Jehova o Rata Batho ba Fanang ba Thabile
“Motho ka mong a ke a fane ho ea kamoo a rerileng kateng ka pelong ea hae, e seng ka ho khanana kapa ka ho qōbelloa. Molimo o rata ea fanang a thabile.”—2 BA-KORINTHE 9:7, BPN.
1. Molimo le Kreste e ’nile ea e-ba bafani ba thabileng joang?
JEHOVA ke eena mofani oa pele ea thabileng. Ka thabo o ile a fa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši bophelo ’me a mo sebelisa ha a bōpa mangeloi le batho. (Liproverbia 8:30, 31, NW; Ba-Kolosse 1:13-17) Molimo o re file bophelo le phefumoloho le lintho tsohle, ho akarelletsa le lipula tse tsoang leholimong le linako tsa nala, o tlatsa lipelo tsa rōna thabo. (Liketso 14:17; 17:25) Ka sebele, Molimo le Mora oa oona, Jesu Kreste, ke bafani ba thabileng. Ka thabo ba fana ka moea o hlokang boithati. Jehova o ratile lefatše la batho haholo hoo a ‘ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a tle a se ke a timetsoa empa a fumane bophelo bo sa feleng.’ ’Me Jesu ‘o fane ka sephefumolohi sa hae e le thekollo ea ba bangata’ a sa khanane.—Johanne 3:16, NW; Mattheu 20:28, NW.
2. Ho latela se boletsoeng ke Pauluse, Molimo o rata mofani oa mofuta ofe?
2 Ka hona, bahlanka ba Molimo le Kreste ba lokela ho fana ba thabile. Moapostola Pauluse o ile a khothalletsa ho fana ho joalo lengolong la hae la bobeli le neng le ea ho Bakreste ba Korinthe, leo a le ngotseng hoo e ka bang ka 55 C.E. Ntle ho pelaelo ha a ne a bua ka menehelo ea chelete e etsoang ka boithatelo le ea motho ka mong eo ka ho khetheha e etsetsoang ho thusa Bakreste ba hlokang ba leng Jerusalema le Judea, Pauluse o itse: “Motho ka mong a ke a fane ho ea kamoo a rerileng kateng ka pelong ea hae, e seng ka ho khanana kapa ka ho qōbelloa. Molimo o rata ea fanang a thabile.” (2 Ba-Korinthe 9:7, BPN; Ba-Roma 15:26; 1 Ba-Korinthe 16:1, 2; Ba-Galata 2:10) Batho ba Molimo ba ’nile ba arabela joang ha ho hlaha menyetla ea hore ba fane? ’Me re ka ithuta eng keletsong ea Pauluse mabapi le ho fana?
Ho Susumetsoa ke Lipelo tse Ratang
3. Baiseraele ba ile ba tšehetsa kaho ea tabernakele ea borapeli ba Jehova ho isa bohōleng bofe?
3 Lipelo tse ratang li susumelletsa batho ba Molimo ho itela le ho fana ka matlotlo a bona bakeng sa ho tšehetsa morero oa Molimo. Ka mohlala, ka thabo Baiseraele ba mehleng ea Moshe ba ile ba tšehetsa kaho ea tabernakele ea borapeli ba Jehova. Basali ba bang ba ile ba susumetsoa ke lipelo tsa bona hore ba ohle boea ba pōli, athe banna ba bang bona ba ne ba etsa mesebetsi ea matsoho. Ka thabo batho ba ile ba fana ka gauda, silevera, patsi, line, le lintho tse ling e le ‘monehelo oa boithatelo o etsetsoang Jehova.’ (Exoda 35:4-35, NW) Ba ile ba fana ka seatla se bulehileng hoo thepa e nehetsoeng “e ileng ea ipaka e lekane bakeng sa mosebetsi ’ohle o lokelang ho etsoa, e bile e le ngata haholo.”—Exoda 36:4-7, NW.
4. Davida le ba bang ba ile ba etsa menehelo e tšehetsang tempele ka boikutlo bofe?
4 Makholo a lilemo hamorao, Morena Davida o ile a nehelana ka lintho tse ngata bakeng sa ho tšehetsa tempele ea Jehova e neng e lokela ho ahoa ke mora oa hae Salomone. Kaha Davida ‘o ne a rata ntlo ea Molimo,’ o ile a fana ka ‘thepa ea hae e khethehileng’ ea gauda le silevera. Mahosana, marena, le ba bang ‘ba ile ba tlatsa matsoho a bona limpho tse eang ho Jehova.’ Phello e bile efe? “Batho ba ile ba thabela ho etsa linyehelo tsa boithatelo, hobane ba ile ba etsetsa Jehova linyehelo tsa boithatelo ka pelo e felletseng”! (1 Likronike 29:3-9, NW) Ba ne ba fana ba thabile.
5. Baiseraele ba ile ba tšehetsa borapeli ba ’nete joang ho theosa le makholo a lilemo?
5 Ho theosa le makholo a lilemo, Baiseraele ba ile ba fuoa tokelo ea ho tšehetsa tabernakele, litempele tse bileng teng hamorao, le litšebeletso tsa baprista le Balevi tse neng li etsetsoa ho tsona. Ka mohlala, mehleng ea Nehemia Bajode ba ile ba rera ho etsa menehelo bakeng sa ho hlokomela borapeli bo hloekileng, ba hlokomela hore ha baa lokela ho hlokomoloha ntlo ea Molimo. (Nehemia 10:32-39) Ka ho tšoanang kajeno, ka thabo Lipaki tsa Jehova li etsa menehelo ea boithatelo bakeng sa ho aha le ho hlokomela libaka tseo li kopanelang ho tsona le ho tšehetsa borapeli ba ’nete.
6. Fana ka mehlala ea Bakreste ba fanang ba thabile.
6 Bakreste ba pele ba ne ba fana ba thabile. Ka mohlala, Gaiuse o ne a etsa “mosebetsi o tšepahalang” ka ho amohela ba tsamaeang ka baka la lithahasello tsa ’Muso, feela joalokaha Lipaki tsa Jehova li amohela balebeli ba tsamaeang ba romeloang ke Watch Tower Bible and Tract Society kajeno. (3 Johanne 5-8, NW) Hore baena bana ba ee liphuthehong le hore ba amoheloe ho hloka ho itseng, empa sena se ruisa molemo hakaakang moeeng!—Ba-Roma 1:11, 12.
7. Bafilippi ba ile ba sebelisa matlotlo a bona a bonahalang joang?
7 Liphutheho ka kakaretso li ’nile tsa sebelisa matlotlo a tsona a lintho tse bonahalang bakeng sa ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele. Ka mohlala, Pauluse o ile a bolella balumeli ba Filippi: “Esitile leha ke le Thessalonika, le nthometse hang le habeli seo ke neng ke se hloka. Hase hoba ke batla limpho, empa ke batla litholoana tse ka le atelang ho le ruisa.” (Ba-Filippi 4:15-17) Bafilippi ba ile ba fana ba thabile, empa ke lintho life tse susumelletsang motho ho fana a thabile ka tsela eo?
Ke Eng se Susumelletsang Motho ho Fana a Thabile?
8. U ka paka joang hore moea oa Molimo o susumelletsa batho ba oona ho fana ba thabile?
8 Moea o halalelang oa Jehova, kapa matla a hae a sebetsang, o susumelletsa batho ba hae ho fana ba thabile. Ha Bakreste ba leng Judea ba hloka, moea oa Molimo o ile oa susumelletsa balumeli ba bang ho ba thusa ka lintho tse bonahalang. Pauluse o ile a qotsa mohlala oa liphutheho tse leng Macedonia bakeng sa ho khothalletsa Bakreste ba Korinthe ho ikitlaelletsa ho etsa menehelo e joalo. Le hoja balumeli ba leng Macedonia ba ne ba hlahetsoe ke mahloriso ’me ba fumanehile, ba ile ba bontša lerato la boena ka ho fana ho feta matla a bona. Ebile ba ile ba kōpa hore ba fuoe tokelo ea ho fana! (2 Ba-Korinthe 8:1-5) Mosebetsi oa Molimo ha oa itšetleha ka ho felletseng ka menehelo ea batho ba ruileng. (Jakobo 2:5) Bahlanka ba oona ba inehetseng ba futsanehileng linthong tse bonahalang e ’nile ea e-ba bona tšehetso e ka sehloohong ho hlokomeleng mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso ka lichelete. (Mattheu 24:14) Empa, ha ba hule ka thata hobane ba fana ka seatla se bulehileng, hobane Molimo o hlokomela batho ba oona ka seo ba se hlokang mosebetsing ona ebile o ke ke oa ba soetsa, ’me moea oa oona ke ’ona matla a o susumetsang hore o tsoele pele ’me o hōle.
9. Tumelo, tsebo, le lerato li amana joang le ho fana motho a thabile?
9 Motho o susumetsoa ke tumelo, tsebo, le lerato hore a fane a thabile. Pauluse o itse: “Joale ka ha [Bakorinthe] le atetsoe ke tsohle, ke tumelo, ke lipolelo, ke tsebo, ke mafolo-folo ’ohle, le ke lerato leo le re ratang ka lona, le fele le ateloe le ke ketso eo ea mohau. Ha ke rialo ka molao, empa e le hore ke leke, ka mafolo-folo a ba bang, ’nete ea lerato la lōna.” (2 Ba-Korinthe 8:7, 8) Ho etsa menehelo e tšehetsang mosebetsi oa Jehova, haholo-holo ha motho ea fanang a na le mokhoa o fokolang oa ho iphelisa, ho hloka tumelo litokisetsong tsa Molimo tsa nako e tlang. Bakreste ba nang le tsebo e batsi ba batla ho sebeletsa morero oa Jehova, le ba nang le lerato le leholo ho eena le ho batho ba hae ba sebelisa matlotlo a bona ka thabo bakeng sa ho ntšetsa mosebetsi oa hae pele.
10. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore mohlala oa Jesu o susumelletsa Bakreste ho fana ba thabile?
10 Mohlala oa Jesu o susumelletsa Bakreste ho fana ba thabile. Ka mor’a ho phehella Bakorinthe ho fana ka lerato, Pauluse o itse: “Le tseba mohau oa Morena oa rōna Jesu Kreste, hoba, leha a na a enne, o na a iketse mofumanehi ka baka la lōna, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.” (2 Ba-Korinthe 8:9) Le hoja a ne a ruile ho feta mora leha e le ofe oa Molimo leholimong, Jesu o ile a iketsa lefeela ka ho lahla sena sohle ’me a apara bophelo ba botho. (Ba-Filippi 2:5-8, NW) Leha ho le joalo, ka ho iketsa mofumanehi ka tsela ena e hlokang boithati, Jesu o ile a tlatsetsa ho halaletsoeng ha lebitso la Jehova ’me a nehela bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo molemong oa batho ba neng ba tla se amohela. Tumellanong le mohlala oa Jesu, na le rōna ha rea lokela ho fana ka thabo bakeng sa ho thusa ba bang le ho tlatsetsa ho halaletsoeng ha lebitso la Jehova?
11, 12. Tokisetso e molemo e ka re etsa bafani ba thabileng joang?
11 Tokisetso e molemo e etsa hore ho be bonolo ho fana ka thabo. Pauluse o ile a bolella Bakorinthe: “Ka tsatsi le qalang veke, e mong le e mong oa lōna a bee kathōko ha hae see a ka se bokellang, a lekanye ka see a sitsitsoeng ka sona, ho se ke ha lebelloa ho tla ha ka ho etsa likabelo.” (1 Ba-Korinthe 16:1, 2) Ka tsela e tšoanang ea motho ka mong le ea boithatelo, ba lakatsang ho etsa menehelo bakeng sa ho ntšetsa mosebetsi oa ’Muso pele kajeno ba tla be ba etsa hantle ha ba behella ka thōko chelete e ’ngoe ea bona bakeng sa morero oo. Ka lebaka la tokisetso e joalo e molemo, Lipaki ka bomong, malapa, le liphutheho li ka etsa menehelo molemong oa ho ntšetsa borapeli ba ’nete pele.
12 Ho sebelisa litokisetso tsa ho etsa menehelo ho tla re etsa ba thabileng. Joalokaha Jesu a boletse, “ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta ho fuoeng.” (Liketso 20:35, NW) Kahoo Bakorinthe ba ne ba ka eketsa thabo ea bona ka ho latela keletso ea Pauluse ka ho phethahatsa tokisetso ea bona eo ho neng ho se ho fetile selemo ba e qalile ea ho romela lichelete Jerusalema. O itse: “Ke ho amohelehang haholo ho latela seo motho a nang le sona, eseng ho latela seo motho a se nang sona.” Ha motho a etsa menehelo ho latela seo a nang le sona, e lokela ho nkoa e le ea bohlokoa haholo. Haeba re tšepa Molimo, o ka leka-lekanya lintho e le hore ba nang le lintho tse ngata ba ka fana ka seatla se bulehileng, e seng ka mokhoa oa ho senya, ’me ba nang le lintho tse fokolang ba se ke ba haelloa ke letho hoo ba ka bang le matla a fokolang a ho o sebeletsa.—2 Ba-Korinthe 8:10-15, NW.
Taolo e Hlokolosi ea ho Fana
13. Ke hobane’ng ha Bakorinthe ba ne ba ka tšepa tlhokomelo ea Pauluse ea menehelo?
13 Le hoja Pauluse e le eena ea neng a hlokometse tokisetso ea menehelo e le hore balumeli ba hlokang ba ka phalleloa ka lintho tse bonahalang ’me ba kopanele ka matla haholoanyane mosebetsing oa ho bolela, eena le ba bang ha baa ka ba sebelisa menehelo eo molemong oa bona. (2 Ba-Korinthe 8:16-24; 12:17, 18) Pauluse o ile a sebetsa e le hore a ka finyella litlhoko tsa hae tsa lintho tse bonahalang ho e-na le ho imetsa phutheho leha e le efe ka moroalo oa lichelete. (1 Ba-Korinthe 4:12; 2 Ba-Thessalonika 3:8) Ka hona, ha Bakorinthe ba ne ba tlisa menehelo ho eena, ba ne ba e beha tlhokomelong ea mohlanka oa Molimo ea tšepahalang le ea sebetsang ka thata.
14. Mabapi le ho sebelisoa ha menehelo, Mokhatlo oa Watch Tower o na le tlaleho efe?
14 Ho tloha haesale Watch Tower Bible and Tract Society e ngolisoa joaloka mokhatlo oa molao ka 1884, batho ba etsang menehelo ba ’nile ba fumana bopaki ba hore e hlokomela menehelo eohle e behiloeng tlhokomelong ea eona ka botšepehi molemong oa mosebetsi oa ’Muso oa Jehova. Ho latela molao oa oona oa motheo, Mokhatlo o loanela ho khotsofatsa tlhoko e khōlō ka ho fetisisa ea batho bohle, e leng tlhoko ea lintho tsa moea. Sena se finyelloa ka lingoliloeng tsa Bibele le thuto ea kamoo re ka fumanang poloko. Kajeno, Jehova o ntse a potlakisa ho bokelloa ha batho ba kang linku le ho ba kenya ka har’a mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o ntseng o hōla, ’me tlhohonolofatso ea hae holim’a tšebeliso e bohlale ea menehelo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso ke bopaki bo hlakileng ba hore Molimo oa e amohela. (Esaia 60:8, 22) Re kholisehile hore o tla tsoela pele ho susumetsa lipelo tsa batho ba fanang ba thabile.
15. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling makasine oo o bua ka menehelo?
15 Ka linako tse ling Mokhatlo o sebelisa koranta ena ho hlokomelisa babali tokelo ea bona ea ho etsa menehelo ea boithatelo e tšehetsang mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso lefatšeng ka bophara. Ho etsa joalo hase ho qela, empa ke khopotso ho bohle ba lakatsang ho tšehetsa “mosebetsi o halalelang oa litaba tse molemo” ho latela kamoo Molimo o ba atlehisang ka teng. (Ba-Roma 15:16, NW; 3 Johanne 2) Mokhatlo o sebelisa chelete eohle e nehetsoeng ka paballo e khōlō e le hore o ka tsebahatsa lebitso la Jehova le ’Muso oa hae. Menehelo eohle e amoheloa ka thabo, ’me ea lebohuoa, ebile e sebelisoa bakeng sa ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka mohlala, ho tšehetsoa mesebetsi ea baromuoa linaheng tse ngata ka tokisetso ena, ’me ho bolokoa meaho ea khatiso e hlokahalang bakeng sa ho phatlalatsa tsebo ea Bibele e le boemong bo botle ebile ea atolosoa. Ho phaella moo, menehelo e tšehetsang mosebetsi oa lefatše ka bophara e sebelisoa bakeng sa ho koahela litšenyehelo tse ntseng li phahama tsa ho hatisoa ha Libibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng hammoho le lik’hasete tse hlahisang molumo feela le lik’hasete tsa video. Batho ba fanang ba thabile ba ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso ka litsela tsena.
Eseng ka ho Qobelloa
16. Le hoja e le ba seng bakae har’a Lipaki tsa Jehova ba ruileng lintho tse ngata tse bonahalang, ke hobane’ng ha menehelo ea bona e ananeloa?
16 Ke ba seng bakae har’a Lipaki tsa Jehova ba ruileng lintho tse ngata tse bonahalang. Le hoja mohlomong ba ka fana ka chelete e fokolang bakeng sa ho ntšetsa lithahasello tsa ’Muso pele, ho ntse ho le joalo menehelo ea bona ke ea bohlokoa. Ha Jesu a bona mohlolohali ea hlokang a nokela licheletana tse peli tsa boleng bo fokolang ka har’a letlōle la chelete la tempele, o ile a re: “Mohlolohali eo ea fumanehileng, o noketse ho feta ba bang bohle; hobane bao bohle [ba entseng monehelo] ba noketse likabelong tsa Molimo, ba nkile ho tlalloeng ha bona; kanthe enoa seo a se noketseng o se nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a phela ka hona.” (Luka 21:1-4) Le hoja mpho ea hae e ne e le nyenyane, o ile a fana a thabile—’me monehelo oa hae o ile oa ananeloa.
17, 18. Moko-taba oa mantsoe a Pauluse a ho 2 Ba-Korinthe 9:7, (BPN) ke ofe, ’me lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “thabile” le bontša eng?
17 Mabapi le mosebetsi oa liphallelo o neng o etsoa molemong oa Bakreste ba leng Judea, Pauluse o itse: “Motho ka mong a ke a fane ho ea kamoo a rerileng kateng ka pelong ea hae, e seng ka ho khanana kapa ka ho qōbelloa. Molimo o rata ea fanang a thabile.” (2 Ba-Korinthe 9:7, BPN) Mohlomong moapostola o ne a bua ka karolo e ho Liproverbia 22:8 phetolelong ea Septuagint, e reng: “Molimo o hlohonolofatsa motho ea fanang a thabile; ’me o tla tlatseletsa moo mesebetsi ea hae e haelloang.” (The Septuagint Bible, e fetoletsoeng ke Charles Thomson) Pauluse o behile “rata” sebakeng sa “hlohonolofatsa,” empa ho na le kamano e itseng, hobane moputso oa mahlohonolo o tlisoa ke lerato la Molimo.
18 Kannete motho ea fanang a thabile o thabela ho fana. Lentsoe la Senyesemane “hilarious” (nyakalla) le tsoa lentsoeng la Segerike le fetoletsoeng e le “thabile” ho 2 Ba-Korinthe 9:7! (BPN) Ka mor’a ho hlakisa sena, setsebi R. C. H. Lenski se itse: “Molimo o rata motho ea fanang ka pelo e tšoeu, ea nyakalletseng, ea thabileng . . . [eo] tumelo ea hae e tlalang pososelo ha ho hlaha monyetla o mong oa hore a fane.” Motho ea nang le moea o joalo o nyakalletseng ha a fane ka ho khanana kapa ka ho qobelloa empa o fana ho tsoa pelong. Na u fana ka thabo e tšoanang bakeng sa ho tšehetsa lithahasello tsa ’Muso?
19. Bakreste ba pele ba ile ba etsa menehelo joang?
19 Bakreste ba pele ba ne ba sa fetise lijana tsa koleke kapa ho ntša karolo ea leshome ea seo ba nang le sona bakeng sa merero ea bolumeli. Ho fapana le hoo, menehelo ea bona ba ne ba e etsa ka boithatelo ka ho felletseng. Tertullian, ea ileng a sokolohela Bokresteng hoo e ka bang ka 190 C.E., o ngotse: “Le hoja re na le letlōle la chelete, ha lea etsoa ka chelete e lefshoang bakeng sa ho reka poloko, joaloka bolumeling bo behileng sekepele. Ka letsatsi le itseng khoeling [mohlomong hanngoe ka khoeli], e mong le e mong o fana ka monehelo o monyenyane ha a rata; empa o etsa joalo hafeela a rata, le ha a khona; hobane motho ha a qobelloe; sohle se etsoa ka boithatelo.”—Apology, Khaolo XXXIX.
20, 21. (a) Tokollo ea pele ea makasine oo e ile ea re’ng ka tokelo ea ho tšehetsa mosebetsi oa Molimo ka lichelete, ’me see se sebetsa joang esita le hona joale? (b) Ho etsahala’ng ha re tlotlisa Jehova ka lintho tsa rōna tsa bohlokoa?
20 Bahlanka ba Jehova ba kajeno haesale ba tloaetse ho fana ka boithatelo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ha baa ka ba sebelisa ka botlalo tokelo ea bona ea ho tšehetsa mosebetsi oa Molimo ka ho etsa menehelo. Ka mohlala, ka February 1883, makasine ona o itse: “Ba bang ba jere moroalo o moholo haholo oa lichelete molemong oa ba bang, hoo tšehetso ea bona ea lichelete e ntseng e qephisoa ke ho sebetsa ka thata le ho khathala, ka hona thuso ea bona ea thefuleha; ’me hase hoo feela, empa ba . . . sa utloisiseng boemo bona ka ho felletseng, ba ’nile ba lahleheloa ke monyetla oa ho fumana mahlohonolo ka baka la ho se sebelise lichelete tsa bona ho etsa menehelo.”
21 Ha bongata bo boholo ba batho bo ntse bo phallela ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova kajeno, le ha mosebetsi oa Molimo o ntse o hōla Europe Bochabela le libakeng tse ling tseo pele o neng o thibetsoe ho tsona, ho hlaha tlhokahalo e eketsehileng ea ho atolosa litsi tsa khatiso le meaho e meng. Ho tlameha hore ho hatisoe Libibele tse eketsehileng le lingoliloeng tse ling. Merero e mengata ea bomolimo e ntse e tsoela pele; leha ho le joalo, e meng ea eona e ne e ka tsoela pele ka potlako hoja ho na le chelete e lekaneng. Ha e le hantle, re na le tumelo ea hore Molimo o tla fana ka se hlokahalang, ’me rea tseba hore ba ‘tlotlisang Jehova ka lintho tsa bona tsa bohlokoa’ ba tla hlohonolofatsoa. (Liproverbia 3:9, 10) Ka sebele, “ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.” Jehova o tla ‘re ruisa ha re fana ka seatla se bulehileng ka litsela tsohle,’ ’me ho fana ha rōna re thabile ho tla etsa hore ba bangata ba mo lebohe le ho mo rorisa.—2 Ba-Korinthe 9:6-14, BPN.
Bontša Kananelo ea Hao Bakeng sa Limpho tsa Molimo
22, 23. (a) Mpho ea Molimo e ke keng ea lekanngoa le e sa lefelloeng ke efe? (b) Kaha re ananela limpho tsa Jehova, re lokela ho etsa eng?
22 A susumetsoa ke teboho e khōlō, Pauluse o itse: “A re leboheng Molimo ka mpho ea hae e ke keng ea lekanngoa!” (2 Ba-Korinthe 9:15, BPN) Joaloka “sehlabelo sa poelano” bakeng sa libe tsa Bakreste ba tlotsitsoeng le tsa lefatše, Jesu ke motheo le mocha oa ho fumana mpho ea Jehova e sa lefelloeng le e ke keng ea lekanngoa. (1 Johanne 2:1, 2) Mpho eo ke “mosa o sa tšoanelang le o fetisisang oa Molimo” oo o o bontšitseng ho batho ba oona ba lefatšeng ka Jesu Kreste, ’me o ba tlisetsa poloko ebile o tlotlisa le ho tlosa qoso ho Jehova.—2 Ba-Korinthe 9:14, NW.
23 Kananelo ea rōna e tebileng e leba ho Jehova ka baka la mpho ea hae e sa lefelloeng le e ke keng ea lekanngoa le limpho tse ling tse ngata tsa moea le tsa lintho tse bonahalang tseo a li fileng batho ba hae. Molemo oa Ntate oa rōna oa leholimo ke o hlollang haholo hoo batho ba ke keng ba o hlalosa! ’Me ka sebele o lokela ho re susumelletsa ho fana re thabile. Ka hona, ka kananelo e tebileng, a re etseng sohle seo re ka se khonang ho ntšetsa pele mosebetsi oa Molimo oa rōna o fanang ka seatla se bulehileng, Jehova, e leng eena oa pele le ea ka sehloohong Ea fanang a thabile!
Na U sa Hopola?
◻ Batho ba Jehova ba ’nile ba susumetsoa ke lipelo tse ratang hore ba etse eng?
◻ Ke eng se susumelletsang motho ho fana a thabile?
◻ Mokhatlo oa Watch Tower o sebelisa menehelo eohle eo o e fumanang joang?
◻ Molimo o rata mofani oa mofuta ofe, ’me re lokela ho bontša teboho joang bakeng sa limpho tsa Oona tse ngata?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ha ho ahoa tabernakele, Baiseraele ba ile ba sebetsa ka mafolo-folo ’me ba etsetsa Jehova menehelo ka seatla se bulehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Menehelo e kang ea mohlolohali ea hlokang ea ananeloa ebile ke ea bohlokoa