlomoleng se ne se tla bokolla. Lefu e ne e tla ba topollo. O nyatsa metsoalle ea hae ka hore e be e mo reretse bora ’me oa ipelaetsa: “Nthuteng, ke tla khutsa; le ntlhalosetse moo ke fositseng.” (6:24) Jobo o pheha khang ea hore o lokile pel’a Molimo, “Molemohi oa batho.”—7:20.

14, 15. Khang ea Bildade ke efe, ’me ke hobane’ng ha Jobo a tšaba hore Molimo ha o na ho utloa nyeoe ea hae?

14 Joale Bildade o pheha khang ea hae, o fana ka maikutlo a hore bara ba Jobo ba sitiloe le hore Jobo ka boeena ha aa loka, ho seng joalo Molimo o ne o tla mo utloa. O laela Jobo hore a talime melokong e fetileng le linthong tseo bo-ntat’a bona moholo ba neng ba li batla e le tataiso.

15 Jobo oa arabela, o bolela hore Molimo ha o hloke toka. Esita le hore Molimo ha oa lokela ho ikarabella ho motho, hobane O “etsa lintho tse kholo, tse sa fihleloeng, lintho tse makatsang, tse sa baloeng.” (9:10) Jobo a ke ke a hlōla ntoa khahlanong le Jehova ha a ka iketsa mohanyetsi oa hae molaong. A ka rapella mohau oa Molimo feela. Leha ho le joalo, na ho na le molemo oa letho oa ho batla ho etsa se nepahetseng? “O senya ea se nang molato le ea nang le molato.” (9:22) Ha ho kahlolo e lokileng lefatšeng. Jobo o tšaba hore esita le ho Molimo nyeoe ea hae ha e na ho utloahala. O hloka mokena-lipakeng. O botsa hore na ke hobane’ng ha a lekoa ’me o rapela Molimo ka tieo hore o hopole hore o entsoe “ka letsopa.” (10:9) O ananela liketso tse mosa tsa Molimo tsa nakong e fetileng, empa o re Molimo o tla halefa ka ho eketsehileng haeba a pheha khang, esita le hoja a nepile. Hoja o ne a ka mpa a shoa!

16, 17. (a) Tsofare o fana ka keletso efe ea boikakaso? (b) Jobo o ahlola ‘batšelisi’ ba hae joang, ’me o bontša kholiseho efe e matla?

16 Joale Tsofare o kenella phehisanong. Ha e le hantle, o re: Na re bana, hoo re ka mamelang puo ea bosaoana? U re u hlile u hloekile, empa hoja feela Molimo o ne o ka bua, o ne o tla senola molato oa hao. O botsa Jobo: “Na u ka fihlela litaba tse tebileng tsa Molimo na?” (11:7) O eletsa Jobo hore a lahle mekhoa e senyang, hobane ba etsang sena ba tla amohela mahlohonolo, athe “mahlo a ba bolotsana a tingoa.”—11:20.

17 Jobo o bokolla ka ho bua mantsoe a matla a hlabang: “Ka ’nete, lōna le banna! ’me bohlale bo ea shoa le lōna!” (12:2) E ka ’na ea e-ba ea songoang, empa ha a boemong bo tlaasana. Hoja metsoalle ea hae e ne e ka talima lintho tse bōpiloeng ke Molimo, esita le lintho tsena li ne li tla e ruta ho hong. Matla le bohlale bo sebetsang ke tsa Molimo, o laolang lintho tsohle, esita le ho “atisa lichaba, o boele o li senye.” (12:23) Jobo o thabisoa ke ho ipuella ho Molimo, empa ha e le ‘batšelisi’ ba hae ba bararo—“lōna, le balohi ba mashano, kaofela ha lōna le lingaka tse se nang molemo.” (13:4) Ba ne ba tla be ba le bohlale haeba ba ne ba ka lula ba khutsitse! O bontša ho kholiseha ka hore o lokile ’me o bitsa Molimo hore o mo utloe. O retelehela khopolong ea hore “motho ea tsoetsoeng ke mosali o na le matsatsi a se makae, ’me o khotše litsietsi.” (14:1) Motho o feta ka potlako, joaloka thunthung kapa seriti. U ke ke ua hlahisa motho ea hloekileng ho motho ea litšila. Ha Jobo a rapella hore Molimo o ’moloke sephiring Sheol ho fihlela khalefo ea Oona e feta, oa botsa: “Haeba motho ea phelang hantle ’meleng a e-shoa na a ka phela hape?” Ha a arabela o senola tšepo e matla: “Ke tla leta, ho fihlela topollo ea ka e e-tla.”—14:13, 14, NW.

