-
Kamoo ho ka Hlophisoang Laebrari ea Puso ea MolimoMolula-Qhooa—1994 | November 1
-
-
Kamoo ho ka Hlophisoang Laebrari ea Puso ea Molimo
SHEREZADE, ngoanana e monyenyane ea bohlale oa Spain, o ne a le lilemo li ’nè ha tichere ea hae e ne e tsebisa tlelase hore ba ne ba il’o khabisa litšoantšo tsa “Father Christmas.” Hang-hang, Sherezade o ile a kōpa hore a lumelloe ho se kopanele. O ile a hlalosa hore letsoalo la hae le ne le ke ke la mo lumella ho etsa joalo.
Tichere e makalitsoe ke ho hana hona, e ile ea ’molella hore ho ne ho mpa ho tšoana le ho khabisa setšoantšo sa popi le hore ho ne ho se na letho le phoso ka ho etsa joalo. Sherezade o ile a araba: “Haeba ke popi feela, ke tla thabela ho itoroeela popi ka bonna haeba u sa tsotelle.”
Ketsahalong e ’ngoe tlelase e ile ea bolelloa hore e khabise folaga ea sechaba. Hape-hape Sherezade o ile a kōpa hore na a ka etsa ntho e ’ngoe esele. Ka morero oa ho hlalosa, o ile a bolella tichere ka pale ea Shadrake, Meshake, le Abede-Nego.—Daniele 3:1-28.
Nako e khutšoanyane ka mor’a moo tichere e ile ea letsetsa ’mè oa Sherezade thelefono ho hlalosa ho makala ha eona. E ile ea re: “Ka makhetlo a ’maloa morali oa hao o buile le ’na ka letsoalo la hae. Na u ka nahana ka seo? Ngoanana ea lilemong tsa hae a ntlhalosetsa hore na ke hobane’ng ha letsoalo la hae le mo khathatsa! Bona, ha ke lumellane le seo u mo rutang sona, empa kea u tiisetsa hore ua atleha. ’Me ke batla u tsebe hore ke rolela morali oa hao khaebana.”
Ke joang ngoanana ea lilemo li ’nè a ka bang le letsoalo le koetlisitsoeng ke Bibele? ’Mè oa hae Marina, o hlalosa hore Sherezade o na le laebrari ea hae ea puso ea Molimo ka kamoreng ea hae ea ho robala. Laebrari eo e akareletsa likopi tsa hae tsa botho tsa Molula-Qhooa, tseo a li seheletseng ’mela, lingoliloeng tsa hae tseo a li sebelisang boboleling, le likhatiso tsohle tsa Mokhatlo oa Watchtower tse lokolotsoeng ho tloha esale a hlahile. Ntho eo a e ratang haholo laebraring ea hae ke theipi ea audio ea My Book of Bible Stories, eo a e mamelang bosiu bo bong le bo bong ha a ntse a latela koping ea hae e hatisitsoeng. Ke litlaleho tsena tsa Bibele tse ileng tsa mo nolofaletsa ho etsa liqeto tse boletsoeng ka holimo.
Na laebrari e hlophisitsoeng hantle ea puso ea Molimo e ka u thusa hammoho le bana ba hao? Ke hobane’ng ha laebrari ea lapeng e hlokahala?
“Laebrari Hase Bokhabane”
Henry Ward Beecher o ile a phatlalatsa: “Laebrari hase bokhabane, empa ke e ’ngoe ea lintho tse hlokahalang bophelong.” Ka sebele, hoo e ka bang e mong le e mong oa rōna o na le e ’ngoe ea ‘lintho tsena tse hlokahalang bophelong,’ le hoja re sa tsebe. Joang? Hobane esita le haeba re e-na le Bibele feela, re na le laebrari ea mofuta o itseng.
Ka sebele Bibele ke laebrari ea puso ea Molimo e molemo ka ho fetisisa. Lekholong la bone la lilemo, Jerome o ile a qapa poleloana ea Selatini Bibliotheca Divina (Laebrari ea Bomolimo) ho hlalosa pokello e feletseng ea libuka tse bululetsoeng tseo re li bitsang Bibele. Jehova o re lokiselitse laebrari ena e halalelang ho re neha thuso e sebetsang, thupelo, le tataiso. Ke ntho eo le ka mohla re sa lokelang ho e khella fatše. Ho ba le Bibele e feletseng feela ho bolela hore re na le laebrari e pharaletseng haholoanyane ho feta eo bahlanka ba bangata ba Molimo ba neng ba e-na le eona linakong tse fetileng.
