Katoloso Bethele e Tsoela Pele
1 Mona Afrika e ka boroa, joaloka libakeng tse ling lefatšeng, mosebetsi oa boboleli ba ’Muso o hōla ho ea ho ile. Ke Jehova ea ikarabellang bakeng sa keketseho, joalokaha moapostola Pauluse a ile a hlalosa: “’Na, ke hlomile, Apollose eena o noselitse, empa Molimo ke oona o melisitseng.” (1 Ba-Kor. 3:6) Kahoo tlhompho le tlotliso eohle bakeng sa ho potlakisa mosebetsi li ea ho Ntate oa rōna, Jehova.—Esa. 60:22.
2 Khōlo e bile e ngata hoo lekala la rōna le leng tlas’a khatello ea ho khahlametsa keketseho e sa khaotseng. Joalokaha u bona litšoantšong tse leng maqepheng a bohareng a kenyelletso ena, re atolositse sebaka sa bolulo hape re hahile ntlo e ncha e khōlō ea polokelo ka lebaka la lintho tse eketsehileng tse romelloang makaleng a mang. Empa hona ke qalo feela ea lenaneo la kaho. Ho hlokahala ho hongata haholo.
3 Ka hona Sehlopha se Busang se amohetse hore ho ka eketsoa mehaho e meng e ’meli ea bolulo e nang le likamore tse 64 mohaho ka mong; hore ho ka atolosoa mohaho oa liofisi ka mekato e ’meli; le ho atolosa ntlo ea ho jela, kichine, le moo ho hlatsuoang liaparo. Ntlo ea ho jela e tla khona ho nka batho ba 1 000. Sena se tla nolofatsa lintho bakeng sa keketseho e potlakileng ea lelapa la Bethele. Le sebaka sa khatiso se tla lokela ho atolosoa bonyane ka karolo ea 50 lekholong.
4 Ke hobane’ng ha ho hlokahala katoloso ena eohle? Lekala la Afrika Boroa le phetha karolo ea bohlokoa khōlong ea mosebetsi. Mona ho hatisoa limakasine, libukana tse lekanang le makasine, lipampitšana, le liforomo bakeng sa makala ’ohle a leng Afrika e ka boroa, esita le bakeng sa a mang a leng Afrika bohareng. Ha mehaho e mecha ea lekala e ne e neheloa ka March 1987, ho ne ho hatisoa litokollo tse 29 tsa limakasine ka khoeli. Hona joale ho hatisoa litokollo tse 51 ka khoeli. Lipalo tsa limakasine tse hatisoang li eketsehile ho tloha ho ho batlang e le ka holimo ho limilione tse 8 ho ea ho limilione tse ka bang 11,5 ka selemo. Re boetse re qalile ho hatisa limakasine tsa Molula-Qhooa tsa lipuo tsohle tsa sebaka sena ka nako e tšoanang le Senyesemane. Ho akarelletsa le limakasine, kakaretso ea palo ea lintho tseo re li hatisang e feta limilione tse tharo khoeli ka ’ngoe! Lilemong tsa morao tjena ho ’nile ha lokolloa likhatiso tse ncha ka nako e tšoanang likopanong. Ka mohlala, Likopanong tsa “Thuto ea Bomolimo” buka Baboleli e ile ea lokolloa ka lipuo tse supileng ntle ho Senyesemane. Ona e bile mosebetsi o moholo ka ho fetisisa o ileng oa hloka lihora tse ngata tsa ho sebetsa ka mor’a linako tse tloaelehileng tsa mosebetsi mantsiboea le mafelo-beke. Ho phaella moo, New World Translation e ntse e fetoleloa ka lipuo tse ’maloa tsa sebakeng sena. Sena sohle se entse hore Lefapha la Phetolelo le eketsehe ho tloha ho bafetoleli ba ka bang 40 ka 1987 ho ea ho ba fetang 100 hona joale. Ha e le hantle, ha hajoale, re na le Lefapha la Phetolelo le leholo ka ho fetisisa lefatšeng. Lintlha tsena kaofela li re tlama ho atolosa mehaho ea rōna.
5 Ho phaella ho se ka holimo, lekala la Afrika Boroa le thusa makala a haufi ka merero ea ’ona ea kaho. Hona joale Mozambique le Madagascar li haha makala a macha. Haufinyane Zimbabwe, Zaire, le Kenya li tla qala. Thepa ea kaho e lokela ho rekoa le ho isoa kapa ho romeloa linaheng tsena. Ka hona, ho hlokahala Mafapha a maholo a tsa Theko le Thomello. Ho sebelisoa literaka tse hlano tse khōlō ho isa thepa makaleng a mang.
