‘Ke ne ke Sitoa ho e Bea Fatše’
SEHLEKEHLEKENG sa Carib sa St. Lucia, mohoebi ea motse-moholo a fumana buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Motho eo a e fumaneng ho eena o’a ngola:
“Pele beke e fela, o ile a mpitsetsa lebenkeleng la hae ka makhetlo a mararo ha ke ne ke feta ka pele ho lebenkele. O ne a balile likarolo tsa buka ’me a batla ho fumana tlhalosetso e eketsehileng ka lihele, moea [soul], ho se be hoa Maria ’m’a Molimo, joalo-joalo. Le hoja e ne e le mohoebi ea phathahaneng ’me a se na nako e lekaneng ea ho bala, o ile a bala buka eo ka libeke tse peli, ’me ha ke qotsa mantsoe a hae: ‘Ha ke e-so bale ho hongata hakaalo bophelong ba ka. Leha hlooho ea ka e ne e le bohloko ke ho bala, ke ne ke sitoa ho bea buka eo fatše.’”
Buka ena e batla e tšohla thuto e ’ngoe le e ’ngoe ea Bibele eo ho hanyetsanoang ka eona, e bokella bopaki hammoho ka mokhoa o mokhutšoanyane le ka tsela e utloisisehang hoo likarabo tsa lipotso li hlakelang ’mali. Iphumanele ea hao, ’me u tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha e ananeloa hakana.
Ka kōpo nthomelleng, poso e lefelletsoe, buka e nang le litšoantšo e maqephe a 256 e sekoahelo se thata U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ke kentse R4,50.