Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Fatisisa ka Lentsoeng la Molimo
    Molula-Qhooa—1985 | June 15
    • Ho Fatisisa ka Lentsoeng la Molimo

      “Ha u ka e rafa joale ka matlotlo a patiloeng mobung, ke moo u tla fihlela tsebo ea Molimo.’—Liproverbia 2:4, 5.

      1. Mohloli oa ’nete oa thabo ke eng, hona hobane’ng?

      “HO LEHLOHONOLO motho ea fumaneng bohlale, ea fihletseng kutloisiso; hobane khoebo ea jona e fetisa silevera, ho ata ha jona ho fetisa ha gauda. Bo fetisa liparela ka bohlokoa, tsohle tse lakatsehang ha li lekane le bona. Bo kakatletse bolelele ba litšiu letsohong le letona . . . ke sefate sa bophelo ho ba bo ruileng, ba bo lotolotsang ba na le lehlohonolo.”—Liproverbia 3:13-18.

      2. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li thabile, empa li fuoa keletso efe ho tloha nakong ea kolobetso ea tsona?

      2 Ka sebele Bakreste ba ’nete ba thabile hore e be ba fumane bohlale. Hoo ho bolela matla a ho sebelisa tsebo ea bona ea Lentsoe la Molimo borapeling ba bona bo mafolo-folo, ho rarolla mathata a bona a letsatsi le letsatsi, le ho etsa liqeto mabapi le lipakane tsa bona bophelong. Pele motho ofe kapa ofe a amoheloa ke Lipaki tsa Jehova bakeng sa kolobetso, ho hlahlojoa tsebo ea hae ea motheo ea Bibele ka lethathamo la lipotso tse khethiloeng. Potso e ’ngoe e qetellang e re: “Ha u kolobelitsoe metsing, ke hobane’ng ha ho tla ba hotle hore u be le kemiso e ntle ea boithuto ba botho le ho kopanela kamehla tšebeletsong?” Hona ho hatisa kelellong ea motho eo ea eang kolobetsong taba ea hore ho hlokahala hore a tsoele pele ho ithuta ho feta lithuto tse qalang ’me a “fetele ho tsa khōlo.” (Ba-Heberu 6:1) Empa na ke bohle ba mamelang keletso ee?

      3, 4. (a) Pauluse o boletse eng ka Bakreste ba bang Korinthe le Judea? (b) Ke eng ho bonahalang e le bothata ho Bakreste ba bang kajeno?

      3 Lengolong la moapostola Pauluse le eang ho Bakreste ba Korinthe o ile a belaela ka hore o ne a sa khone ho bua le bona ‘joale ka hoja e le batho ba moea,’ empa hore ho ile ha hlokahala hore a bue le bona ‘joale ka hoja e le masea ho Kreste.’ (1 Ba-Korinthe 3:1) Ka ho tšoanang, o ile a ngolla Bakreste ba Judea mantsoe ana: “Bakeng seo, re na le litaba tse ngata tseo re ka li bolelang, empa li thata ho hlalosoa, kahobane le fetohile ba botsoa ho mameleng. Hobane ekabeba ke khale le le baruti, athe le sa ntse le tšoaneloa ke ho rutoa litaba tsa bonyenyane, tseo taba tsa Molimo li qaloang ka tsona; ’me le fetohile batho ba tšoaneloang ke ho fepjoa ka lebese, e seng ka lijo tse tiileng. Hobane e mong le e mong ea fepjoang ka lebese, o sitoa ho ikutloela lentsoe la ho loka; kahobane e sa le ngoana.”—Ba-Heberu 5:11-13.

      4 Ka ho tšoanang le kajeno, ho bonahala e ka ba bang, hang ha ba fumane tsebo e lekaneng hore ba inehele ho Jehova, ka tšepo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng lefatšeng, ha ba hlaolele mekhoa e tebileng le nako e telele ea ho ithuta. Ba ka ’na ba ikutloa hore ba se ba tseba ka ho lekaneng hore “ba ka ’na ba tsoela pele.” Ha ba fete boemo ba ho iphepa ka “lebese.” Pauluse o boletse ka ho hlakileng hore ba joalo ba lula ba “sitoa ho ikutloela lentsoe la ho loka,” ke hore, ha ba tloaela ho sebelisa “lentsoe la ho loka” ho leka lintho. Pauluse oa phaella: “Empa lijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebelisoa hona.”—Ba-Heberu 5:14.

