Pina ea 168
Ho Ela Hloko Morena e Mocha oa Lefatše
1. Lefatšeng lohle la batho
Bonang ho ea thabisa—
Makhotl’a Jehova ’ohle
A tsamaea a bina.
Ka liheleme tsa bona
Ho hloka tsebo hoa hlōloa.
Ba tlerola pina ea ntoa:
“Ho busa Jesu Kreste.”
(Chorus)
2. Moetapele ke Kreste
’Me bona baa latela.
Haa laela baa mo mamela.
Ba ke ke ba soetseha.
Ba tšoka rumo la moea
’Me ba’e hlanaka ka lona.
Le Kreste o entse tjena;
’Me ba latetse eena.
(Chorus)
3. Bonang e se e le nako
Ea ho busa ha Jesu.
Haufi lira kaofela
Li tla otloa ka lefu.
Jehova o’a mo tšehetsa
Terompeta e’a lemosa.
Babusi eleUoang sena
Le mo hlompheng kajeno.
(CHORUS)
Akang Mora a se khene
La ba la shoela tseleng.
Ho thabile kannete
bao ba mo tšepileng.