Elang Hloko Lentsoe la Boprofeta
1 “Re na le litaba tsa boporofeta, tse tiisitsoeng ka ho fetisisa.” (2 Pet. 1:19) Ke hobane’ng ha Petrose a ile a bua see? Boprofeta ba ’Muso Mangolong a Seheberu haesita le bo tsoang ho Jesu Kreste ka boeena bo netefalitsoe, kapa bo ‘tiisitsoe ka ho fetisisa,’ ke seo Petrose le barutuoa ba bang ba babeli ba se boneng le ho se utloa ponong ea ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang lilemo tse ka bang 32 pejana. Pono ena e hapang tlhokomelo e ile ea ba kholisa hore Jesu Kreste ka sebele o ne a tla ba matleng a ’Muso ka khanya e phatsimang ’me a tšehelitsoe ka ho feletseng ke Ntate oa hae. Bakreste lekholong la pele la lilemo ba ne ba ‘etsa hantle ha ba ela hloko lentsoe leo la boporofeta joaloka lebone le khanyang,’ kaha ho seng joalo lipelo tsa bona li ne li tla ba lefifing. Ho ela hloko lentsoe le khantšang la boprofeta ho ne ho tla ba boloka ba falimehile ’me ba le leseling la ho chaba ha letsatsi le lecha, ha “naleli ea hosasa,” Kreste, e phahamela khanyeng ea ’Muso.—2 Pet. 1:16-19, bapisa le NW; Matt. 17:1-9.
2 Re ne re le sieo ponong ea ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang hammoho le Petrose. Leha ho le joalo, molokong ona Bakreste ba etseng hloko lentsoe la boprofeta ba filoe tokelo e khōlō ea ho bona, eseng ponelo-pele ea ’Muso oa Kreste, empa bopaki bo bongata ba hore Morena ea khanyang oa busa ka sebele! Selemo ka seng se fetang ho tloha ka 1914, lentsoe la boprofeta le tiisitsoe haholoanyane ha re bona ho phethahala ha likarolo tse sa tšoaneng tsa “pontšo” e hapang tlhokomelo eo Jesu a faneng ka eona ka “ho ba teng” ha hae ha borena. Karolo ea bohlokoa ea pontšo eo ke hore ho phatlalatsoa ha puso, kapa ’Muso oa hae, ho ne ho tla etsoa lichabeng tsohle pele Morena a felisa tsamaiso ena ea lintho. Tlas’a tataiso ea Kreste, mosebetsi oa boboleli ba ’Muso hona joale o etsoa linaheng tse 231 ka tekanyo e e-song ho ka e nahanoa le pele. (Matt. 24:3-14) Ho feta moo, ha nako ea “mahlomola a maholo” e atamela, Morena ea behiloeng teroneng o ’nile a bokella “bongata bo boholo” “lichabeng tsohle” bo bontšang tumelo “maling a Konyana” a thekollo.—Tšen. 7:9, 10, 14.
3 Kaha “naleli ea hosasa” e hlahile, e leng hore Kreste o se a le matleng a ’Muso, na ho sa na le lebaka la ho ela hloko lentsoe la boprofeta? E! Jesu Kreste ea khanyang o ile a fa moapostola Johanne letoto la lipono tse etsang buka ea Tšenolo. Le hoja tsena li ne li khothatsa li bile li laea Bakreste ba pele, ke tsa bohlokoa bo khethehileng ho ba phelang “letsatsing la Morena,” e leng nako eo re leng ho eona. (Tšen. 1:10) Ke ka lona lebaka leo liphutheho tsa batho ba Jehova hona joale li ithutang hape buka Tlhōrō ea Tšenolo.