18, 19. (a) Elifaze o qala karolo ea bobeli ea phehisano ka ho soma hofe? (b) Jobo o talima ‘matšeliso’ a metsoalle ea hae joang, ’me o talima ho Jehova ho fumana eng?

18 Phehisano: karolo ea bobeli (15:1–21:34). Ha Elifaze a qala phehisano ea bobeli, o soma tsebo ea Jobo, o re o ‘tlatsitse mpa ea hae moea oa bochabela.’ (15:2, NW) O boetse o nyefola ho ipolela ha Jobo hore oa tšepahala, o bolela hore ha ho motho ea shoang esita le bona bahalaleli ba maholimong ea ka bang le tumelo mahlong a Jehova. Ka tsela e sa tobang o nģosa Jobo ka ho leka ho iponahatsa a phahametse Molimo le ka ho ba mokoenehi, ho ntša tjotjo, le ho qhekella.

19 Jobo o arabela ka hore metsoalle ea hae ke ‘batšelisi ba khathatsang ba buang lipolelo tsa lefeela.’ (16:2, 3) Hoja ba ne ba le boemong ba hae, o ne a ke ke a ba buisa mantsoe a bohloko. O laba-labela ho lokafatsoa haholo, ’me o talimile ho Jehova, ea nang le tlaleho ea hae le ea tla etsa qeto ka nyeoe ea hae. Jobo ha a fumane bohlale ba letho ho metsoalle ea hae. E felisa tšepo eohle. ‘Matšeliso’ a eona a tšoana le ho re bosiu ke motšehare. Tšepo feela ke ‘ho theohela Sheol.’—17:15, 16, NW.

20, 21. Bildade o bontša ho hlabeha hofe, Jobo o ipelaetsa ka eng, ’me Jobo o bontša hore o behile tšepo ea hae hokae?

20 Khang ea phahama. Joale Bildade o se a hlabehile, hobane o ikutloa hore Jobo o bapisitse metsoalle ea hae le libatana tse se nang kutloisiso. O botsa Jobo, ‘Na lefatše le tla fetoha lefeella ka baka la hao?’ (18:4) O lemosa Jobo hore o tla oela lerabeng le tšabehang, e be mohlala ho ba bang. Jobo a ke ke a ba le bana ba tla sala ba ntse ba phela.

21 Jobo oa arabela: “Le tla ’ne le hlokofatse moea oa ka, le ho nthuhakanya ka lipolelo tsa lōna ho isa kae?” (19:2) O lahlehetsoe ke lelapa le metsoalle, mosali oa hae le ba ntlo ea hae ba mo furalletse, ’me o pholohile feela ‘ka letlalo la meno a hae.’ (19:20) O tšepa hore ho tla hlaha molopolli ea tla mo rarollela tseko, e le hore qetellong a tle a ‘bone Molimo.’—19:25, 26.

22, 23. (a) Ke hobane’ng ha Tsofare a ikutloa a hlabehile, hona o re’ng ka libe tseo Jobo a nģosoang ka tsona? (b) Jobo o arabela ka khang efe e emisang motho hlooho?

