-
Ho Tsosolosa Lipaki Tse PeliTšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
ka matla kateng ho shakarela linku tsa bona, baruti ba ile ba tlameha ho hlokomela hore Molimo oa sehlopha sa Johanne o ne a le matla ho feta molimo oa bona. Ba ne ba tla hlokomela hona ka ho hlakileng haholoanyane lilemong tse latelang, kaha ba bangata ba mohlape oa bona ba ne ba tla tloha, ba phete mantsoe ao batho ba ileng ba a bua ha Elia a hlōla balumeli ba Baale Thabeng ea Karmele, ba re: “Jehova ke Molimo oa ’nete! Jehova ke Molimo oa ’nete!”—1 Marena 18:39.
29. Johanne o re ke eng e tlang ka potlako, ’me ke ho sisinyeha hofe hape ho letetseng Bokreste-’mōtoana?
29 Empa mamela! Johanne o re: “Bomalimabe ba bobeli bo fetile. Bonang! Bomalimabe ba boraro bo tla kapele.” (Tšenolo 11:14) Haeba Bokreste-’mōtoana bo sisinngoa ke se etsahetseng ho tla fihlela joale, bo tla etsa’ng ha ho phatlalatsoa bomalimabe ba boraro, ha lengeloi la bosupa le letsa terompeta ea lona, ’me sephiri se halalelang sa Molimo se qetella se phethiloe?—Tšenolo 10:7.
-
-
Sephiri se Halalelang sa Molimo—Tlhōrō ea Sona e Khanyang!Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
-
-
Khaolo 26
Sephiri se Halalelang sa Molimo—Tlhōrō ea Sona e Khanyang!
1. (a) Johanne o re tsebisa joang hore sephiri se halalelang se fihlisoa qetellong? (b) Ke hobane’ng ha mabotho a mangeloi a bua ka mantsoe a phahameng?
NA U hopola phatlalatso e hlapanyelitsoeng e entsoeng ke lengeloi le matla e tlalehiloeng ho Tšenolo 10:1, 6, 7? Le itse: “Ha ho sa tla hlola ho e-ba le tieho; empa matsatsing a ha ho utloahala molumo oa lengeloi la bosupa, ha le le haufi le ho letsa terompeta ea lona, sephiri se halalelang sa Molimo ho ea ka litaba tse molemo tseo a ileng a li bolella makhoba a hae baprofeta ka sebele se fihlisoa qetellong.” Nako e loketseng ea Jehova e fihlile ea hore ho letsoe terompeta eo ea ho qetela! Joale, ebe sephiri se halalelang se fihlisoa qetellong joang? Ruri Johanne o nyakaletse hore ebe oa re tsebisa! O ngola tjena: “Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona. Ha e-ba le mantsoe a phahameng leholimong, a re: ‘’Muso oa lefatše o fetohile ’muso oa Morena oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa e le morena ka ho sa feleng le kamehla.’” (Tšenolo 11:15) Mabotho ao a mangeloi a na le lebaka la ho bua ka lentsoe le phahameng, esita le ka mantsoe a kang lialuma! Phatlalatso ena e ikhethang historing ke ea bohlokoa bokahohleng bohle. Ke ea bohlokoa bo boholo ho libōpuoa tsohle tse phelang.
2. Sephiri se halalelang se fihlisoa qetellong ka tlhōlo neng hona e le ka ketsahalo efe?
2 Sephiri se halalelang se fihla tlhōrōng ea sona e thabisang! Ka ho khanyang, ka mokhoa o babatsehang, se fihla qetellong ka tlhōlo ka 1914 ha Morena Jehova a beha Kreste oa hae teroneng e le Morena ea busang hammoho le eena. A busa lebitsong la Ntate oa hae, Jesu Kreste o qala ho busa ka mafolofolo har’a lefatše la batho la sera. E le Peō e tšepisitsoeng, o amohela matla a ’Muso e le hore a felise Noha le malinyane a eona le ho tsosolosa khotso ea paradeise lefatšeng lena. (Genese 3:15; Pesaleme ea 72:1, 7) E le Morena oa Bomesia, Jesu o tla phethahatsa Lentsoe la Jehova ka tsela eo ’me a tlose qoso ho Ntate oa hae, “Morena oa bosafeleng,” ea tlamehang ho busa e le ’Musi Morena “ka ho sa feleng le kamehla.”—1 Timothea 1:17.
-