Pina ea 31
Ho Chesehela Ntlo ea Jehova
1. Jes’o bontšitse cheseho
Ntlong ea Ntate Jehova.
Ha a pepesa liphoso,
E ne e mo tukela.
O tletse ho bolela poloko
Ho senola ’nete tsa ’Muso.
Botumong ba bitso la Molimo
O ne’a bontša cheseho.
2. Khale barutuoa bohle
Ba cheseha haholo.
Ho hlahile liphutheho
Ka thuso ea Molimo.
Ba sa kang ba pata ho bolela
Ka ntlo le ntlo ka mehla eohle.
Hohle ba ne ba tsebisa batho
Hore ba bolokehe.
3. Joale batho rea ba bona
Ba chesehelang toka.
Lefatšeng lena le khopo
Ho hang ha baa nyahama.
’Me ba susumetsoa ke Jehova;
Ba mo sebeletsa ka tieo.
Ha ba phetse ho ruta ka ’Muso
Ka cheseho e khōlō.