Pina ea 52
Lebitso la Ntat’a Rōna
1. Ntate ea holimo-limo,
U Molimo ea mohau.
Bitso la hao le khethehe
Phetha joalo that’ea hao.
Haufi u tla itlotlisa
Ntoeng e khōlō ka tlhōlo;
Tumo ba hao bo hōlisoe,
Batho ba ele hloko.
(Chorus)
2. ’Me re batla tsela tsa ho
Tlotla uena, Jehova.
Ka merer’ea hao le tumo
Re ntse re sa tla paka.
Ka tumelo le sebete.
Re u hlompha haholo.
Ka ho etsa joalo, Ntate.
Re tla phela ka tōko.
(Chorus)
3. Uena, ea holimo-limo,
U Jehova u le mong.
Bitso lena le bohlokoa
Fatseng le leholimong.
Re tla phahamisa lona;
Re lakatsa ho bontša
Hore u Molim’a thero
Ea tla bokoa kamehla.
(CHORUS)
E, u ’Mōp’oa rōna, Ntate,
Ea entseng pōpo eohle;
’Me morer’oa hao, Molimo,
O tla hlōla kahohle.
U re file Jesu Kreste,
Mor’a hao, Letsibolo.
That’a hao e etsoe joale
Fatšeng lena ka ’Muso.