Pina ea 216
‘Ratanang Hamonate’
1. Jehova o bontša ba mo batlang lerato
O’eketsa thabo ea bona,
’Me o ba tšollela le hlohonolofatso.
Ho eena ke moo re tla lula.
2. Ha re sebeletsa Jehova Ntat’a rona,
Re rataneng hamonate.
Litsela tsa rōna e k’e be tsa ho loka,
Re be le khotso ea sebele.
3. Kahobane rōna re Bakreste ba ’nete,
Re rataneng ka ho teba.
A re hlompheng baena ba rōna ka sebele.
’Me re se ke ra ba khopisa.
4. Re hlokomeleng ho ratana hamonate,
Ho hlompha thuto ea Kreste.
Re thabisa ba bang ka pelo tse khabane
Le ka lerato la sebele.