Ho Fumana Matla Hape, U sa Khathale
“O fa ea khathetseng matla, o atisa matla ho ea fokotseng.”—ESAIA 40:29.
1, 2. U ne u ka bontša joang hore na Bakreste ba na le eng e tšoanang le limathi tsa lebelo la mokoka?
HOSENG ho hong ka Mphalane 1984, letlaburu la batho ba 16 000 ba neng ba kenetse tlholisano la phethesela literateng bakeng sa ho qala lebelo la mokoka la Motse oa New York. Kholë e ne e le bohole ba lik’hilomithara tse ka bang 42,2 (limaele tse 26,2). Letsatsi leo le mofuthu o sa tloaelehang la hoetla le ne le e-na le mocheso o tepeletsang le mongobo o mongata tse monyang matla a limathi le ho leka mamello ea tsona. Peiso ea fetoha ntoa e khathatsang le tsona limathi tse hloahloa. Limathi tse ngata li ile tsa khathala ’me tsa tsoa lebelong; tse ka bang 2 000 ha lia ka tsa qeta. Tse ileng tsa qeta li ne li hlōtse maemo a thata haholo.
2 Bakreste le bona ba peisong. Moputso? Bophelo bo sa feleng. ’Me ho tšoana le semathi sa lebelo la mokoka, ba tlameha ho loana ho fihlela qetellong. Mamello e-ea hlokahala. Matla a tlameha ho bolokoa ’me ho qojoe mokhathala. Peiso ea rōna bakeng sa bophelo hase ea sekhahla feela empa ho e-na le hoo e tšoana le ea mokoka. Pauluse o ile a re ho Bakreste ba habo ba Korinthe: “Na ha le tsebe hobane, ha e le ka ba titimang lephallong, ho titima bohle; empa ea nkang moputso o ba mong feela? Titimang ka mokhoa oo le tlang ho o nka ka oona.” (1 Ba-Korinthe 9:24) Tsela eo Bakreste ba mathang ka eona ke ka boikitlaetso bo matla.—Luka 13:24.
3. Ke joang feela Bakreste ba ka bolokang lebelo le matla ho fihlela qetellong ea peiso?
3 Empa u ka ’na ua ipotsa: ‘Ke mang ea ka mathang ka lebelo leo ho qeta peiso?’ Ha ho lea mong ho rōna ea ka ho etsang ka matla a rōna. Ho fumana moputso, re tlameha ho kha hona Mohloling oa matla a maholo, Jehova Molimo.—Jobo 36:22; Pesaleme ea 108:13.
Jehova—Mohloli oa Matla a Maholo
4. Ho latela moprofeta Esaia, ke hobane’ng ha re ka tšepa matla a Jehova ho tšehetsa bahlanka ba hae?
4 Ha ho pelaelo hore Jehova a ka tšehetsa bahlanka ba hae. Ka molomo oa moprofeta oa hae Esaia, Ea matla ’ohle o ile a bua ka matla a hae a se nang moeli le ka mesebetsi ea Hae e matla e ke keng ea lekanngoa le eng kapa eng. O itse: “Lelalang holimo, le talime! Ea entseng ntho tseo ke mang? O tsamaisa makhotla a tsona ka lenaneo, o li thonya kaofela ka mabitso a tsona ka matla a hae a maholo, matla a hae a sa sitoeng ke letho; ha ho le e ’ngoe ho tsona e hlokahalang. . . . Na ha u tsebe, na ha ua ka ua utloa hobane Jehova ke Molimo oa ka mehla eohle, ’Mōpi oa lipheletso tsa lefatše? Ha a khathale, ha a fokole, kelello ea hae ha e lekanngoe.”—Esaia 40:26-28.
5, 6. Fana ka mehlala ea bopaki ba matla a maholo a Jehova.
5 Ho tloha ka lintho tse nyenyane ho isa ho tse khōlō, pontšo ea matla a Jehova a pōpo ke e tšosang! Ka mohlala, nahana ka liathomo—litene tse hahang tseo lintho tsohle li hahiloeng ka tsona, ho akarelletsa le rōna. Li nyenyane hoo lerotholi le le leng feela la metsi le nang le liathomo tse libillione tsa libillione tse 100 (Tsela ea Amerika ea ho bala). Leha ho le joalo, ho makatsang, bohareng ba liathomo ho na le matla a lekaneng ho ntša seqhomane se matla ka ho lekaneng ho ka cheka sekoti se botebo ba mekato e 32 le bophara ba limithara tse 390 ka lekhetlo le le leng.