Ha libuka leha e le life tse ngotsoeng ka letsoho tse lefelloang haboima e ne e le tsona feela tse fumanehang, ke malapa a ’maloa a batho ka bomong haeba a ne a le teng, a neng a e-na le Bibele e feletseng. Ha Pauluse a ne a lakatsa ho ithuta Mangolo nakong ea ho qetela ea ho tšoaroa ha hae Roma, o ile a tlameha ho kōpa Timothea hore a mo tlele le meqolo e itseng Asia Minor—mohlomong likarolo tsa Mangolo a Seheberu. (2 Timothea 4:13) Leha ho le joalo, lisynagoge li ne li na le pokello ea meqolo, ’me Jesu Kreste le moapostola Pauluse ka bobeli ba ile ba sebelisa lilaebrari tsena mosebetsing oa bona oa boboleli. (Luka 4:15-17; Liketso 17:1-3) Ka thabo, hona joale Mangolo a fumaneha habonolo haholoanyane ho feta lekholong la pele la lilemo.
Ka thuso ea ho qaptjoa ha mechine e hatisang, kajeno hoo e ka bang bahlanka bohle ba Molimo—ho sa tsotellehe puo ea bona—ba ka fumana Bibele eohle ka chelete eo ba ka e khonang. Re boetse re na le monyetla o ikhethang oa ho tlatseletsa “laebrari” ena e halalelang. Ka nako e fetang lilemo tse lekholo, “mohlanka ea khabane, ea bohlale” o ’nile a tšoareha ka ho fana ka lijo tsa moea nakong e tšoanetseng.—Mattheu 24:45-47.
Empa ho ka etsahala hore ebe re tla hlōleha ho rua molemo o feletseng ka boitsebiso bona ba bohlokoahali haeba re sa hlophise laebrari ea botho ea puso ea Molimo. Seo se ka etsoa joang? Ka ho hlakileng, mohato oa pele ke ho fumana libuka tseo laebrari e joalo e li hlokang. Ke ntho e lokelang boiteko, kaha e tla re nolofaletsa hore kapele-pele re fumane boitsebiso bo nepahetseng boo re bo hlokang ho sebetsana le mathata le ho araba lipotso tsa Bibele.
Ke Libuka Life Tseo ke li Hlokang?
Na u kile ua ipotsa hore na ke joang u ka rarollang bothata ba puisano lenyalong la hao kapa kamoo u ka thusang bana ba hao ho hana tšebeliso e mpe ea lithethefatsi? Ke joang u ka thusang motsoalle ea hlokofatsoang ke ho tepella maikutlo? Na u ka hlalosa ka ho hlakileng hore na ke bopaki bofe boo re nang le bona ba hore Molimo o teng le hore na ke hobane’ng a lumella bokhopo? Sebata se ’mala oa sekarelata sa Tšenolo khaolo ea 17 se emela eng?
Lipotso tsena le tse ling tse ngata-ngata li ka arabeloa haeba u e-na le laebrari e lekaneng ea puso ea Molimo. Mokhatlo oa Watchtower o hatisitse libuka, libukana, le lihlooho tsa limakasine tse akaretsang lethathamo le feletseng la litaba tse buang ka Mangolo. Ho feta moo, lingoliloeng tsena li bua ka litaba tsa lelapa, li haha tumelo ea rōna ho Molimo le Bibeleng, li re nolofaletsa ho ntlafatsa tsebo ea rōna ea ho bolela, ’me li re thusa ho utloisisa boprofeta ba Bibele.
Boholo ba likhatiso tse hatisitsoeng ke Mokhatlo nakong ea lilemo tse 20 tse fetileng li ntse li fumaneha. Haeba u tlile ’neteng haufinyane tjena, e tla ba habohlokoa ho uena ho fumana lingoliloeng tse joalo kaofela tse fumanehang ka puo ea hao. Lingoliloeng tse hlaheletseng tsa tšupiso, tse kang Insight on the Scriptures le Comprehensive Concordance, le tsona li hatisitsoe ka lipuo tse sa tšoaneng. Leha ho le joalo, ho ba le libuka tsena ke mohato oa pele feela.
Hlophisa Laebrari ea Hao!
Ho tseba hore u na le buka kae-kae ke taba e ’ngoe, empa ho fumana eo u e hlokang ke habohlokoa haholoanyane. Haeba re tlameha ho senya nako e ngata re batla sengoliloeng sa tšupiso seo re se hlokang, ho na le monyetla oa hore re felloe ke thahasello tabeng eo. Ka lehlakoreng le leng, haeba libuka tsa rōna li hlophisitsoe hantle, sebakeng se fihleloang habonolo, re tla sekamela haholoanyane ho etseng patlisiso ea botho.
Haeba ho khoneha, ke ho thusang ho ba le karolo e khōlō ea libuka tsa puso ea Molimo sebakeng se le seng. Liraka tsa libuka li ka etsoa, ’me hangata e le ka theko e tlaase, haeba re ke ke ra khona ho reka tse se ntse li entsoe, ebile ha ho hlokahale hore li nke sebaka se sengata. Ho fihlela laebrari habonolo le hona ke habohlokoa. Libuka tse bolokiloeng holimo pel’a marulelo hangata ha li na molemo oa letho haese ho bokella lerōle.
Mohato o hlahlamang ke ho hlophisa libuka. Nako e khutšoanyane feela e sebelisetsoang ho hlophisa libuka ka tatellano e molemo.
Ho thoe’ng haeba boholo ba litho tsa lelapa la hao hase Lipaki tsa Jehova? Le hoja mohlomong u ke ke ua khona ho hlophisa laebrari joalokaha u ne u ka rata, ka kamoreng ea hao u ka ’na ua ba le raka ea libuka eo bonyane e nang le likhatiso tse itseng tsa Mangolo.
Laebrari ea Puso ea Molimo e ka Thusa ho Haha Bomoea
Hang feela ha libuka tsa rōna li hlophisitsoe, re hloka mokhoa o ka re thusang ho fumana boitsebiso. Mehopolo ea rōna e ka ’na ea fosa, ’me ho ka ’na ha etsahala hore ebe ka borōna ha rea tloaelana le litaba tse ka hare ho buka e ’ngoe le e ’ngoe laebraring ea rōna ea puso ea Molimo. Leha ho le joalo, boitsebiso bohle bo laebraring bo fumaneha habonolo. Haeba Watch Tower Publications Index e fumaneha ka puo ea rōna, e ka re nolofaletsa ho fumana boitsebiso bo khethehileng hoo e ka bang tabeng leha e le efe ka nako e khutšoanyane.
Julián, ea sebelelitseng ka lilemo tse ngata e le pula-maliboho e khethehileng ebile e le moholo, o hlalosa hore Index e bohlokoa haholo ho ruteng mora oa hae oa ho fela ho etsa thuto ea botho. “Jairo, eo hona joale a leng lilemo li supileng, ka letsatsi le leng o ile a tla hae a e-tsoa sekolong ’me a mpotsa, ‘Ntate, Mokhatlo o itse’ng ka li-dinosaur?’ Re ile ra leba ka ho toba ho Index ’me ra sheba lentsoe ‘dinosaurs.’ Hoo e ka bang hang feela re ile ra fumana lethathamo la lihlooho tse bulang tsa Tsoha! tse buang ka taba eo. [February 8, 1990] Letsatsing lona leo, Jairo o ile a qala ho e bala. O se a tseba hore laebrari ea rōna ea puso ea Molimo e na le boitsebiso bo nang le thuso hoo e ka bang nthong e ’ngoe le e ’ngoe. ’Na ka bonna, ke kholisehile hore ha bana ba rōna ba ithuta ho sebelisa laebrari ea puso ea Molimo hamolemo, ho ba thusa ho hōla moeeng. Ba ithuta ho beha mabaka, ’me ho feta moo, baa fumana hore thuto ea botho e ka ba e thabisang.”
Fausto, ntat’a Sherezade ea boletsoeng qalong, o lumela hore u lokela ho qala kapele kamoo ho ka khonehang ho koetlisa bana hore ba sebelise laebrari ea puso ea Molimo. Oa hlalosa: “Re se ntse re bontša Sherezade, eo hona joale a leng lilemo li tšeletseng, kamoo ho sebelisoang Index. Kaha o hlolloa ke tebello ea Paradeise ea lefatšeng, re qalile ka ho ’montša lentsoe ‘paradise’ ho Index ebe joale re sheba lihlooho tsa Molula-Qhooa tse boletsoeng. Ka tloaelo re ne re ’montša litšoantšo feela. Leha ho le joalo, ka mokhoa ona o ithutile hore Index ke senotlolo sa ho fumana boitsebiso laebraring ea rōna ea lapeng. Re ile ra tseba hore o utloisisitse taba hantle ha ka letsatsi le leng a e-tsoa sekolong a na le potso mabapi le mekete ea Easter. O ile botsa ’m’ae: ‘Ke hobane’ng ha re sa shebe ho hong ka ho Index?’”
Ho sa tsotellehe lilemo tsa rōna, Bibele e re khothaletsa hore re ‘tiisehe ka lintho tsohle; re tšoarelle ka tieo ho se molemo.’ (1 Ba-Thessalonika 5:21, NW) Sena se hloka hore re hlahlobe seo Mangolo a se bolelang. (Liketso 17:11) Haeba re e-na le laebrari ea puso ea Molimo e hlophisitsoeng hantle, patlisiso e joalo e ka ba ntho e thabisang. Nako le nako ha re sebelisa laebrari ea rōna ka katleho ho lokisetsa puo, ho fumana keletso e sebetsang mabapi le ho rarolla bothata, kapa ho sheba boitsebiso bo thahasellisang, ho tla hatisa ka ho rōna bohlokoa bo sebetsang ba laebrari ea rōna.
Batsoali ba Sherezade ka ho hlakileng ba re: “Lelapeng la Bokreste, laebrari ea puso ea Molimo hohang hase bokhabane!”
[Lebokose le leqepheng la 30]
U KA HLOPHISA LIBUKA TSA HAO JOANG?
Ha ho na melao e thata-thata mabapi le kamoo u ka hlophisang libuka tsa hao. Leha ho le joalo, lihlopha tse latelang tse entsoeng ka tatellano e molemo li totobatsa tsela e ’ngoe eo ka eona u neng u ka hlophisa libuka tsa hao ho latela seo li se fupereng.
1. Libuka tse hlahlobang temana ka temana likarolong tse itseng tsa Bibele
(Mehlala: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, “The Nations Shall Know That I Am Jehovah”—How?, “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng”)
2. Libuka tse amanang le bophelo ba lelapa
(Mehlala: Ho Etsa Bophelo ba Lelapa la Hao bo Thabileng, Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele)
3. Libibele le libuka tse nang le tšupiso
(Mehlala: New World Translation of the Holy Scriptures—With References, Libibele tse ling, Watch Tower Publications Indexes, Comprehensive Concordance, Insight on the Scriptures, The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures, buka e hlalosang mantsoe e ntle)
4. Libuka tseo hajoale li sebelisoang bakeng sa Thuto ea Buka ea Phutheho le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
5. Lik’hasete tsa audio le livideo
6. Meqolo e kopantsoeng ea Molula-Qhooa le Tsoha!
7. Histori ea Lipaki tsa Jehova
(Mehlala: Li-Yearbook of Jehovah’s Witnesses, Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo)
8. Libuka le libukana tseo re li sebelisang kamehla tšebeletsong ea rōna
(Mehlala: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, Ho Bea Mabaka ka Mangolo, Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?, Moloko oa Batho o Batla Molimo, Ho Kopana Borapeling ba Molimo o le Mong oa ’Nete)
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Sherezade o se a fetohile seithuti sa Bibele se molemo
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Le hoja a le monyenyane, moshemane enoa o sebelisa laebrari ea puso ea Molimo
-
-
Keketseho ea Sehlopha se BusangMolula-Qhooa—1994 | November 1
-
-
Keketseho ea Sehlopha se Busang
KA MORERO oa ho eketsa basebetsi ba Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova, ho tloha ka la 1 July, 1994, ho ekelitsoe setho se seng ho baholo ba 11 ba sebeletsang hona joale. Setho se secha ke Gerrit Lösch.
Moena Lösch o ile a kenela tšebeletso ea nako e tletseng ka la 1 November, 1961, ’me a feta sehlopheng sa bo41 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower. O ile a sebeletsa mosebetsing oa potoloho le oa setereke Austria ho tloha ka 1963 ho ea ho 1976. O ile a nyala ka 1967, ’me eena le mosali oa hae, Merete, hamorao ba ile ba sebeletsa ka lilemo tse 14 e le litho tsa lelapa la Bethele Austria, Vienna. Lilemong tse ’nè tse fetileng ba ile ba isoa ntlo-khōlō ea Mokhatlo Brooklyn, New York, moo Moena Lösch a sebelelitseng Liofising tsa Botsamaisi ebile e le motlatsi Komiting ea Tšebeletso. Ka phihlelo ea hae likabelong tse sa tšoaneng tšimong ea Europe le tsebo ea hae ea Sejeremane, Senyesemane, Seromania le Setaliana, e tla ba tlatsetso ea bohlokoa mosebetsing oa Sehlopha se Busang.
-