Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
Seo ke sehlooho sa buka e ncha e hlalosang ka ho qaqileng buka ea Bibele ea Tšenolo kaofela. ’Mali e mong ea thabileng oa California oa ngola:
“Kea e rata! Ka ho khethehileng ke rata tsela eo e ngotsoeng ka eona. Mangolo a ngotsoe ka mongolo o motenya, o motšo, le tlhaloso e hlakileng, e tobileng, e utloisisehang e fanoeng ea lengolo le leng le le leng. Sena se nolofatsa ho bala. Hape ke ananela hore likhaolo li khutšoanyane. Lichate le litsǒantšo li thusa ka ho eketsehileng.
“Ak’u nahane, joaloka ’mè oa lelapa nka lula fatše ’me ka bala ka kutloisiso lintho tse tebileng tsa Molimo. Kahobane le ile la ipha nako le tlhokomelo ea ho nolofatsa boitsebiso bona, kaofela re ka atamela Molimo oa rōna haholoanyane.”
U tla thabisoa ke ho tsebahatsoa ho hlakileng, ho utloahalang ha libata, drakone, seotsoa se seholo, le lintho tse ling tsa tšoantšetso tse ho Tšenolo. U tla bona seo sena se se bolelang bakeng sa mehla ea rōna. Buka ena e thahasellisang e sekoahelo se thata, e lekanang le makasine ona ka boholo, e hlalosa Tšenolo temana ka temana. Kōpa hore u e romelloe hona joale. Ke R6 feela, poso e lefelletsoe.
Ka kōpo romellang buka e maqephe a 320 Tšenolo—Tlhōrō ea Eona a Hlollang ka Botle e Haufi! Ke kentse R6.