Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 3/15 leq. 32
  • O ne a tlameha ho tseba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • O ne a tlameha ho tseba
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 3/15 leq. 32

O ne a tlameha ho tseba

Ngoanana e mong ea lilemo li 15 oa Mobile, Alabama, oa ngola: “Ha le lokolla buka Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ke ile ka tseba hore neng-neng ke ne ke tla e bala.

“Bosiung bo bong ha ke ne ke hlobaetse, ke ile ka nka buka eo ’me ka talima litsǒantšo. Maqepheng a 75, 78, le 86, ke ile ka fumana litsǒantšo tse thahasellisang. Ke ne ke sa tsebe hore na li bolela eng, ’me ke ne ke tlameha ho tseba. Ke ne nke ke ka qala bohareng hobane joale ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e ke ke ea utloahala. Kahoo bosiung bona boo ke ile ka bala khaolo e qalang.

“Bosiung bo latelang ke ile ka bala khaolo e latelang ’me ka fumana hore ke sitoa ho e beha fatše. Kahoo ke ile ka tsoela pele ’me ka bala le a latelang.

“Ena ke e ’ngoe ea libuka tse thahasellisang ka ho fetisisa tseo nkileng ka li bala! Joale ke itloaelitse hore ka mehla ke bale bonyane khaolo e le ’ngoe ka bosiu bo le bong. Ka linako tse ling ke ne ke lula ho fihlela ka hora ea pele hoseng ke ntse ke bala! . . . Ke lakatsa eka bacha bohle ba ka bala buka ena.”

Re kholisehile hore le uena u tla hlolloa ke lintho tseo u ithutang tsona ho Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! Buka ena e sekoahelo se thata e na le maqephe a lekanang le makasine ona. E tšohla buka ea Bibele ea Tšenolo kaofela temana ka temana, e fana ka tlhaloso e hlakileng ea lipono tsa eona tse ngata le litsǒantšo. Romella chelete ea buka kajeno. Ke R6 feela, poso e lefelletsoe.

Ka kōpo romellang buka e maqephe a 320 Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! Ke kentse R6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela