Pina ea 99
‘Morero oa ka ho sa Feleng’ oa Molimo o Phuthulohang
1. Le ’ne le tsoele pele
Libakeng tsa lōna (kaofela).
Bahlanka bohle ba Ntate
Ba tsamaisoa k’eena (a le mong).
Le borapeli ba hae
Bo tsosolositsoe (kajeno).
Chaba li bokantsoe hore
Li mo sebeletse (hohle).
2. Jehova ke Morena
Ea re fileng tšepo (ea ’Muso).
Ha re sa tsamaea fifing,
Ha re sa na tšabo (ea batho).
’Me o reretse batho
Ho phela ka khotso (le thabo).
Haufi pusong ea Kreste,
A tlose toantšano (eohle).
3. Ha morero o hlaka
Re ikitlaetseng (haholo),
Re hate tseleng ea ’nete
’Me re falimeheng (ka matla).
Morero oa Jehova
Re o phethe hantle (kamehla).
Re tsamaee ka bohlale
’Me re mo rorise (eena).