Pina ea 161
Rapelang Jehova Kamehla
1. A re rapeleng Jehova feela.
Re filoe k’eena tokelo ena.
Ha re tla ho eena ha re tšabe.
Kaha ho rōna ke eena Ntate.
Re rapeleng kamehla.
2. A re rapeleng kamehla eohle,
Re tle re hlōle liteko tsohle.
Re kōpeng hape le ho tšoareloa.
Re sirelelitsoe ke Jehova.
Re rapeleng kamehla.
3. A re rapeleng ha ho le thata.
Jehova k’een’a tla re imolla.
Re mo rolele mathat’a rōna.
O re file tlh’onolofatso’ena.
Re rapeleng kamehla.
4. A re rapeleng ’me re roriseng
le ho leboha ’Mōpi’a phahameng.
R’eeng ho Jehova ka tieo eohle
’Me re’a bona hore o lokile.
Re rapeleng kamehla.