6 U ka etsa eng ho thusa? Keketseho ena eohle e bolela hore ho na le mosebetsi o moholo o larileng ka pele ho rōna. Sepheo sa rōna ke ho phetha mosebetsi ona lilemong tse tlang tse ’nè kapa tse hlano, ’me ka tlhohonolofatso ea Jehova re ka ho etsa. Bohle re ka thusa joang?
7 Batho bao ho nang le lintho tseo ba li tsebang ka ho khetheha: Na u na le tsebo ea ho sebetsa ka mechine e meholo, ho kenya carpet, concrete forming le finishing, ho kenya lithaele tsa letsopa, ho kenya steel stud, mosebetsi oa motlakase, ho kenya suspended ceiling, mosebetsi oa sheet metal, tying rebar, ho cheselletsa litšepe, ho betla mapolanka, ho sebetsana le lipompo tsa metsi, pipe insulation, ho penta, pipe fitting, le drywalling?
8 Haeba ho joalo, ’me u ka iketsa ea fumanehang bakeng sa beke, khoeli, selemo, kapa ho feta, joale ka kōpo re ngolle hang-hang u kōpe foromo ea kōpo ea kaho.
9 Na u moena e mocha ea phetseng hantle? Joale etsa kōpo. Haeba u se na tsebo ea mosebetsi u tla o rutoa. Ba bang ba baena ba bacha ba leng kahong ba se ba e-na le tsebo ea mosebetsi oa kaho. Jehova o ile a tšepisa hore bahlankana ba ne ba tla itlhahisa ka ho rata nakong ena ea bofelo. (Pes. 110:3) Ho hlokahala bahlankana ba bangata haholo bakeng sa ho potlakisa mosebetsi.
10 Ba etsang likōpo e tlameha ho ba banna ba moea, ba inehetseng le ho kolobetsoa bonyane selemo se le seng, ba pakeng tsa lilemo tse 19 le 55, ’me ba ikemiselitse ho etsa mosebetsi o boima. Monyetla oa pele o fuoa ba leng tšebeletsong ea bopula-maliboho le/kapa baholo kapa bahlanka ba sebeletsang. Haeba u tšoaneleha ’me u ka itlhahisa ka ho rata, ngola ’me u kōpe foromo ea kaho hang-hang.
11 Tšehetso ea lichelete le e ’ngoe: Baena ba Afrika Boroa le linaheng tsa boahisani baa babatsoa bakeng sa tsela eo ba ileng ba tšehetsa morero o fetileng oa kaho kateng. Ba bangata ka botšepehi ba ne ba romela monehelo khoeli e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ba ntse ba etsa joalo. Jehova o putsa ba bontšang moea o joalo o hlokang boithati.
12 Katoloso e tla hloka limilione tsa liranta. Sehlopha se Busang se hlokomela hore baena ba mona ba ke ke ba koahela litšenyehelo tsohle tsa sena, kahoo se tšepisitse ho thusa empa se boletse hore se tšepa hore re tla tšehetsa morero ona ka botlalo. Haeba bohle ba latela keletso ea moapostola Pauluse ho 1 Ba-Korinthe 16:2 ea ho ‘behella ho hong ka thōko’ beke ka ’ngoe kapa khoeli ka ’ngoe, ‘a lekanya ka seo a sitsitsoeng ka sona,’ re ikutloa re kholisehile hore sebakeng sa rōna ho tla etsoa monehelo o batlang o le tōmanyana bakeng sa morero ona oa bohlokoa oa kaho.
13 Liphutheho tse leng haufi le Bethele li ka boetse tsa re thusa haholo ka ho tšehetsa ka botlalo nako le nako ha phutheho ea tsona e menngoe ho tla thusa tokisetsong ea ho sebetsa ka Moqebelo.
14 Re lebelletse ho tla sebetsa le ba bangata ba lōna. Nako e khutšoanyane ’me kotulo e khōlō. Ka kōpo rapellang tlhohonolofatso ea Jehova morerong ona e le hore re ka tsoela pele ho sebeletsa litlhoko tsa tšimo ena.
[Litšoantšo tse leqepheng la 4, 5]
Ntlo ea Polokelo ea Lintho tse Romelloang Kantle
Ka holimo bohareng: Ho kokoteloa marulelo a tšepe ntlong e ncha ea polokelo
Litokiso lia qala Mohahong 7 oa bolulo
Mohaho 6 oa bolulo, (ka holimo) ho bontšitsoe borokho bo o hokelletseng, le tse peli tsa likamore tse ncha
Mohaho oa hona joale oa Bethele Mohaho 6 o ka bonoa ka ho le letona ka holimo