-
Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Ka Matsatsi a PhomoloTšebeletso ea ’Muso—1990 | December
-
-
Ho Nehelana ka Taba Tse Molemo—Ka Matsatsi a Phomolo
1 Le hoja mekete e mengata e amanang le Keresemese le letsatsi la Selemo se Secha e simolohile bohedeneng, batho ba ka holimo ho billione ba ipolelang hore ke Bakreste ba keteka matsatsi ana a phomolo selemo se seng le se seng. Batho ba bangata ka botšepehi ba lumela hore Molimo o amohela mekete ena. Re ka finyella lipelo tsa batho ba joalo ka litaba tse molemo joang nakong ea matsatsi a phomolo?
E-BA EA NAHANELANG LE EA HLOMPHANG
2 Baholo ba etsa litokisetso tse khethehileng bakeng sa ho paka ka matsatsi a phomolo, kaha ba bangata ho rōna re tla be re sa ea mosebetsing oa boipheliso. Nako ea ho qalisa mosebetsi oa ntlo le ntlo e lokela ho fetoloa ka baka la ho nahanela beng ba matlo bao e ka ’nang eaba ba robala morao ho feta kamoo ba tloaetseng ka teng matsatsing ana.
3 Ha re ntse re tsoela pele tšebeletsong ea rōna, mohlomong re tla fumana batho ba bangata ba phathahantsoe haholo ke baeti le ho lokisetsa lijo. Ha re hlokomela hore ke nako e khethehileng ho bona, ka tlhompho re ka khutsufatsa litlhaloso tsa rōna ’me e be tse tobileng. Haeba re bontša mekhoa e metle ea Bokreste hona ho ka bula tsela bakeng sa bopaki bo eketsehileng nakong e tlang.
4 Ha re kopanele meketeng ea lefatše ea bolumeli, ’me ha re lumelisane ka litumeliso tsa neano tsa matsatsi a phomolo. Ka hona, ho hlokahala bohlale mabapi le hore na re arabela joang litumelisong tse joalo. Ha ho hlokahale hore re phehe khang ka tumeliso, empa maemong a mangata re ka leboha mong’a ntlo ka litakaletso tsa hae tse molemo. Haeba batho ba re botsa tumelo ea rōna, re ka ba kholisa hore re hlompha Kreste Jesu, kaha seo sea hlokahala ho ba hlomphang Molimo. (Joh. 5:23) Leha ho le joalo, litloaelo tse ngata tsa matsatsi a phomolo ha li hlomphe Kreste kapa Molimo. Haeba batho ka bomong ba lakatsa ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka eona nako eo kapa hamorao, re ka arolelana le bona boitsebiso bo bukeng ea Ho Bea Mabaka maqepheng 286-9 le 291.
LIKENYELLETSO
5 Kaha matsatsi a phomolo a Keresemese ke a bolumeli, re ka ’na ra fumana batho ba bangata ba sekametseng ho bua haholoanyane ka Molimo nakong ena ho feta nakong leha e le efe har’a selemo. Re ka sebelisa monyetla oa sena hamolemo kenyelletsong ea rōna. Ka mohlala, mohlomong re ka re: “Batho ba limillione lefatšeng lohle ba keteka Keresemese le Letsatsi la Selemo se Secha. Na u nahana hore mekete ena e atametsa batho haufi le Molimo?” Ebang mong’a ntlo o ikutloa hore mekete ena e nepahetse kapa e fosahetse, ka mor’a ho amohela litlhaloso tsa hae, mohlomong re ka re: “Batho ba bangata ba lakatsa eka ba ka be ba e-na le kamano e molemonyana le Molimo, mohlomong ba ikutloa hore Molimo o hlile o hōle le bona. Na u nahana hore Molimo o hlile oa re tsotella esita le ho tsotella polanete ea lefatše?” Joale tsoela pele ka Sehlooho sa Puisano.
6 Ha re sebelisa katamelo e ’ngoe, mohlomong re ka re: “Nakong ena ea Keresemese, hangata re utloa batho ba hlalosa tšepo ea hore ho tla ba le khotso lefatšeng le nyakallo ho batho. Na u nahana hore Molimo o tla tlisa khotso lefatšeng mehleng ea rōna?” Ka mor’a moo re ka tsoela pele ho bontša hore Jesu Kreste ke eena “Morena oa khotso” ea boletsoeng esale pele. (Esa. 9:6, 7) Joaloka ’Musi ea khethiloeng pusong ea Molimo, haufinyane Kreste o tla nka khato ea ho tlisa khotso ea ka mehla lefatšeng.—Dan. 2:44; Tšen. 21:3-5.
7 Le hoja batho ba bangata ba iphapanyetsa molaetsa oa ’Muso ’me ba ithabisa ka matsatsi a bona a phomolo a bolumeli ba bohata, ka sebele Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho fumana batho ba batlang ’nete, hobane eena ka boeena “o batla ba joalo hore ba mo rapele,” ’me o tla ba lebisa mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng.—Joh. 4:23, 24, NW.
-
-
Litaba Tsa Puso ea MolimoTšebeletso ea ’Muso—1990 | December
-
-
Litaba Tsa Puso ea Molimo
◆ Alaska e fihletse tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 2053 ka July, keketseho ea 12 lekholong holim’a karolelano ea selemong se fetileng. Tlhōrō ea ba bileng teng Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng” ka July e bile 2929 ’me ha kolobetsoa ba 50.
◆ Ka July, Brazil e fihletse tlhōrō e phahametseng tsohle ea bahoeletsi ba 293 466, ke tlhōrō ea eona ea borobong bakeng sa selemo sa tšebeletso. Ho ile ha boela ha tlalehoa tlhōrō e ncha ea lithuto tsa Bibele tse 369 999.
◆ Fiji e bile le tlhōrō ea eona ea bahoeletsi e latellanang ea bo67 ka July ’me ha tlaleha ba 1534. Lithuto tsa Bibele li ile tsa eketseha ho ea ho 2605.
◆ Ho tloha ka September 1990, naha ea French Guiana karolong e ka leboea ea Amerika Boroa e se e e-na le ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower. Ba bile le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 660 ka July, ’me kopanong ea bona ea setereke ho bile teng ba 1479 ’me ha kolobetsoa ba 41.
◆ Likopanong tse ’nè tsa setereke tsa Guadeloupe ho bile teng ba 13 021 ’me ha kolobetsoa ba 259. Tlhōrō ea bona ea bahoeletsi e bile 6233.
◆ New Caledonia e bile le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1134 ka July, e leng keketseho ea 12 lekholong.
◆ Papua New Guinea e tlalehile tlhōrō ea eona ea botšelela e latellanang ea bahoeletsi ba 2471 ba kopanetseng tšebeletsong ka July, ho emelang keketseho ea 18 lekholong.
◆ Tahiti e bile le keketseho ea 17 lekholong ka July hammoho le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 1133, e leng tlhōrō ea bona ea bo33 e latellanang.
◆ Ka July, Thailand e bile le tlhōrō ea eona ea botšelela ea bahoeletsi bakeng sa selemo sa tšebeletso ’me ho tlalehile ba 1142, e leng keketseho ea 10 lekholong holim’a karolelano ea selemo se fetileng.
◆ Vanuatu e bile le keketseho ea 36 lekholong ka July hammoho le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ba 140. Ba khannile lithuto tse 360, tseo le tsona e leng tlhōrō e ncha.
-
-
Peho ea Tšebeletso ea SeptemberTšebeletso ea ’Muso—1990 | December
-
-
Peho ea Tšebeletso ea September
Bahoe. Bo-pu. Bo-pu.
Bohle. Ba Thus. Ba Kam.
Botswana 518 13 27
Lesotho 1 491 90 159
Namibia 559 13 29
St. Helena (Aug.) 103 1 -
Swaziland 1 255 27 137
South Africa 47 757 1 787 3 596
-