      “Lijo tse Tiileng” Lia Hlokahala Khōlong

      5, 6. (a) Ke boemo bofe boo hangata bo bonahalang ho ba bang bao e leng lilemo ba le ’neteng, ’me ke hobane’ng ha hoo ho sa tloaeleha? (b) Pauluse o itseng ho ba joalo, ’me joale ba lokela ho etsa eng?

      5 E se e le lilemo tse kae u le mohlanka ea inehetseng oa Jehova? Sheba khōlo ea hao ea moea ka lilemo tseo. Na ka Bibele u khona ho hlalosa feela linnete tsa motheo, ‘taba tsa Molimo tseo ho qaloang ka tsona’? Ba seng bakae ba bileng tseleng ea Bokreste ka lilemo tse 10 kapa 20 ba ntse ba le boemong ba ho fepjoa ka “lebese.” Batho ba ne ba tla nahana eng ka ngoana ea lemo li 10, kapa mohlankana kapa moroetsana ea lemo li 20, ea ntseng a nyantšoa lebese ka botlolo? Na hoo e ne ke ke ea e-ba ho sa tloaelehang? Na lijo tse joalo tsa lebese li ne li ke ke tsa sitisa khōlo ea motho eo? Motho eo a ka ’na a phela, empa a ke ke a hōla ho ba motho ea moholo ea matla le ea koenneng. Ho joalo le litabeng tsa moea.

      6 Ke hobane’ng ha ba bang bao e bileng Bakreste ka lilemo ba seng matla moeeng ka ho lekaneng hore ba nke karolo e mafolo-folo ho thusa bao e leng “masea,” ba sa tsoa emela Jehova? Batho bana ba sa bontšeng khōlo, ka lilemo ba ’nile ba amohela nako le tlhokomelo ea baholo ba Bakreste le ea ba bang ba hōlileng ka tsebo. Empa joaloka ha Pauluse a boletse, ba joalo ‘e ne e tlameha e be ke khale e le baruti.’ ’Me hore e be baruti, ba tlameha ho tsoela pele ho ja ho fetang “lebese” ’me ba tloaele ho ja “lijo tse tiileng.” Ba ka etsa hoo joang?—Ba-Heberu 5:12.

      7. Ho latela Ba-Heberu 5:14, “lijo tse tiileng” li loketse batho bafe, hona Mokreste e ba e mong oa ba joalo joang?

      7 Pauluse o re “lijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng,” ’me o ba hlalosa e le “bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebelisoa hona.” Ka mantsoe a mang, ba itloaelitseng ho sebelisa tsebo efe kapa efe ea Lentsoe la Molimo eo ba nang le eona ho khetha ho hotle le ho hobe butle-butle ba tla koetlisa matla a bona a ho lemoha ’me ba tla fumana khōlo ea Bokreste. Ba tla tloaela ho sebelisa “lentsoe la ho loka” ho leka lintho ’me kahoo ba khetholle pakeng tsa tse hahang le tse kotsi boitšoarong, moeeng, le nameng. Ka ho sebelisa seo ba ithutang sona e ke ke ea hlola e e-ba ‘ba sa tloaelanang le lentsoe la ho loka.’ E tla ba “batho ba hōlileng tsebong,” bao ‘lijo tse tiileng e leng tsa bona.’—Ba-Heberu 5:13, 14.

      Hlaolela Mekhoa e Metle ea “Ho ja”

      8. Mokreste a ka iketsa hore a khotsofatsoe ke “lebese” feela joang, empa a ka fetola mekhoa ea hae ea “ho ja” lijo tsa moea joang?

      8 Batho ba kulang ba neng ba ntse ba jesoa lebese ka nako e telele ba lokela hore ba tloaetse hape ’mele ea bona ho ja lijo tse tiileng. Ka ho tšoanang, ba itloaelitseng ho khetha lijo tsa moea tse fepjoang ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ’me ba siea lijo tse hlokang “ho hlafunoa” (ho nahanoa ka ho teba le ho etsa patlisiso e kholoanyane), ho tla hlokahala hore ba hōlise mekhoa e metle ea “ho ja” lijo tsa moea. Ba tla tlameha ‘ho tsosa maikutlo a bona a hloekileng’ le ‘ho ikitlaetsa ka matla.’—Mattheu 24:45; 2 Petrose 3:1, 2; Luka 13:24.