4 “Ho lehlohonolo ea balang, le ba utloang litaba tsa boporofeta bona, ba bolokang tse ngoliloeng teng; hobane nako ea tsona e se e le haufi.” (Tšen. 1:3) E le hore re thabe, re tlameha ho fumana se boleloang, e, kutloisiso ea sebele, ea lipono tsena tsa boprofeta. See se hloka eng? Ho pheta-pheta hoa hlokahala bakeng sa ho tebisetsa lipelong tsa rōna bohlokoa ba tlaleho ea Tšenolo. Moapostola Petrose, setho sa sehlopha se busang sa lekholo la pele la lilemo, o ile a hlokomela bohlokoa ba ho pheta linnete tsa motheo ‘ho tsosa’ baena ba hae moeeng. (2 Pet. 1:12, 13) “Mohlanka ea khabane, ea bohlale” oa kajeno ka ho tšoanang o re thusa ho boloka kananelo ea rōna e phela ka hore nako le nako a re hlokomelise ka lentsoe la boprofeta.—Matt. 24:45-47.
5 Mokhoa oa ho Ela Hloko: Lentsoe la boprofeta le ho Tšenolo le hloka tlhokomelo ea mofuta ofe? Moapostola Pauluse o re hopotsa hore Molimo ha aa bua le Bakreste ka mangeloi kapa baprofeta joalokaha a ile a buisana le bahlanka ba hae ba pele ho Bokreste. Ho e-na le hoo, Jehova o buisane le rōna ka Mora oa hae ea ratoang haholo, eo a mo khethileng ho ba “mojalefa oa ntho tsohle.” (Ba-Heb. 1:1, 2) “Ka baka leo, e ka khona re ele ka ho fetisisa litaba tsee re li utloileng hloko, e se be ra suthela hole le tsona.” (Ba-Heb. 2:1) E, re tlameha ho ela hloko Lentsoe la Molimo ’me haholo-holo lentsoe la boprofeta le tlang ka Jesu Kreste. Ke joang ka ho khethehileng re ka elang hloko ho ithuta ha rōna Tšenolo?
6 Tabeng ea pele, ho bohlokoa haholo hore re be teng beke e ’ngoe le e ’ngoe Thutong ea Buka ea Phutheho. Ke ’nete, ho ba bangata ba rōna, lena e tla ba lekhetlo la boraro re ithuta buka Tlhōrō ea Tšenolo. Ka hona, ba bang ba ka ’na ba nka ho ba teng thutong ea buka e le ntho e sa reng letho, ba ikutloa hore esita leha ba ka ba sieo sebokeng, ba se ntse ba tloaelane le boitsebiso boo. Leha ho le joalo, ha selemo ka seng se ntse se feta, boitsebiso bona ba boprofeta bo fetoha bo loketseng haholoanyane le bo nakong ho feta kamoo bo neng bo le kateng ka 1989 ha re ne re qala ho ithuta buka Tlhōrō ea Tšenolo. Ho hlokahala hore kaofela re falimehele liketsahalo tsa kajeno tse tsoelang pele ka potlako phethahatsong ea boprofeta ba Tšenolo. Joale re ka ba ba loketseng ho sebetsa tumellanong le thato ea Jehova. Ho etse pakane ea hao ea botho hore u se fetoe ke thuto leha e le ’ngoe ea buka, haeba ho ka khoneha, nakong ena ea bohlokoa ea ha ho hlahlobjoa Tšenolo.
7 Tabeng ea bobeli, lokisetsa moo ho tla ithutoa teng hantle. Sheba mangolo a bontšitsoeng ’me u nahane kamoo a tšehetsang tlhaloso ea litemana tsa Tšenolo tse ithutoang. Ka tsela ena u tla fumana ho hongata ho feta feela likarabo tsa lipotso. Loanela ho fumana eseng feela tsebo empa bohlale le kutloisiso. (Liprov. 4:7) Tabeng ea boraro, kopanela ka mafolo-folo ka ho fana ka litlhaloso le ho bala mangolo. Ho etse pakane ho araba bonyane hanngoe ’me haholo-holo e be ka makhetlo a mangata thutong ka ’ngoe. Ho etsa joalo ho tla u thusa ho tsepamisa mohopolo oa hao ho se ithutoang.
8 Ho ela hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng lentsoe la boprofeta ho kopanyelletsa ho fetang feela ho lokisetsa, ho ba teng, le ho nka karolo. Ho boetse ho bolela hore esita le ka mor’a thuto, re tsoela pele ho ‘hlokomela taba tseo, ’me re be ho tsona.’ (1 Tim. 4:15) Haeba lentsoe la boprofeta le tlameha ho tšoana le lebone le khanyang lipelong tsa rōna, re tlameha ho le lumella hore le ame botho ba rōna bo kahare ka ho teba—mehopolo ea rōna, litakatso, maikutlo, litšusumetso, le lipakane. (2 Pet. 1:19) Ka hona, re lokela ho ipotsa lipotso tse kang: Boitsebiso boo bo bolela’ng ho ’na ka bonna? Ke ithutile eng ka Jehova le Mora oa hae, Jesu Kreste? Ke melao-motheo efe e tšehetsang boitsebiso boo? Na ke etsa hore se hlileng se ithutoang se fihle pelong ea ka? Nka sebelisa linnete tsee joang bophelong ba ka? Lelapeng la ka? Phuthehong? Ka ho sebelisa seo re ithutang sona hamolemo, joaloka mopesaleme, re ka re: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.”—Pes. 119:105; Jobo 29:3, 4.
9 Lula U Falimehile Linakong tse Mahlonoko: Ka selemo sa 33 C.E., Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae ka timetso e tlang ea Jerusalema le boemo bo neng bo tla tšoaea nako ea hore ba balehele sebakeng se sireletsehileng. (Luka 19:41-44; 21:7-21) Joale, ho ne ho se ho fetile lilemo tse ka holimo ho 30. E ka ’na eaba ho Bakreste ba bang ba Bajode ho ile ha bonahala eka ho ne ho ke ke ha ba le liphetoho tse kaalo nakong e tlang. Khothatso ea moapostola ea ratoang Petrose lengolong la hae la bobeli e bile nakong hakaakang, e ngotsoeng hoo e ka bang ka 64 C.E., ho ‘ela hloko lentsoe la boporofeta’! (2 Pet. 1:19) Nakoana hamorao, ka 66 C.E., Jerusalema e ile ea lika-liketsoa ke mabotho a Roma. Ha ka tšohanyetso mabotho a Roma a menahana le mehlala ntle ho mabaka a hlakileng, Bakreste ba Judea ba neng ba falimehile ba ile ba latela litaelo tsa Jesu ’me ba baleha. Joale, ka 70 C.E., mabotho a Roma a ile a khutla ’me a timetsa Jerusalema ka ho feletseng. Bakreste bao ba tlameha ba ile ba thaba hakaakang hore ebe ba ile ba ela hloko ka ho teba lentsoe la Jesu la boprofeta!
10 Rōna Bakreste ba kajeno re falimehetse eng? Liponong tsa Tšenolo, Jesu o ile a lemosa Bakreste ba phelang hona joale ka liketsahalo tse neng li tla etsahala nakong ea letsatsi la Morena. Lilemong tse fetileng tse 80, tse ngata tsa liketsahalo tsena li se li etsahetse: ho tsoaloa ha ’Muso; ntoa leholimong le ho hlōloa ho ileng ha latela ha Satane le bademona ba hae, ho ileng ha lateloa ke ho koalloa ha bona tikolohong ea lefatšeng; ho oa ha Babylona e Moholo; le ho hlaha ha sebata se ’mala oa sekaraleta, ’muso oa borobeli oa lefatše. Ho phethahala ha litšobotsi tsena tsa lentsoe la boprofeta ho Tšenolo ho le etsa le tiisitsoeng haholoanyane hore haufi re tla bona liketsahalo tsena tse hapang tlhokomelo: ho tšoauoa ha litho tsa ho qetela tsa ba 144 000, ho phethoa ha ho bokelloa ha bongata bo boholo, ho timetsoa ha Babylona e Moholo, ntoa ea Armageddone, ho koalloa ha Satane sekoting, le Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste. Ho bohlokoa hakaakang hore re ele hloko temoso ea Jesu: “Bonang, ke tla joalo ka lesholu. Ho lehlohonolo ea lebelang, ea bolokang liaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaea a le feela, ’me lihlong tsa hae li se ke tsa bonahala! ”—Tšen. 16:15.
11 Na re lula re falimehile? Re nka lentsoe la boprofeta ka ho teba hakae? Ebang re nehetse bophelo ba rōna ho Jehova lilemong tse fetileng tse 5 kapa tse 50, ka ho loketseng mantsoe a Pauluse ho Bakreste ba Roma aa sebetsa ho rōna: “Re tseba linako, hoba e se e le nako ea ho tsoha borokong; hobane ha e le kajeno, poloko e haufi le rōna ho fetisa mohla re lumetseng. Bosiu bo se bo ea sa, letsatsi le se le atametse.” Joale Pauluse o khothatsa Bakreste hore ba ‘lahle ke hona mesebetsi ea lefifi’ me ba ‘tsamaee ka mokhoa o tšoanelang.’ (Ba-Roma 13:11-13) Re phela lefatšeng le lefifing le letšo-tšo boitšoarong. Seo lilemong tse 30 kapa 40 feela tse fetileng se neng se tšosa boitšoarong se tloaelehile ho batho ba bangata ba lefatše lilemong tsena tsa ho qetela tse leshome tsa lekholo la bo20 la lilemo. Baena, hlokomelang hore le ka mohla le se itumelle ho suthela hōle lefifing la lefatše ’me la tšerehana boitšoarong. Haeba le itlohella hore le lumelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe kapa le mamelle mokhoa o hlephileng oa lefatše lena oa ho nahana le oa bophelo, le tla lahleheloa ke pono ea litseko tse khōlō tse re tobileng kajeno le tseo haufinyane li tla rarolloa ka ho sa feleng: ho tlosa qoso bobusing ba Jehova le ho halaletsa lebitso la hae. Ho otsela moeeng ho tla beha poloko ea motho kotsing, e seng e le haufi hakana hona joale.
12 Hōla Kananelong e Tsoang Pelong Bakeng sa Lentsoe la Boprofeta: Baprofeta ba boholo-holo ba Baheberu ba ne ba thahasella haholo phethahatso ea lipolelo tsa bona tseo ba li buileng ka tšusumetso ea moea ka Messia. Ba ile ba ‘batla haholo, ba botsisisa’ ka ho phethahala ha morero oa Molimo. (1 Pet. 1:10, 11) Ka ho tšoanang, ha u ela hloko lentsoe la boprofeta bukeng ea Tšenolo, kananelo ea hao ka lintho tsa moea e tla hōla. Takatso ea hao ea lijo tsa moea e tla eketseha, hoo u tlang ho susumeletseha ho batlisisa lintho “tse tebileng tsa Molimo.” (1 Ba-Kor. 2:10) Ha u tlatsa pelo ea hao ka kananelo le lerato bakeng sa lentsoe la boprofeta, ho ke ke ha hlokahala hore motho leha e le ofe a u phehelle hore u be teng libokeng; u tla susumeletseha ho ba teng le ho nka karolo kamehla. (Luka 6:45) ’Me haeba ‘lentsoe le le pelong ea hao,’ u tla susumeletseha ‘ho etsa polelo ea phatlalatsa bakeng sa poloko.’—Ba-Roma 10:8-10.
13 Ha re ntse re kenella ka ho teba nakong ea bofelo, basomi ba tla eketsa ho re soma ka lebaka la ho phehella ha rōna ka tumelo lipolelong tsa Molimo tsa boprofeta. (2 Pet. 3:3, 4) Leha ho le joalo, re tla falimehela lentsoe la boprofeta. Lebone la Lentsoe la Molimo le re bontša moo re leng teng kemisong ea nako. Ka ho hlakileng le khantša ’nete ea hore re mehleng ea qetello ea lefatše lena le lefifi. Naleli ea hosasa e hlahile! Kreste o matleng a ’Muso! Mane moo ho bonahalang eka lefatše le kopana le leholimo re se ntse re bona mafube a letsatsi le lecha. E se eka lefatše le lecha le tšepisitsoeng la Molimo le ka tsoela pele ho ba la sebele ho rōna joalokaha ’Muso e ne e le oa sebele ho baapostola ba bararo ba ileng ba fumana tokelo ea ho ba le ponelo-pele ea oona ponong ea mohlolo ea ho fetohela ha Jesu boemong bo phahameng bo khanyang!