22 Joaloka Bildade, Tsofare o ikutloa a hlabehile ka lebaka la ho mamela “khothatso e rohakanang” ea Jobo. (20:3, NW) O boetse o bolela hore Jobo o tšoeroe ke libe tsa hae. Tsofare o re ka mehla ba khopo ba fumana kotlo e tsoang ho Molimo, ’me ha ba na phomolo, esita le ha ba thabela katleho.

23 Jobo o arabela ka khang e emisang motho hlooho: Haeba ka mehla Molimo o otla ba khopo joalo, ke hobane’ng ha ba khopo ba tsoela pele ho phela, ba tsofala, ’me ba feta ba bang ka leruo? Ba qeta litšiu tsa bona linakong tse monate. Ke hangata hakae ba tleloang ke tlokotsi? O bontša hore barui le bafutsana ba shoa ka ho tšoana. Ha e le hantle, hangata motho ea khopo o shoa “a iketlile, a e-na le khotso e monate,” ha motho ea lokileng a ka ’na a shoela “mahlomoleng a moea oa hae.”—21:23, 25.

24, 25. (a) Ka ho itokafatsa Elifaze o etselletsa Jobo ka leshano lefe? (b) Ha Jobo a arabela o etsa khanyetso le phephetso life?

24 Phehisano: karolo ea boraro (22:1–25:6). Elifaze o arabela tlhaselo eo ka mantsoe a hlabang, o soma ho ipolela ha Jobo hore ha a na molato pel’a Ea Matla ’Ohle. O etselletsa Jobo ka leshano, o bolela hore o mobe, o hanyapelitse bafutsana, o timme ba lapileng bohobe, ’me o hlekefelitse bahlolohali le likhutsana. Elifaze o bolela hore bophelo ba Jobo ha a le sephiring ha boa hloeka joalokaha a bolela ’me sena ke sona se fanang ka lebaka la boemo bo bobe ba Jobo. Elifaze oa pheta-pheta, empa “ha u ka khutlela ho Ea matla ’ohle, . . . o tla u utloa.”—22:23, 27.

25 Ha Jobo a arabela, o hanyetsa qoso ea Elifaze e sa nahaneleng, o re o lakatsa hore nyeoe ea hae e mameloe ke Molimo, o elang hloko tsela ea hae e lokileng. Ho na le ba hatellang khutsana, mohlolohali, le bafutsana le ba bolaeang, ba utsoang, le ba febang. Ba ka ’na ba bonahala ba atleha ka nakoana, empa ba tla fumana moputso oa bona. Ba tla felisoa. Jobo oa phephetsa: “Ha ekaba ha ho joalo, ke mang ea ka mpontšang ha ke le leshano?”—24:25.

26. Ke hofe ho eketsehileng hoo Bildade le Tsofare ba ho buang?

26 Bildade o arabela sena hakhutšoanyane, o ntšetsa pele khang ea hae ea hore ha ho motho ea ka hloekang pel’a Molimo. Tsofare o hlōleha ho kenella karolong ena ea boraro. Ha a na letho leo a ka le buang.

27. Joale Jobo o phahamisa boholo ba Ea Matla ’Ohle joang?

27 Khang ea ho qetela ea Jobo (26:1–31:40). Puong ea hae ea ho qetela, Jobo o khutsisa metsoalle ea hae ka ho felletseng. (32:12, 15, 16) Ka tsela e ‘phoqang’ haholo o re: “U thusitse hakakang ea se nang matla! . . . U elelitse hakakang ea hlokang hlalefo!” (26:2, 3) Leha ho le joalo, ha ho letho, esita le eona Sheol, le ka patang eng kapa eng mahlong a Molimo. Jobo o hlalosa bohlale ba Molimo bo sepaka-pakeng, lefatšeng, marung, leoatleng, le moeeng—tseo kaofela motho a li lemohileng. Ena ke mehlala feela ea litsela tsa Ea Matla ’Ohle. Li hoeshetsa hanyenyane feela boholo ba Ea Matla ’Ohle.

28. Jobo o bua polelo efe e tobileng ka botšepehi?

28 A kholisehile hore ha a na molato, oa phatlalatsa: “Ho fihlela ke e-shoa nke ke ka ikamoha botšepehi ba ka!” (27:5, NW) Che, Jobo ha aa etsa letho le tšoaneloang ke se mo oetseng holimo. Ho fapana le liqoso tsa bona, Molimo o tla putsa botšepehi ka ho bona hore lefa la lintho tseo ba khopo ba li bolokileng katlehong ea bona le jeoa ke ba lokileng.

29. Jobo o hlalosa bohlale joang?

29 Motho o tseba moo matlotlo a lefatše (silevera, gauda, koporo) a tsoang teng, empa “bohlale bo tsoa kae?” (28:20) O bo batlile har’a ba phelang; o bo batlile leoatleng; bo ke ke ba rekoa ka gauda kapa silevera. Molimo ke oona o utloisisang bohlale. O bona ho isa lipheletsong tsa lefatše le maholimo, o abela moea le metsi libaka tsa tsona, ’me o laola pula le maru a sefefo. Jobo o qetella ka hore: “Bona, ho tšaba Morena ke bona bohlale; ho sesefa bobe ke eona kutloisiso.”—28:28.

30. Jobo o lakatsa ho khutlisetsoa boemong bofe, empa o boemong bofe hona joale?

30 Ka mor’a moo Jobo ea mahlomoleng o fana ka histori ea bophelo ba hae. O lakatsa ho khutlisetsoa boemong ba hae ba pele ba ho ba haufi-ufi le Molimo, nakong eo ka eona esita le baeta-pele ba motse ba neng ba mo hlompha. E ne e le molopolli oa ea mahlomoleng ebile e le mahlo a lifofu. Keletso ea hae e ne e le molemo, ’me batho ba ne ba emela ho utloa mantsoe a hae. Empa joale, ho e-na le ho ba boemong bo hlomphehang, o tšehoa esita le ke ba banyenyane lilemong, bao bo-ntat’a bona ba neng ba sa tšoanelehe esita le ho lula le lintja tsa mohlape oa hae. Ba mo tšoela ka mathe ’me baa mo hanyetsa. Joale, mahlomoleng a hae a maholo ka ho fetisisa, ha ba mo fe phomolo.

31. Jobo o bontša hore o tšepile kahlolo ea mang, ’me o re’ng ka tlaleho ea ’nete ea bophelo ba hae?

31 Jobo o itlhalosa e le monna ea inehetseng ’me o kōpa hore a ahloloe ke Jehova. “O tla ntekanya sekaleng se nepang ’me Molimo o tla tseba botšepehi ba ka.” (31:6, NW) Jobo o buella liketso tsa hae tsa nako e fetileng. Ha e-ea ka ea ba mofebi, kapa ea rerelang ba bang bobe. Ha aa ka a hlokomoloha ho thusa ba hlokang. Ha aa ka a tšepa leruo la lintho tse bonahalang, le hoja a ne a ruile. Ha aa ka a rapela letsatsi, khoeli, le linaleli, hobane “le teng e be e tla ba sebe se tšoanetseng ho otloa ke baahloli, hobane ho etsa joalo ke ho latola Molimo o phahameng.” (31:28) Jobo o mema ea mo hanyetsang molaong hore a etse liqoso khahlanong le tlaleho ea ’nete ea bophelo ba hae.

32. (a) Joale ke mang ea buang? (b) Ke hobane’ng ha khalefo ea Elihu e tukela Jobo le metsoalle ea hae, ’me ke eng e mo susumelletsang ho bua?

32 Elihu oa bua (32:1–37:24). Khabareng, Elihu, setloholo sa Buze, mor’a Nakore, eo ka lebaka leo e leng mong ka Abrahama eo ba sa amaneng haufi, o ne a ntse a mametse phehisano eo. O letile ka lebaka la boikutlo ba hore ba baholo lilemong ba lokela ho ba le tsebo e kholoanyane. Leha ho le joalo, hase lilemo tse fanang ka kutloisiso empa ke moea oa Molimo. Khalefo ea Elihu e tukela Jobo ka lebaka la “ho ipolela a lokile ka boeena ho fapana le Molimo,” empa e tukela metsoalle e meraro ea Jobo le ho feta ka lebaka la ho hloka bohlale ha eona ho soabisang ha e phatlalatsa hore Molimo o khopo. Elihu o “tletse mantsoe,” ’me moea oa Molimo o mo susumelletsa ho senola mantsoe ana empa a se etse hoo ka leeme kapa ‘ho fana ka litlotla ho motho oa lefatše.’—Jobo 32:2, 3, 18-22, NW; Gen. 22:20, 21.

33. Jobo o fositse hokae, empa Molimo o tla ’montša mohau ofe?

33 Elihu o bua ka tieo, o lumela hore Molimo ke ’Mōpi oa hae. O bontša hore Jobo o ile a ameha haholo ka ho itlosa molato ho feta ho o tlosa ho Molimo. Ho ne ho sa hlokahale hore Molimo o arabele mantsoe ’ohle a Jobo, joalokaha eka O ne o lokela ho lokafatsa liketso tsa Oona, empa Jobo o ne a phehisitse Molimo khang. Leha ho le joalo, ha sephefumolohi sa Jobo se se se le haufi le ho shoa, Molimo o mo hauhela ka ho mo romela lenģosa, le reng: “‘Mo hauhele, a se theohele lebitleng, hobane ke se ke mo fumanetse se mo lopollang.’ Nam’a hae e tla nchafala, e tšoane le ea lesea, a okōlōhe, a tšoane le mehleng ea bocha ba hae.” (Jobo 33:24, 25, BPN) Ba lokileng ba tla nchafatsoa!

34. (a) Elihu o fana ka likhalemelo life tse eketsehileng? (b) Ho e-na le hore Jobo a phahamise ho loka ha hae, o lokela ho etsa’ng?

34 Elihu o bitsa ba bohlale hore ba mamele. O khalemela Jobo ka lebaka la ho bolela hore ho ba ’moloki oa botšepehi ha ho na molemo: “Molimo o ke ke oa etsa bobe le ho leka; Ea matla ’ohle ha ho kamoo a ka etsang bokhopo! Empa o busetsa ho motho ho lekanang le mesebetsi ea hae.” (34:10, 11) O ka tlosa phefumoloho ea bophelo, ’me nama eohle e tla shoa. Molimo o ahlola ka ho hloka leeme. Jobo o ile a etelletsa ho loka ha hae pele haholo. O bile lepotla-potla, le hoja e ne e se ka boikemisetso, empa e le ka ho “hloka tsebo”; ’me Molimo o ’montšitse mamello. (34:35, NW) Ho hlokahala hore ho boleloe ho eketsehileng ho tlosa qoso ho Molimo. Molimo o ke ke oa tlosa mahlo a oona ho ba lokileng, empa o tla ba khalemela. “Ha o boloke bophelo ba molotsana; o ahlolela ba tujoang.” (36:6) Kaha Molimo ke Morupeli ea phahameng ka ho fetisisa, Jobo o lokela ho tlotlisa mosebetsi oa Oona.

35. (a) Ke eng eo Jobo a lokelang ho e ela hloko? (b) Ke bo-mang bao Jehova a tla bontša mohau ho bona?

35 Tikolohong e tšosang ea sefefo se atamelang, Elihu o bua ka lintho tse khōlō tseo Molimo o li entseng le ho laola ha Oona matla a tlhaho. O re ho Jobo: “Khutsa, u k’u nahane limakatso tsa Molimo!” (37:14, BPN) Nahana ka phatsimo e kang gauda le ho hlompheha ho tšosang ha Molimo, tse hōle haholo le seo motho a ka se utloisisang. “O phahame ka matla, le toka, ’me khaphatseho ea ho loka ha a na ho e nyenyefatsa.” E, Jehova o tla talima ba mo tšabang, eseng ba “hlalefileng lipelong tsa bona.”—37:23, 24, NW.