      9. Ke eng ho ka thusang motho ea feletsoeng ke takatso ea lijo?

      9 Lintho tse tharo li ka thusa motho ea neng a kula ho boela a fumana tatso ea lijo tse tiileng le tse matlafatsang: (1) tšusumetso e loketseng, ke hore takatso ea ho fola le ea ho ba le matla hape, (2) ho ja lijo tse tsosang takatso ea ho ja ka linako tse tloaelehileng tsa ho ja, le (3) moea o lekaneng o hloekileng le ho ikoetlisa. Lintho tsee li ka thusa motho ea feletsoeng ke takatso ea hae ea lintho tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo joang?

      10. Ke eng e nepahetseng e lokelang ho re susumelletsa ho eketsa tsebo ea rōna ea Lentsoe la Molimo?

      10 Motho ofe kapa ofe ea neetseng bophelo ba hae ho Jehova o lokela ho ba le tšusumetso e matla ea ho batla ho eketsa tsebo ea hae ea Lentsoe la Molimo. Lerato la rōna ho Jehova le re susumelletsa ho tloaelana hamolemo le litšoaneleho tsa hae, thato ea hae, le merero ea hae e babatsehang. Hona ho hloka ho ithuta ho tebileng le ho nahana ka botebo. (Pesaleme ea 1:1, 2; 119:97) Ho feta moo, tšepo ea rōna ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la Molimo la Paradeise e itšetlehile ka ho tsoela pele ha rōna re ‘fumana tsebo ka Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.’ (Johanne 17:3) Empa takatso ea ho phela ka ho sa feleng ha ea lokela ho ba tšusumetso ea rōna e kholo ea ho ithuta Mangolo. Bajode ba bang ba se nang tumelo ba ile ba etsa phoso e joalo. ‘Ho botsisisa ha rōna Mangolo’ ho tlameha ho etsoa haholo-holo ka lebala la ho rata Molimo le takatso ea ho etsa thato ea oona.—Johanne 5:39-42; Pesaleme ea 143:10.

      11. Re fepuoa lijo tse tsosang takatso ea lijo joang kamehla?

      11 Lijo tse ngata tsa moea tse tsosang takatso ke tse fepuoang kamehla le “nakong ea teng” ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ’me li lokela ho re susumelletsa bohle ho bontša kananelo ea rōna ka ho amohela ka matsoho a mabeli lintho tsena tse molemo tse fanoang. (Mattheu 24:45) Re lokela ho hlaolela mekhoa e metle ea “ho ja” lijo tsa moea ka ho behela ka thoko nako e lekaneng ea ho bala le ho ithuta taba eohle e hatisitsoeng libukeng le limakasineng tsa Watch Tower Society. Lijo tsa moea li fepjoa kamehla libokeng tse hlano tsa beke le beke tse hlophisitsoeng liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle. Na u ba teng libokeng tsee tsohle ’me u lokiselitse hantle hore u tsebe ho thuisa lijo tse fepuoang?

      12. (a) Tsela e ’ngoe eo Mokreste a ka tsosang takatso ea hae ea lijo tsa moea ke efe? (b) Ka hona, re ka ipotsa lipotso life?

      12 Lerato bakeng sa Molimo le lerato bakeng sa baahelani le lokela ho re susumelletsa ho ithuta Lentsoe la Oona. (Luka 10:27) Motho ea feletsoeng ke takatso ea lijo a ka thusoa ka hore a be sebakeng se nang le moea o hloekileng le ka boikoetliso. Ka hona, le Mokreste ea batlang ho tsosa takatso ea “lijo tse tiileng” a ka thusoa ke ho tsoela mosebetsing oa boboleli ho sebelisa tsebo ea hae ho jala “evangeli ena ea ’Muso” le ‘ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’ (Mattheu 24:14; 28:19, 20, NW) Hopola, Pauluse o boleletse ba neng ba fetohile ba hlokang ho “fepjoa ka lebese” kapa masea a moea hore ‘ba ne ba lokela hore e be ke baruti.’ (Ba-Heberu 5:12) Khōlo ea hao e joang ha ho shejoa nako eo u bileng Mokreste oa ’nete ka eona? Haeba u moena, na u tsoetse pele hoo joale u leng “moruti” ea molemo tšimong, ’me hape mohlomong u le moholo ka phuthehong? Haeba u khaitseli ea Mokreste na u khona ho khanna lithuto tsa Bibele tse hahang malapeng a batho ba bontšang thahasello ’neteng ea Molimo kapa mohlomong ho thusa bo-khaitseli ba bang ba Bakreste mosebetsing oa ho paka?

