Pina ea 193
Bolelang “Litaba Tsena tse Molemo tsa ’Muso”!
(Mattheu 24:14, NW)
1. Re haseng taba tsa ’Muso tse molemo
E tl’e be bopaki ho bohle
’Me bitsong la Jehova ho isoe hlompho
Pele ho tlosoa qoso eohle.
(Chorus)
2. A re lopolleng linako tsa menyaka
Mehleng en’a rōna e mebe.
Re batleng pele ’Mus’o tlang oa Jehova
O tlang le matlotlo a ’nete.
(Chorus)
3. Ho haseng taba tsa ’Muso se nyahameng
Leha batho ba le hanyetsa.
Le be mosa ’me le se ba teneheleng,
Le tieeng matla thomong ena.
(CHORUS)
Le bue litaba tsena
’Me le thuse ba ratang toka
Hore le bona ba bitseng ho Jehova,
ba mo halaletse kahohle.