36. Joale Jehova o ruta Jobo ka lintho life le ka letoto lefe la lipotso?

36 Jehova o arabela Jobo (38:1–42:6). Jobo o ne a kōpile Molimo hore o bue le eena. Joale ka mohlolo Jehova o mo arabela a le sefefong. O botsa Jobo letoto la lipotso tseo ka botsona li fanang ka thuto ea bonyenyane ba motho le boholo ba Molimo. “U no u le kae, mohla ke theang lefatše? . . . Ke mang ea beileng lejoe la ntlha ea lona, mohla linaleli tsa meso li ntšang mehoo ea thabo, le bara bohle ba Molimo ba binang ka nyakallo?” (38:4, 6, 7) Hoo ho etsahetse khale koana pele ho nako ea Jobo! Ka tatellano, ho phahamisoa lipotso tseo Jobo a ke keng a li arabela, ha Jehova a supa leoatle la lefatše, ho koaheloa ha lona ke maru, mafube, likhoro tsa lefu, le khanya le lefifi. “Na u fumane tsebo kahobane ka nako eo u ne u ntse u tsoaloa, le kahobane matsatsi a hao a mangata ka palo?” (38:21, NW) Ho thoe’ng ka meliko ea lehloa le sefako, sefefo le pula le phoka, leqhoa le serame se lalang, melala e matla ea linaleli tsa leholimo, mahalima le mealo ea maru, le libatana le linonyana?

37. Jobo o kokobetsoa ke lipotso life tse eketsehileng, ’me o tlameha ho amohela’ng le ho etsa’ng?

37 Ka boikokobetso Jobo oa lumela: “Bona, ke motho feela, nka re’ng ho uena? Ke bea letsoho la ka molomong.” (40:4) Jehova o laela Jobo hore a talimane le tseko. O botsa letoto le leng la lipotso tse phephetsang tse phahamisang ho hlompheha ha hae, boholo, le matla, tse bonahatsoang linthong tsa tlhaho tseo a li bōpileng. Esita le Behemothe le Leviathane li matla haholo ho feta Jobo! Jobo a kokobelitsoe ka ho felletseng, o amohela hore o bile le pono e fosahetseng ea litaba, ’me o lumela hore o buile ka ho hloka tsebo. Ha a bona Molimo joale, ka kutloisiso eseng ka ho utloa ka bo-bare, oa inyatsa ’me o bakela “lerōleng le moloreng.”—42:6.

38. (a) Jehova o qetella joang ka Elifaze le metsoalle ea hae? (b) O tšollela Jobo mohau ofe le tlhohonolofatso efe?

38 Kahlolo le tlhohonolofatso tsa Jehova (42:7-17). Ka mor’a moo Jehova o qosa Elifaze le metsoalle ea hae e ’meli ka ho bua lintho tseo e seng ’nete ka Eena. Ba tlameha ho fana ka mahlabelo ’me ba kōpe Jobo hore a ba rapelle. Ka mor’a sena, Jehova o tlosa boemo ba khatello ba Jobo, o mo hlohonolofatsa habeli. Banab’abo, le bao e neng e le metsoalle ea hae pele ba khutlela ho eena ka limpho, ’me o hlohonolofatsoa ka linku, likamele, likhomo, le liesele tse tšehali tse fetang habeli tseo a neng a e-na le tsona pele ka bongata. O boetse o ba le bana ba leshome, barali ba hae ba bararo ke bona basali ba batle ho feta bohle naheng eo. Bophelo ba hae bo lelefatsoa ka mohlolo ka lilemo tse 140, kahoo o bona meloko e mene ea litloholo tsa hae. O shoa “a tsofetse, a atetsoe ke matsatsi.”—42:17.

LEBAKA LEO E LENG MOLEMO

39. Buka ea Jobo e phahamisa Jehova le ho mo tlotlisa ka litsela life tse fapa-fapaneng?

39 Buka ea Jobo e phahamisa Jehova ’me e paka bohlale le matla tsa hae tse ke keng tsa lekanngoa. (12:12, 13; 37:23) Bukeng ena e le ’ngoe, ho buuoa ka Molimo e le Ea Matla ’Ohle ka makhetlo a 31, e leng makhetlo a mangata ho feta ao a bitsoang joalo ka ’ona likarolong tse ling kaofela tsa Mangolo. Tlaleho ena e phahamisa ho hloka qalo le qetello ha oona le boemo ba oona bo phahameng (10:5; 36:4, 22, 26; 40:2; 42:2) hammoho le toka ea oona, mosa o lerato, le mohau (36:5-7; 10:12, NW; 42:12). E hatella ho tlosoa ha qoso ho Jehova ho feta ho bolokeha ha motho. (33:12; 34:10, 12; 35:2; 36:24; 40:8) Jehova, Molimo oa Iseraele, o bontšoa hape e le Molimo oa Jobo.

40. (a) Buka ea Jobo e tlotlisa mesebetsi ea pōpo ea Molimo le ho e hlalosa joang? (b) Ke joang e fanang ka lehlaseli la lithuto tsa Mangolo a Segerike a Bokreste e bileng e lumellanang le tsona?

40 Tlaleho ea Jobo e tlotlisa mosebetsi oa pōpo oa Molimo e bile ea o hlalosa. (38:4–39:30; 40:15, 19; 41:1; 35:10) E lumellana le polelo ea Genese ea hore motho o entsoe ka lerōle le hore o khutlela ho lona. (Jobo 10:8, 9; Gen. 2:7; 3:19) E sebelisa mantsoe “molopolli,” ‘topollo,’ le “boela a phela,” ka hona e fana ka lehlaseli la lithuto tse hlahelletseng ka Mangolong a Segerike a Bokreste. (Jobo 19:25; 33:24; 14:13, 14) Lipolelo tse ngata tsa buka ena ke tseo baprofeta le bangoli ba Bakreste ba ’nileng ba li qotsa kapa ba bua tse ling tse tšoanang le tsona. Ka mohlala, bapisa Jobo 7:17—Pesaleme ea 8:4; Jobo 9:24, NW—1 Johanne 5:19; Jobo 10:8—Pesaleme ea 119:73; Jobo 12:25—Deuteronoma 28:29; Jobo 24:23—Liproverbia 15:3; Jobo 26:8—Liproverbia 30:4; Jobo 28:12, 13, 15-19—Liproverbia 3:13-15; Jobo 39:30—Mattheu 24:28.c

41. (a) Ke litekanyetso life tsa puso ea Molimo tse hatisoang ho Jobo? (b) Ke ntlheng efe moo mohlanka oa Molimo Jobo a hlahellang e le mohlala o motle bakeng sa rōna kajeno?

41 Litekanyetso tsa Jehova tse lokileng bakeng sa ho phela li boletsoe likarolong tse ngata. Ka matla buka ena e nyatsa lerato la lintho tse bonahalang (Jobo 31:24, 25), borapeli ba melimo ea litšoantšo (31:26-28), bofebe (31:9-12), ho thabela bobe (31:29), ho hloka toka le ho ba leeme (31:13; 32:21), boikhabi (31:16-21) le bolotsana le ho bua leshano (31:5), e bontša hore motho ea etsang lintho tsena a ke ke a fumana mohau oa Molimo le bophelo bo sa feleng. Elihu ke mohlala o motle oa tlhompho e tebileng le boikokobetso, hammoho le ho hloka tšabo, sebete, le ho tlotlisa Molimo. (32:2, 6, 7, 9, 10, 18-20; 33:6, 33) Ho sebelisa bohlooho ha Jobo ka boeena, ho nahanela lelapa la hae, le ho amohela baeti ka mofuthu le tsona li fana ka thuto e molemo. (1:5; 2:9, 10; 31:32) Leha ho le joalo, Jobo o hopoloa haholo-holo ka lebaka la ho boloka botšepehi ha hae le ho tiisetsa ka mamello, ’me o behile mohlala o ipakileng e le tšehetso e matlafatsang tumelo bakeng sa bahlanka ba Molimo ho theosa le lilemo haholo-holo linakong tsena tse lekang tumelo. “Le utloile mamello ea Jobo, ’me le bone tsa qetello ea Morena; hobane Morena o tletse mohau le lereko.”—Jak. 5:11.

42. Tseko ea motheo ea ’Muso e hlakisoang ho Jobo ke efe, ’me ho hlalosoa likarolo life tse thahasellisang tsa tseko ee?

42 Jobo e ne e se karolo ea peō ea Abrahama ea neng a fuoe litšepiso tsa ’Muso, empa tlaleho ea botšepehi ba hae e etsa ho hongata ho hlakisa kutloisiso ea merero ea Jehova ea ’Muso. Buka ena ke karolo ea bohlokoahali ea tlaleho ea bomolimo, kaha e senola tseko ea motheo e pakeng tsa Molimo le Satane, e akarelletsang botšepehi ba motho ho Jehova joaloka ’Musi oa hae. E bontša hore mangeloi, a bōpiloeng pele ho lefatše le motho, le ’ona ke bashebelli ’me a thahasella lefatše lena le phello ea tseko haholo. (Jobo 1:6-12; 2:1-5; 38:6, 7) E bontša hore tseko e bile teng pele ho mehla ea Jobo le hore Satane ke motho oa sebele oa moea. Haeba buka ea Jobo e ngotsoe ke Moshe, lena ke lekhetlo la pele leo polelo has·Sa·tanʹ e hlahang ka lona tabeng e ngotsoeng ka Seheberu ka Bibeleng, e leng ho tsebahatsang “noha ea tšimolohong” ka ho eketsehileng. (Jobo 1:6, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe; Tšen. 12:9, NW) Buka ena e boetse e paka hore Molimo hase oona o bakang ho hlokofatsoa, ho kula, le ho shoa ha batho, empa e hlalosa hore na ke hobane’ng ha ba lokileng ba hlorisoa, ha ba khopo hammoho le bokhopo ba lumelletsoe ho tsoela pele. E bontša hore Jehova o thahasella ho tsamaisa tseko ena ho fihlela tharollong ea eona ea ho qetela.

43. Tumellanong le lintho tse senotsoeng ke Molimo bukeng ea Jobo, bohle ba batlang mahlohonolo a ’Muso oa Molimo ba tlameha ho latela tsela efe hona joale?

43 Joale ena ke nako eo ka eona bohle ba batlang ho phela tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo ba tlamehang ho arabela Satane, “monģosi,” ka tsela ea bona ea botšepehi. (Tšen. 12:10, 11) Esita le har’a ‘liteko tse makatsang,’ baboloki ba botšepehi ba tlameha ho tsoela pele ho rapella hore lebitso la Molimo le halaletsoe le hore ’Muso oa oona o tle ’me o robokele Satane le peō eohle ea hae e somang hore ba se hlole ba e-ba teng. Leo e tla ba ‘letsatsi la Molimo la ho futuha le la ntoa,’ le tla lateloa ke topollo le mahlohonolo tseo Jobo a neng a tšepile ho ba le kabelo ho tsona.—1 Pet. 4:12; Matt. 6:9, 10; Job. 38:23; 14:13-15.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 280-1, 663, 668, 1166; Moq. 2, maqephe 562-3.

b 1987, Moq. 6, leqephe 562.

c Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 83.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela