Le Uena U ka ba le Liphihlelo Tse Monate!
Bahoeletsi ba bang ho bonahala kamehla ba na le liphihlelo tse thahasellisang, tse khothatsang tseo ba li phetang ka ketelo e thahasellisang eo ba e entseng kapa leeto la ho boela le ba tliselitseng thabo e khōlō. Hangata liphihlelo tse monate ha li itlele feela. Tse ngata tsa tsona ke ka lebaka la boiteko bo mafolo-folo le ba nako e telele. Hase hore ke tsa bahoeletsi ba buang phollatsi kapa ba nang le bokhoni feela.
Mona ho latela tse ling tsa lintho tse hlokometsoeng ke ba bileng le katleho e khōlō: (1) Ba kopanela tšebeletsong ea tšimo kamehla, hangata e le ka makhetlo a ’maloa beke le beke, e leng se ba fang menyetla e mengata ea ho teana le batho ba thahasellang; (2) ba boloka boikutlo bo botle ka beng ba matlo, ha ba etse qeto esale pele hore ba ke ke ba arabela hantle; (3) ba botsoalle, ba bontša thahasello e mofuthu, ea sebele ho ba mamelang; (4) ba mafolo-folo ’me baa phehella ha ba khutlela ho ba leng sieo malapeng; ’me (5) ba na le pakane ea ho qalisa lithuto tsa Bibele.
Ka mor’a ho hlahloba mosebetsi oa hao, mohlomong u tla hlokomela kamoo u ka bang le liphihlelo tse eketsehileng tse etsang hore tšebeletso e be e behang le e khotsofatsang haholo.