      Etsa Hore ho Ithuta e be ho Thabisang

      13. Phapang ke efe pakeng tsa ho bala le ho ithuta?

      13 Ho ’nile ha boleloa hore ho bala ke thabo ha ho ithuta e le mosebetsi. Ke ’nete. ’Malo o matlafatsang o ka etsoa ka morero oa boikhathollo bo thabisang. Ke eng ho neng ho ka thabisa ho feta ho sebelisa hora kapa tse peli u lutse hamonate u bala tlaleho e tsoang ho Yearbook of Jehovah’s Witnesses kapa tokollo ea makasine oa Tsoha!? Leha ho le joalo, ho ithuta ho bolela mosebetsi. Buka e hlalosang mantsoe e re: “Ho ithuta ho fana ka tlhahiso ea ho bea maikutlo tabeng ka morero oa ho ela hloko lintlha tse ka senolang kamoo li ka sebelisoang kateng, ho se tšoane, kapa ho amana ha ntho e ithutiloeng.” E, ho ithuta ho hloka boiteko. Joalekaha mosebetsi ofe kapa ofe o entsoeng hantle o ka khotsofatsa le ho putsa, ho ithuta e ka ba ho thabisang le ho putsang moeeng. Ho molemong oa rōna hore re ithute. Joang?

      14. Ho ka ’na ha hlokahala hore u etse eng hore ho ithuta ha hao ha botho ho thabise le ho ba molemo haholoanyane?

      14 Hore ho ithuta e be ho thabisang le ho ka re tsoelang molemo, ho hlokahala hore re be le nako e lekaneng ea ho ithuta. Kaha “ho ithuta ho fana ka tlhahiso ea ho bea maikutlo tabeng ka morero oa ho ela hloko lintlha,” ke hangata hakae u ka bolelang ka botšepehi hore u ithutile Molula-Qhooa oa hao kapa buka e sebelisoang bakeng sa Thuto ea Buka ea Phutheho? Na e ne e ke ke ea ba ho nepahetseng haholoanyane ho bolela hore hangata u thallatsa mahlo feela tabeng e ithutoang e be ka potlako u thala mola tlas’a likarabo tsa potso, ntle ho ho fumana lintlha le mabaka a litlhaloso tse fanoeng? Haeba u na le bothata bona, mohlomong bohato ba pele boo u lokelang ho bo nka ho ntlafatsa mekhoa ea hao ea “ho ja” lijo tsa moea ke ‘ho reka nako e loketseng’ ea ho ithuta. (Ba-Efese 5:15-17, NW) Hona ho ka bolela hore re lokela ho nka nako e khōlō mesebetsing eo e seng ea bohlokoa bo boholo. U ka tsota hore na ho ithuta e ka ba ho thabisang hakaakang ha u na le nako ea ho balisisa boitsebiso hantle ho e-na le ho bo tsamaea holimo.

      15. Ke eng hape ea bohlokoa e etsang hore ho ithuta e be ho thabisang le ho molemo moeeng?

      15 Ho amanang le nako ke thapelo. Tlhohonolofatso ea Jehova ea hlokahala hore ho ithuta e be ho molemo moeeng. Re hloka ho mo rapela, ka lebitso la Jesu, re mo kōpe hore a bule likelello tsa rōna le lipelo tsa rōna le ho li etsa hore li hle li amohele linnete tse tla ithutoa. Ke hangata hakae o ileng oa tlameha ho lula fatše ka potlako u lokisetsa liboka, hamorao u hlokomele hore u lebetse ho kōpa Jehova ho u hlohonolofatsa le ho u nea bohlale ba ho sebelisa lintho tseo u ithutileng tsona bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi? Ke hobane’ng ha u itima thuso ea Jehova ha e le teng hore u ka e kōpa?—Jakobo 1:5-7.

      Ho Fatisisa

      16. Tumellanong le temana ea sehlooho ea thuto ena, re tlameha ho etsa eng ho fumana tsebo, masene, le kutloisiso?

      16 Liproverbia 2:4, 5 lia bolela: ‘Ha u ka e rafa joale ka matlotlo a patiloeng mobung, ke moo u tla fihlela tsebo ea Molimo.’ Taba e likolohileng serapa sena e bua ka ho batla “litaba,” “melao,” “bohlale,” “masene,” le “kutloisiso” tsa Jehova. Ho rafa matlotlo ho hloka boiteko le ho phehella. Ho hloka ho fatisisa haholo. Ho tšoana le ha u batla “tsebo ea Molimo,” “masene,” le “kutloisiso.” Hona le hona ho hloka ho fatisisa ho hoholo, kapa ho phunyelletsa ho ea ka tlas’a lefatše. U se ke ua ikutloa hore ho lekane ho thallatsa kaholim’a Lentsoe la Molimo.

      17. Mangolo a re’ng ka menahano ea Jehova, joale re lokela ho leboha eng?

      17 Mopesaleme o boletse: “Mesebetsi ea hao e meholo hakaakang, Jehova, mehopolo ea hao e tebileng hakaakang!” (Pesaleme ea 92:5) Moapostola Pauluse a ngola ka boinyenyefatso, a re: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo!” (Ba-Roma 11:33) Lengolong le leng, o buile ka “tse tebileng tsa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 2:10) Ke ’nete, joalokaha Pauluse a hlalosa, Molimo o senola tse tebileng joalo “ka moea oa oona,” e leng matla a sebetsang holim’a Bakreste ba tlotsitsoeng ba khethiloeng ke Kreste Jesu ho fana ka lijo tsa moea. Re lokela ho leboha ho fata ha moea ho etsoang ke sehlopha sa “mohlanka” ho re hlakisetsa haholoanyane “botebo bo patiloeng ba merero ea Molimo.”—1 Ba-Korinthe 2:10, Today’s English Version.

      18. Mokreste e mong le e mong a ka fatisisa joang ka Lentsoeng la Molimo, ’me ho fanoe ka lisebelisoa life tse khethehileng tsa ho fata?

      18 Empa hoo ha ho imolle Mokreste ka mong boikarabelo ba ho fatisisa ka Lentsoeng la Molimo, ka morero oa ho fumana botebo bo tletseng ba mehopolo e hlalosoang. Hona ho akarelletsa ho sheba mangolo a ngotsoeng empa ho sa qotsoa lipolelo tsa oona. Ho bolela ho bala litšupiso tse botlaseng ba leqephe lihloohong tsa Molula-Qhooa, tseo tse ling tsa tsona li supisang ’mali litokollong tsa khale tse fanang ka tlhaloso e tletseng ea serapa se itseng kapa boprofeta. Ho hloka ho fatisisa, ho etsa boiteko ba ho fumana tokollo eo ea khale e be joale u ithuta maqephe ao a boletsoeng. Ho akarelletsa ho sebelisa ka botlalo lithuso tsa Bibele tse entsoeng ka ho khethehileng tseo sehlopha sa “mohlanka” se entseng hore li fumanehe ka lilemo, lithuso tse kang “li-index, concordance,” Aid to Bible Understanding, le “All Scripture Is Inspired of God and Beneficial.” E, Bakreste ba hlomelletsoe ka lisebelisoa tse babatsehang tsa ho etsa lipatlisiso, ’me ea morao-rao ho eona ke Bibele ea Litšupiso ea New World Translation of the Holy Scriptures, eo hamorao e tla fumaneha le ka lipuo tse ling tse ’maloa. A re sebeliseng likofuto tsena ho fata boitsebiso.

      Ithute ka Morero

      19. Ke temoso efe ea bohlokoa e fanoang mabapi le tsebo?

      19 Morero oa ho fatisisa ha rōna ka Lentsoeng la Molimo ha se ho iketsa hore re ikutloe re phahametse baena ba rōna kapa ho bonahatsa tsebo ea rōna. Hona hangata ke bothata ba batho ba lefatše. Pauluse o ne a buile ’nete ha a re: “Tsebo . . . e na le boikhohomoso, athe lerato lea hahisa.” (1 Ba-Korinthe 8:1) Lerato le tla re susumelletsa ka boikokobetso ho sebelisa tsebo ea rōna mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa le ka ho tlatsetsa ka bohlale molemong oa moea oa liboka tsa Bokreste.

      20. Pauluse o fana ka likhothatso life tabeng ee?

      20 A re ‘se hloleng re e-ba bana,’ empa, “re hōle nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hlooho.” (Ba-Efese 4:13-15) ‘A re feteleng ho tsa khōlo e tletseng.’ (Ba-Heberu 6:1) A re beng batho ba hōlileng tsebong, ba khonang ho thuisa “lijo tse tiileng” tse tla re matlafatsa moeeng le ho ba ba molemo ka hare ho phutheho ea Bokreste. Leha ho le joalo, hona ho akarelletsa ho fetang ho fumana tsebo ka ho ithuta. Ho hloka ho iphepa ka kananelo ka lipolelo tsa Jehova tseo re tla li hlahloba sehloohong se latelang.—Pesaleme ea 110:1; Esaia 56:8; 66:2.

      Ka Tsela ea ho Ikhopotsa

      ◻ Ke hobane’ng ha ba bang ba lula e le “masea” moeeng?

      ◻ Ke eng ho ka thusang motho hore a hōle tsebong?

      ◻ Re ka hlaolela mekhoa e metle ea “ho ja” lijo tsa moea joang?

      ◻ Ke eng ho ka etsang hore ho ithuta ha rōna ho thabise haholoanyane?

      ◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala ho fatisisa ka Lentsoeng la Molimo?

      [Lebokose le leqepheng la 11]

      Mabaka a ka thusang motho ho fumana bophelo ba moea

      1. Tšusumetso e nepahetseng: Hlaolela takatso e matla hore u be ea tloaelaneng hamolemo le Jehova

      2. Lijo tsa ka mehla: Amohela ka matsoho a mabeli melemo ea lijo tsa moea tse fepuoang kamehla ke “mohlanka ea khabane, ea bohlale”

      3. Ho ikoetlisa: Sebelisa tsebo ho thusa ba bang, ka ho ea mosebetsing oa ho bolela

  • Ho Imatlafatsa ka ho Phethahala ha Lipolelo tsa Jehova
    Molula-Qhooa—1985 | June 15
    • Ho Imatlafatsa ka ho Phethahala ha Lipolelo Tsa Jehova

      “Motho a ke ke a phela ke bohobe feela, empa o tla phela le ke polelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.’—Mattheu 4:4.

      1. Jehova ke Mofani e Moholo oa Lijo joang, ’me Jesu o ile a bua mantsoe afe ka litlhoko tsa motho?

      JEHOVA ke Mofani e Moholo oa Lijo. O itlhahisitse a le joalo ho motho khaolong ea pele ea Bibele. (Genese 1:29, 30) Morao-rao, mopesaleme Davida ka teboho o itse ho Jehova: “Mahlo a libopuoa kaofela a lebelletse uena, u li fa lijo ka nako e tšoanetseng. U fuparolla seatla sa hao, u kholisa tse utloang kaofela.” (Pesaleme ea 145:15, 16) E, Jehova o lokiselitse motho le liphoofolo lijo tse ngata. Leha ho le joalo ho na le phapang. Kaha liphoofolo li hloka lijo tsa nama feela, Jesu o bontšitse hore motho o hloka ho fetang bohobe ba nama, kapa lijo. Hape ‘o tlameha ho phela le ka lipolelo tsohle tse tsoang molomong oa Molimo.’—Mattheu 4:4.

      2. Re lokela ho tseba eng ka le se boleloang ke mantsoe a Jesu ho Mattheu 4:4?

      2 Jesu o boletse mantsoe ana ha a arabela Satane, ea neng a Mo leka hore ka mohlolo a fetole majoe bohobe. Satane ha a ka a hatella taba empa kapele a fetela tekong e ’ngoe. ’Me ha re ahlola taba ka tsela eo ka phoso Satane a sebelisitseng Pesaleme ea 91:11, 12, mohlomong ha a ka a utloisisa hore na Jesu o ne a bolela eng karabelong ea hae tekong ea pele. (Mattheu 4:3-7) Empa rōna bahlanka ba Jehova re thahasella haholo seo Jesu a se buileng. Re thabela ho fatisisa Bibeleng e le hore re ka

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela