Maeto a ho Boela a Nang le Morero
1 Ha u etsa leeto la ho boela, u lokela ho leka ho sebelisa lengolo le tla tlatsetsa tsebong ea motho eo ea taba e hlahang Bibeleng eo le buisaneng ka eona nakong e fetileng.
2 E ’ngoe ea lipakane tsa ho etsa maeto a ho boela moo ho tsamaisitsoeng limakasine ke ho qalisa tselana ea limakasine. Nehelano e bonolo joaloka ena e ka ’na ea atleha:
◼ “Ke tšepa hore u thabetse Molula-Qhooa oo ke u sietseng oona o nang le sehlooho se hlalositseng lebaka leo re lokelang ho tšaba Molimo ka lona. Kajeno ke u tliselitse makasine ea Tsoha! e nang le sehlooho se botsang, ‘Ke Hobane’ng ha Bophelo bo le Bokhutšoaane Hakaale?’ Ena ke potso e ntle, na ha ho joalo?” U ka ’na ua tsoela pele ka ho re: “Mantsoe a Jesu a tsebahalang haholo ho Johanne 3:16 a fana ka tšepiso ea bophelo bo sa feleng. Ka kōpo amohela makasine ena ’me u khothatsoe ke tšepo e tiileng e fanoang Lentsoeng la Molimo.” Joale u hlalose hore u tla khutla ho tlisa litokollo tse latelang ’me mohlomong u be u bue ka ho eketsehileng ka seo Molimo a tšepisitseng ho se etsetsa moloko oa batho ba mamelang. Hopola hore lekhetlo ka leng ha u isa limakasine, u ka tlaleha leeto la ho boela.
3 Haeba u tsamaisitse makasine e nang le sehlooho sa “Lefatše le se Nang Ntoa—Neng?” u ka ’na ua re:
◼ “Bophelo lefatšeng lee bo ka ba joang haeba ho ne ho sa hlole ho e-na le lintoa? [Emela karabo.] E re ke u bontše seo Molimo a tšepisitseng ho se etsa.” Bala Pesaleme ea 37:10, 11, ’me u hlalose kamoo lintho li tla ba kateng ha thato ea Molimo e etsoa mona lefatšeng. Hopotsa motho eo seo Jesu a rutileng barutuoa ba hae ho se rapella joalokaha se tlalehiloe ho Mattheu 6:9, 10. Mo thuse hore a nahane ka moelelo oa mantsoe a Jesu. Buella peeletso ea Molula-Qhooa le Tsoha! ’me u etse litokisetso tsa ho khutlela bakeng sa puisano e eketsehileng.
4 Haeba u khutletse bakeng sa ho ba le puisano e eketsehileng letotong la lihlooho tse reng “Ke Hobane’ng ha Bophelo bo le Bokhutšoaane Hakaale?” u ka ’na ua qala ka tsela ena:
◼ “Lekhetlong le fetileng ha ke tlile, re ile ra bua ka ho phela ha motho nako e telele. Joalokaha ntle ho pelaelo u bone lihloohong tsa Tsoha!, bo-rasaense ba fana ka tšepo e fokolang ea ho re thusa ho phela ho feta lilemo tse 70 kapa 80. Empa u nahana joang ka litšepiso tsa Bibele? [Emela karabo.] Bibele e bontša hore Molimo o hopoletse motho ntho e ’ngoe e molemo haholoanyane.” Ebe u bala Johanne 17:3, ’me u hlalose kamoo ho fumana tsebo ho ka isang bophelong bo sa feleng. Ntlheng ena u ka ’na ua khona ho buella thuto ea lehae ea Bibele kapa ua lokisetsa puisano e ’ngoe ea Bibele.
5 Ho qala thuto ea Bibele ke pakane ea bohlokoa tšebeletsong ea rōna. Mohlomong u se u etetse motho ea nkileng limakasine ka makhetlo a ’maloa. Ke hobane’ng ha u sa leke katamelo ena ka lekhetlo le latelang ha u ile?:
◼ “Batho ba na le likhopolo tse ngata haholo tse sa tšoaneng ka bolumeli le bohlokoa ba bona mehleng ea kajeno. Ho na le litumelo tse loantšanang mabapi le lebaka leo Molimo a lumelletseng bokhopo ka lona kapa hore na ke hobane’ng ha re tsofala le ho shoa. Batho ba bang ba ka rata ho tseba mokhoa oa ho rapela le ho utluoa ke Molimo.” Phetla e ’ngoe ea libuka tsa rōna tsa ho ithuta Bibele sehloohong seo u nahanang hore mong’a ntlo o tla se thahasella, ’me ka bokhutšoanyane u mo bontše kamoo thuto e khannoang kateng.
6 Jehova ke Molimo ea nang le morero. A re mo etsiseng ka October ka ho etsa maeto a ho boela a nang le morero.