6 Ka lehlakoreng le leng la tekanyo ea boholo, nahana ka letsatsi. Sebopi sena se bohareng, se boima ba litone, se futhumatsa mafatše a rōna a potolohang letsatsi. Se hotetsoa ke matla ao se a fumanang liathomong tse nyenyane. Le hoja bophelo bohle lefatšeng—limela, liphoofolo, le batho—bo itšetlehile ka matla a ntšoang ke sefehla-matla sena se seholo se khanyang, ha e le hantle, lefatšeng ho fihla karolonyana feela ea matla a letsatsi. Empa, ao a lekane ho tšehetsa bophelo. Bukeng ea hae Astronomy, setsebi sa linaleli Fred Hoyle o-oa ngola: “Karoloana e nyenyane feela ea matla a Letsatsi a oelang Lefatšeng—e hakanngoang hore e ka ba likarolo tse hlano ho tse limillione tsa limillione tse lekholo—e ka ba khōlō ho matla oohle a sebelisoang mesebetsing e meholo ea khoebo ea lefatše ka makhetlo a ka bang 100 000.”
7. Re lokela ho ikutloa joang ka Jehova ho ba re nahane ka matla a bonahalang pōpong ea hae?
7 Leha ho le joalo, letsatsi ke e ’ngoe ea linaleli tse libillione tse etsang sehlopha sa rōna sa linaleli tsa molala—’me ke naleli feela e itekanetseng. Ho phaella moo, litsebi tsa linaleli li hakanya hore ho ka ’na hoa ba le lihlopha tsa linaleli tse 100 000 000 000 tse 100 bokahohleng bo tsejoang. Ho nahana ka hona ke ho tšosang, na ha ho joalo? Ha se feela monna Jobo, kamor’a hore a nahane kamoo Jehova ‘a alileng maholimo ka teng,’ a ileng a re Molimo o ne o “etsa lintho tse kholo, tse sa fihleloeng, lintho tse makatsang, tse sa baloeng.”—Jobo 9:8-10.
Jehova a ka U Matlafatsa
8. (a) Ke mang feela ea ka khang ka botlalo matleng a Jehova, hona hobane’ng? (b) Tšepiso e ho Esaia 40:29-31 e matlafatsa tumelo joang?
8 Barapeli ba ’nete ba Jehova ba ka ’na ba kha ka bolokolohi le ka botlalo Selibeng sena sa matla a maholo a hlolileng le ho tšehetsa bokahohle. Bahlanka ba Jehova ba ka ‘tiisoa ka matla ka moea oa hae o halalelang,’ ba sa tšohe hore ba ka haelloa ke matla. (Ba-Efese 3:16; Pesaleme ea 84:4, 5) Ka sebele ho hapa hoa rōna peiso bakeng sa bophelo ho itšetlehile ka tšepo e se nang moeli ea hore letsoho la Molimo o matla ’ohle le ka re sutuletsa ho fihla kholèng. O ka re matlafatsa. Joalokaha moprofeta Esaia a re ka Jehova: “O fa ea khathetseng matla, o atisa matla ho ea fokotseng. Ba bacha ba khathala, ba fokola, likoankoetla lia oa. Empa ba itšepelang Jehova ba bona matla a macha, ba fofa joale ka ntsu, ba titima, ’me ha ba khathale; ba tsamaea, ’me ha ba fokole.” (Esaia 40:29-31) Koana, ho bala mantsoe ao feela ho ka susumetsa moea oa rōna!
9. Jehova a ka u thusa joang ka mathata a hao a kang ‘lithaba’?
9 Ha u tobane le mathata a bonahalang a le maholo a tšosang ho thibela cheseho ea hao bakeng sa borapeli ba ’nete, u ka ’na ua ikutloa u le mosesaane ebile u se na thuso. U se ke ua nyahama. Retelehela ho Ntate oa hao oa leholimo ea matla ’ohle. O matlafatsa ‘bohle ha mo tšepileng.’ Na ’Mōpi oa athomo a ke ke a fa batho ba hae matla a maholohali a lekaneng ho suthisa ‘lithaba’ tseo? Ka sebele a ka ho etsa!—Mareka 11:23.
10. (a) Ke lintho life tse ka khathatsang limathi tsa Bakreste? (b) Satane o batla ho u etsa’ng?
10 Ka lehlakoreng le leng, Bakreste ba bang ba ka ’na ba ikutloa ba khathetse haholo ke ntoa ea letsatsi le leng le le leng khahlanong le likhatello tse tsoang lefatšeng le pepesang ho se hlomphe metheo ea Bokreste hoo ba ikutloang eka ba ka khoehlisa kapa hona ho khaotsa peisong ea bophelo. Ho kula, mathata a lichelete, mathata a lelapa, bolutu, kapa mathata a mang le tsona li ka baka ho nyahama. ’Me ho nyahama ho ka monya matla a Mokreste ka potlako, habonolo feela joalokaha letsatsi le chesang le ka monya ka potlako matla a semathi sa lebelo la mokoka. Sera se seholo, Satane Diabolose, o sebelisa lintho tse joalo ho leka ho roba botšepehi ba hao joaloka mohlanka oa Jehova. (1 Petrose 5:8) U se ke ua lumella Satane ho ho etsa! Talima ho ’Mōpi oa lihlopha tseno tsa linaleli tse likete-kete tsa leholimo ho nchafatsa matla a hao a moea. Jehova a ka u tšehetsa.—Pesaleme ea 37:17; 54:4.
11. Re ka ithuta eng ka tsela eo Davida a tobaneng le mathata ka eona?
11 Ha a ne a tobane le mathata, kamehla Davida o ile a fumana hore Jehova ke mohloli oa matla a macha. A matlafalitsoe ke moea o halalelang, Davida ka hona o ne a ka khona ho “tlōla” khanyetso leha e le efe. O itse: “Ka uena nka nehella lekhotleng la lira, ka Molimo oa ka nka tlōla lerako.” Davida o boetse a re: “Ka Molimo re tla hlōla, ke oona o tla hatakela lira tsa rona.” (Pesaleme ea 18:29; 60:12) Jehova a ka u etsetsa ho tšoanang.
Loantša Mokhathala oa Moea
12. (a) Ke hobane’ng ha ho tlameha ho tlosoa mokhathala oa moea ka potlako? (b) Matšoao a mokhathala oa moea ke afe? (c) Jehova o entse litokisetso life bakeng sa ho tsosolosa ba khathetseng moeeng?
12 Re lokela ho hlokomela ka potlako matšoao a ho khathala moeeng ’me ka potlako e tšoanang, re nke bohato ba ho a loantša ka katleho. Hobane’ng? Hobane ke feela bao ba seng ba kae ba ‘ikitlaetsang ka matla ho kena ka monyako o patisaneng,’ kapa limathi tsane tse fihlang kholèng, ba fumanang moputso oa bophelo bo sa feleng. (Luka 13:24, NW; Ba-Filippi 3:12, 13) Hlahloba lebokose le mona le nang le sehlooho se reng “Mekhoa e Meng ea ho Loantša Mokhathala oa Moea.” Na u hlokomela a mang a matšoao aa ho uena kapa ho setho se seng sa lelapa? Haeba ho joalo, nka mehato e potlakileng ho etsa liphetoho. Nchafatsa bomoea ba hao ka ho kha matla litokisetsong tse thathamisitsoeng tsa Jehova.
13, 14. (a) Ke mehlala efe e ka re thusang ho nchafatsa matla a rōna a moea? (b) Keletso e tsoang ho mohlanka oa nako e telele oa Jehova e ka re thusa joang ho lula peisong?
13 U ka hanela tšekamelo ea ho khathala ka hore u etsise mehlala ea bahlanka ba hlolang ba Molimo e tlalehiloeng Bibeleng. Banna le basali, bana le maqheku ba ileng ba mamella ho isa qetellong, ba ne ba le bangata. Bala ka bona mangolong a kang Ba-Heberu 11:4-40. Ka ho tšoanang, mehleng ena re na le baena ba rōna le likhaitseli ba ratehang ba bangata ba tsoelang pele ho sebeletsa Jehova ba sa khathale.
14 George, ea phelang karolong e ka boroa ho United States, ke mohlala oa semathi sa Mokreste se sa khathalang. Kamor’a lilemo tse fetang 50 a le peisong ea bophelo bo sa feleng, o ntse a le matla. O re fa keletso efe?
“Ka tieo nka re, khomarela mokhatlo o hlophisitsoeng. Hopola hore Jesu Kreste, joaloka Mokhethoa oa Jehova, ke eena ea tsamaisang mokhatlo o hlophisitsoeng. Ka hona u se ke ua nyahamisoa ke ha e mong ea haufi-ufi le uena a fetoha ea sa tšepahaleng. Haeba ho e-na le ntho e ’ngoe eo u sa e utloisiseng hantle kapa eo u fumanang ho le thata ho e amohela, tšepa hore kamor’a nako e tla hlakisoa. Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o re fihlisitse boholeng bona. U tšepe hore o tla re tataisetsa Tsamaisong e Ncha.”—Johanne 6:66-68.
15. Haeba mehlala e metle e tla nchafatsa moea oa rōna, re tlameha ho etsa eng?
15 Ho ka etsahala hore ho na le ba bang ba batho bana ba bohlokoa phuthehong ea heno, kapa u ka kopana le bona likopanong tsa potoloho. Bua le bona. Ithute ho bona. Ho phaella moo, mehlala ea ba bang ba tšepahalang e fumanoa ho Yearbook, le Molula-Qhooa, le libukeng tse ling tsa Watch Tower. Bala litlaleho tsena. Bona hore na ke joang u ka khang matla liphihlelong tseno.
Baholo—Le be ‘Lithuso tse Matlafatsang’
16. (a) Baholo ba ka thusa Bakreste ’moho le bona ho fumana matla hape joang? (b) Baholo ba hloka ho sebelisa masene joang ha ba fana ka khothatso le keletso?
16 Haholo-holo ke baholo ba phutheho ba lokelang ho ba hlokolosi ho thusa litho tse bontšang matsoao a bofokoli. Esaia 35:3 e fana ka keletso e molemo ka ho re: “A le ke le feng matsoho a tepeletseng matla, le tiise mangole a tetemang.” Empa lōna baholo le ka etsa karolo ea lōna joang ho see? Har’a tse ling, le be seli. Upollang sesosa sa sebele bakeng sa ho theoha ho bonahalang. Fanang ka litlhahiso tse sebetsang tsa Mangolo tse loketseng motho eo hantle. Empa hlokomelang. Le batla ho khothatsa moena oa lōna, e seng ho mo nyahamisa.a Ka hona, le se ke la kenya matsoalo a lōna ho motho e mong, kapa ho qobella motho hore a latela qeto ea lōna, kapa la mo nka e le Mokreste ea sa hōlang tsebong haeba a le leqe ho amohela pono ea lōna ea botho. Baholo ba tlameha ho thea keletso le khothatso ea bona Bibeleng. Ha ba rate ho nyahamisa limathi ’moho le bona ka ho ba bokella ka melao e sa hlokahaleng ea phutheho.—Bapisa Mattheu 11:28, 29 le Mattheu 23:2-4.
17. Baholo ba ka tobana le maqiti a Satane joang a reretsoeng ho fokolisa Bakreste ba habo bona?
17 Baholo ba ka bea mehlala e metle joaloka balateli ba Kreste ka ho potlakela ho babatsa litho tsa phutheho. Li etseng hore li ikutloe li ratoa le ho hlokoa ka tieo! Kamehla tsamaiso ea Satane e itokiselitse ho etsa hore Mokreste a ikutloe a sa fella. Ntlheng ena lebelong la bona la bophelo, baena ba rōna ha ba hloke likhanyetso, empa ba hloka metsoalle e ba khothaletsang ho hlōla. Ka mohlala, ha khaitseli e mong ea lilemong tse bohareng a lokela ho khaotsa bopula-maliboho, pelo ea hae e ne e chesa ke takatso ea ho khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng. Empa o ne a ke ke a ho etsa ka baka la maemo a lichelete. Le hoja a ne a bua hantle, moholo e mong a mo botsa ka tsela e batlang e nyatsa: “U tla boela u e-ba pula-maliboho neng?” Karabelo ea hae e bonolo ea mo makatsa: “Ha monna oa ka a ka khona ho lefella ntlo.” Seo moholo a hlōlehileng ho se hlokomela, empa hamorao a ile a ithuta sona, e ne e le hore bopula-maliboho ba hae bo ne bo tšehelitsoe haholo ke moputso oa mosebetsi oa monna oa hae. Empa ha mohiri oa monna oa hae a e-ba le mosebetsi o eketsehileng o neng o belaetsa bakeng sa Mokreste, letsoalo la monna oa hae la mo susumelletsa ho ea batla mosebetsi o mong. Lilemong tsa hae, mesebetsi e ne e sa fumanehe habonolo. Ka hona o ne a tlameha ho lula mosebetsing o lefang hanyenyane haholo; ka hona, ho ne ho hlokahala hore mosali oa hae a sebetse ka nako e tletseng.
18. Ke ka tsela efe baholo e ka bang “thuso e matlafatsang”?
18 Ho tsoa phihlelong ena, na re lokela ho utloisisa hore baholo ba lokela ho tsila-tsila ho eletsa Bakreste hammoho le bona? Che. Ho e-na le hoo, ha keletso kapa khothatso e hlokahala, baholo ba lokela ho lemoha maemo a sebele a baena ba bona e seng feela ho sheba boemo bo ka ntle. (Jakobo 2:15, 16) Ka tsela ena, baholo e ka ba “thuso e matlafatsang” phuthehong ea bona.—Ba-Kolosse 4:11, NW.
19. U ka etsa’ng ho thusa bo-pula-maliboho hore ba se khathale?
19 Palo e hōlang ea bahoeletsi ba ‘Muso e phahamisitse lebelo la bona ’me hona joale ke bo-pula-maliboho ba kamehla. Litlatse tsa letšsoele li ka khothalletsa limathi tsa lebelo la mokoka ho fumana matla. Ka hona u etsa eng ho khothalletsa tlhōlo ho bo-pula-maliboho ba phuthehong ea heno? Doug le Joanne ba entse tšebeletso ea nako e tletseng mosebetsi oa bona oa bophelo. E ka ba ho nyahamisang ha ba bang ba ba botsa, “Le tla ba le bana neng?” kapa, “Le tla qetella le tsitsitse neng?” Leha ho le joalo, ho etsahala eng ha Lipaki tse ling li ba thooletsa ka ho re, “Tsoelang pele ka mosebetsi o motle. Re thabile ha le le bo-pula-maliboho phuthehong ea rōna”? Ha ho qojoe mokhathala oa moea feela, empa ba thusoa ho fofa joaloka lintsu tšebeletsong ea bona ea bopula-maliboho.—Bapisa Esaia 40:31.
Kamoo Bo-pula-maliboho ba ka Fumanang Matla
20, 21. Ba bang ba fumane matla hape joang tšebeletsong ea nako e tletseng?
20 Mamela banyalani bana, Frederick le Marian. Ba tseba mokhoa oa ho fumana matla hape. Ke baromuoa ba sebeletsang naheng e ’ngoe e Amerika Bohareng, ’me ka bobeli ba lilemong tsa bona tsa bo70. Frederick o qalile mosebetsi oa hae oa boromuoa ka 1946, Marian ka 1950. Ke eng e ba bolokang ba tsoela pele tšebeletsong ea Jehova? Frederick o-oa arabela: “Ho phaella leratong la ho rata Jehova le ho rata ho thusa batho ba bang, ke ho boloka pakane ea bophelo bo sa feleng kelellong. Mosali oa hae o arabela ka hore ‘litšepiso tsa Jehova li re bolokile re tsoela pele.’ Ba lula ba sa khathale joang? Frederick o-oa eletsa, “Ho sa tsotellehe ho re na kabelo ea hao ke efe tšoareha ho eona.” Marian o-oa khothaletsa “ho tsitsa tšebeletsong ea puso ea Molimo” ’me o-oa phaella: “Ha u ntse u tsofala, u sitoa ho etsa sohle seo u ratang ho se etsa. Hoo ho ne ho ka nkhentša, empa ke buisana le Jehova ka hona ka thapelo.” Frederick o qetella ka keletsonyana ena e molemo: “Re rapela bosiu bo bong le bo bong ’me re kōpa Jehova hore a re thuse.”—1 Petrose 4:7.
21 Lavonia o lilemo li 67 ’me e bile pula-maliboho oa kamehla ka lilemo tse fetileng tse 20. Selemong se fetileng, o qetile matsatsi a 15 a le sepetlele ’me hona joale o ntse a le tlhokomelong ea meriana bakeng sa pelo ea hae. Lefu la litho tse ’maloa tsa lelapa, ho akarelletsa monna oa hae le ntate oa hae, e bile ho mo tepeletsang kelellong. Ho ntse ho le joalo o ntse a ikitlaetsa. O fumane matla hape joang? O re: “Ho khona ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela, ha e le hantle e bile thuso. Hobane ha ke khona ho bua le ba bang ka Jehova, ho tlosa kelello ea ka mathateng a ka ’me ho mpha khotso ea kelello le thabo e etsang hore bophelo e be bo thabisang. Ha a rere ho tlohela bopula-maliboho leha ho le joalo, empa o re: “Ho bona ba bang ba ithuta ka Jehova le merero ea hae e meholo ho mpha thabo e khōlō hoo nke keng ka nahana le ka ho emisa tšebeletso ea bopula-maliboho.”—Liketso 20:35.
22. Ho hapa peiso ea bophelo bo sa feleng, re tlameha ho tsoela pele re etsa eng?
22 Ho sa tsotellehe ho re na re khona ho ikitlaetsa re le bo-pula-maliboho ntlheng ena bophelong kapa che, bohle re ka lula re le haufi-ufi le Mohloli oa matla a maholo, Jehova, le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng. A re tsoeleng pele re fumana matla ka ho sebeletsa Molimo oa rōna ka botšepehi. ’Me, joaloka Habakuke, re ka re: “Jehova Morena ke matla a ka; o tla fetola maoto a ka, a be joale ka a likhama.” (Habakuke 3:19) Kahoo re ke ke ra khathala kapa ho nyahama. Hopola hore peiso e se e batla e felile. Re haufi le kholè!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka ho thahasellisang, lentsoe bakeng sa khothatso ho Ba-Filippi 2:1 le Ba-Heberu 6:18 (NW) le tsoa leetsing la Segerike le bolelang “ho sebelisa tšusumetso e bonolo ka mantsoe” kapa “ho bua le motho e mong, ka tsela e molemo le e hahang.”
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Ke mang feela ea ka khang ka bolokolohi matleng a maholo a tsoang ho Jehova?
◻ A mang a matšoao a mokhathala oa moea ke afe?
◻ Ke litokisetso life tsa Jehova tse ka re thusang ho fumana matla?
◻ Baholo le ba bang ka phuthehong ba ka thusa bo-pula-maliboho ho lula ‘peisong’ joang?
[Lebokose le leqhepheng la 19]
Litsela tse Ling tsa ho Loantša Mokhathala oa Moea
Matšoao a Mokhathala
◻ Ho haelloa ke boitšoaro ka ho ja, ho noa, le ho phehella boithabisa
◻ Ho lahleheloa ke cheseho bakeng sa ’nete, moea oa boikhabi
◻ Ho koetla lipelaelo tse teblieng le tse qophellang
◻ Ho hlokomoloha botsoalle libokeng tsa phutheho
◻ Ho fokolloa ke cheseho le thabo tšebeletsong ea tšimo
◻ Ho ba ea nyatsang baholo le mokhatlo o hlophisitsoeng ka ho fetisisa
Lithuso tsa ho Mamella
◻ Ho rapella thuso ka moea o halalelang—Luka 11:13; Ba-Galata 5:22, 23; 1 Petrose 4:7
◻ Boithuto ba botho—Pesaleme ea 1:1, 2
◻ Ho nahanisisa ka litaba tsa Mangolo—Pesaleme ea 77:12
◻ Ho ba teng kamehla libokeng le likopanong—Nehemia 8:1-3, 8, 11; Ba-Heberu 10:23-25
◻ Ho nka karolo kamehla tšebeletsong ea tšimo—Liketso 20:18-21
◻ Thuso ea moea e tsoang ho baholo ba phutheho, balebeli ba tsamaeang—Ba-Roma 1:11, 12; Ba-Heberu 13:17
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Jehova, ’Mōpi oa Bokahohle, o thusa Lipaki tsa hae ho fumana matla hape
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto ea NASA