-
Na Bakreste Bohle ba ’Nete e Tlameha Ho ba Basebeletsi?Molula-Qhooa—1985 | April 1
-
-
ikhethang, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang 50 000 tse bolelang lefatšeng lohle. Tlaleho ea 1984 e bontša tlhoro ea basebeletsi ba fetang 2 842 000 ba bolelang litaba tse molemo tsa ’Muso ba kopanelang le liphutheho tse 47 869. E, ho na le liphutheho tse batlang li le ngata joaloka palo ea Lipaki tse neng li le teng ka 1931! Ruri ’nete e ngotsoe lipelong tsa ba limillione ka lilemo tse mashome a seng makae tse fetileng—’me hoo ke bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba tšebeletso ea Lipaki tsa Jehova.—Esaia 43:10-12.
20. Joaloka basebeletsi ba Bakreste, re hloka eng kajeno? Ke lipotso life tse saletseng hore li ka arabeloa?
20 Kajeno ho hlokahala ka potlako basebeletsi ba Bakreste ho feta neng kapa neng. Nako e khutšoaane ’me kotulo e khōlō. Ke lebaka le leholo haholo, bakeng sa rōna hore re be basebeletsi ba tšoanelehang, ba nang le tsebo ba bolelang le ho ruta ka tsela e beang. Hona re ho ka ho etsa joang? Re ka ba basebeletsi ba beang haholoanyane joang? Na mehlala ea Kreste le baapostola ke ea bohlokoa hoo re ka e sebelisang kajeno?—Ba-Efese 5:15, 16; Mattheu 9:37, 38.
Lintlha tsa TIhahlobo
◻ Re tseba joang hore balateli bohle ba tlotsitsoeng ba Kreste e ne e lokela ho ba basebeletsi?
◻ “Bongata bo boholo” bo phethile karolo efe tšebeletsong ea kajeno?
◻ Ho biletsoa tšebeletsong ea Bokreste ho theiloe ho eng?
◻ Lipaki tsa Jehova li na le bopaki bofe ba tšebeletso ea tsona?
-
-
Kamoo re ka Bang Basebeletsi ba BeangMolula-Qhooa—1985 | April 1
-
-
Kamoo re ka Bang Basebeletsi ba Beang
“Ke ka baka leo ke le rometseng Timothea, e leng mora oa ka ea ratoang, ea tšepehang Moreneng, hore a le hopotse lika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kahohle kerekeng e ’ngoe le e ’ngoe.”—1 BA-KORINTHE 4:17.
1, 2. Hore motho a huleloe ’neteng, lebaka le leng la bohlokoa ke lefe? (Liketso 8:12)
KA TŠOLLELO ea moea o halalelang ka Pentekonta, 33 C.E., phutheho ea Bokreste ea hōla le ho ata ka potlako. (Liketso 2:40-42; 4:4; 6:7; 11:19-21) Senotlolo sa katleho ea eona e ne e le sefe? Ke hobane’ng ha Bajode ba bang le Basamaria le Balichaba ba ile ba amohela Kreste le molaetsa oa ’Muso oa Molimo?—Liketso 8:4-8; 10:44-48.
2 Hore motho a amohele litaba tse molemo tsa Bokreste, ho na le mabaka a lokelang ho kenella. Pele, motho o lokela ho ananela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ho batho ka hore e be o ikhathalitse ho romela Mora oa oona lefatšeng e le sehlabelo sa topollo. Joalokaha ho hlalositsoe ke mongoli oa Bibele Johanne: “Lerato la Molimo ho rōna le bonahetse ka hona: Molimo o romile lefatšeng Mora oa oona ea tsoetsoeng a le mong, re tle re phele ka eena. Lerato le bonahala hona moo hoba hase rōna ba ratileng Molimo, empa e le oona o re ratileng, ’me o romile Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna.”—1 Johanne 4:9, 10.
3. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ikutloa u le mofumanehi moeeng?
3 Lebaka le leng la bohlokoa ke boikutlo ba motho e mong le e mong ka melemo ea moea. Jesu o itse: “Ho lehlohonolo bafumanehi moeeng, hobane ’muso oa maholimo ke oa bona. Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsoeng hona; hobane ba tla khorisoa.” (Mattheu 5:3, 6) Motho oa moikhotsofatsi, oa moitokafatsi, hangata ha a falimehela litlhoko leha e le life tsa moea ’me ha a batle ’nete. Ha a neoa molaetsa oa ’Muso ke Lipaki tsa Jehova, motho ea joalo hangata o arabela ka hore, ‘Ha ke thabele. Ke na le kereke ea ka.’ Ka ho tšoanang, motho ea qoetseng telekisong ea lintho tse bonahalang a ke ke a ba le nako ea litaba tsa moea.—Mattheu 6:33, 34; 7:7, 8; Luka 12:16-21.
4. Ke lipotso life tseo ho tla buisanoa ka tsona joale?
4 Empa ho thoe’ng ka ba ‘fumanehileng moeeng’ ’me ba loketse ho batla Molimo le ’Muso oa oona? Ba ka fumanoa joang ’me ba hlokomeloa joang? Na ho na le seo re ka se etsang re le basebeletsi ba Lentsoe la Molimo ho etsa hore molaetsa oa rōna o utloisisoe haholoanyane? Re ka ba basebeletsi ba beang haholoanyane joang?
Re Lokela ho Sebelisa Mekhoa ea Mang?
5. Ho ea ka Pauluse, Timothea o ne a tla ruta Bakorinthe eng?
5 Ha moapostola Pauluse a ngolla Bakreste ba Korinthe lengolo la hae la pele, o ba boleletse hore o ba romela Timothea, ea neng a tla ba ‘hopotsa lika tsa hae [Pauluse] mabapi le Kreste.’ Ho e-na le “lika” liphetolelo tse ling li sebelisa “mekhoa,” “mekhoa ea bophelo,” “tsela ea ho phela” kapa “tsela eo ke phelang ka eona.” Leha ho le joalo, Greek-English Lexicon of the New Testament ea Moprofesa Thayer, e hlalosa temana ena ka tsela ena: “Mekhoa eo ’na joaloka mosebeletsi le moapostola oa Kreste ke e latelang ha ke phethahatsa mosebetsi oa ka.” Kaha Pauluse o qetela polelo ka hore “kamoo ke rutang kahohle kerekeng e ’ngoe le e ’ngoe,” hoa utloahala ho qeta hore polelo ena e kenyelletsa tšebeletso ea hae e mafolo-folo e seng feela boitšoaro ba hae ba botho ba Bokreste.—1 Ba-Korinthe 4:17.
6. Ke hobane’ng ha tšebeletso ea Jesu e ne e bea?
6 Tšebeletso ea Jesu e ne e sa etsoe ka mokhoa o hlokang kemiso. Le eena o ne a e-na le mekhoa ea boboleli. Ka mohlala, o ile a ruta baapostola ba hae ka hloko, hamorao baboleli ba evangeli ba 70, hore na ba bolele ka mokhoa o beang joang. Ho sebelisa ha hae lipapiso, lipotso le ho qotsa Mangolong khafetsa e ne e le mohlala bakeng sa bona. E sa ntsane e le mekhoa e molemo ka ho fetisisa kajeno.—Luka 9:1-6; 10:1-11.
7. Re ka isa litaba tse molemo ho batho ba bangata kamoo ho ka khonehang joang?
7 Kaha tšebeletso ea Bokreste ke taba ea bophelo bo sa feleng kapa lefu, re ka fetisetsa litaba tse molemo bathong ba bangata kamoo ho ka khonehang joang? E, re ka ‘hloka molato maling a batho bohle joang’? Ka ho sebelisa tšobotsi e ’ngoe le e ’ngoe ea tšebeletso, eo moapostola Pauluse a boletseng hore e akareletsa tšebeletso ea ‘ntlo le ntlo.’ Tlhaloso e ’ngoe ea Spanishe ea Liketso 20:20 e re: “Mona re na le mokhoa oa ho bolela o ileng oa lateloa ke Pauluse Efese.”—Liketso 20:20-27.
Mokoallo oa Pele
8, 9. (a) Hangata mokoallo oa pele tšebeletsong ke ofe? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka bua ka sebete?
8 Hangata mokoallo oa pele oo ho hlokahalang re o tlōle tšebeletsong ke rōna ka borōna. Ba bang ho bonahala ba itšaba, ba ikutloa ba sa tšoanelehe ’me ba sa ruteha ka ho lekaneng bakeng sa batho bao ba kopanang le bona. Empa Jesu o ile a ikutloa joang? Na o ne a kene likolo tsa thuto ea borabbi? Na o ne a e-na le thuto e phahameng? Empa leha ho le joalo batho ba habo ba ne ba itšoara joang ha a bolela? Mattheu o-oa re bolella: “Ba ba ba tsota, ba re: Na enoa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae?” Ke ’nete hore Jesu o ne a phethahetse, e le Mora oa Molimo. Empa mekhoa ea hae e ne e boetse e le e sebetsang bakeng sa barutuoa ba hae ba neng ba lokela ho mo etsisa bao boholo ba bona ba neng ba sa ‘ruteha.’ Ea khothalletsa boitšoaro bofe, le har’a lira tsa bona tsa bolumeli? “Eitse ha ba bona ho tiea ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, ’me ba lemoha hobane ba kile ba tsamaea le Jesu.”—Mattheu 13:54; Liketso 4:13.
9 Empa, Jesu o fumane lintho tsee tsohle tseo a neng a li ruta hokae? Ke hobane’ng ha a ne a atleha tšebeletsong ea hae? Na o ne a sebelisa maikutlo a fetelelitsoeng ho hapa thahasello ea bamameli ba hae joaloka baboleli ba kajeno ba TV? Che. Motheo oa Jesu e ne e le bonolo—o ne a bua puo ea batho feela, o ne a hlokomela litlhoko tsa bona tsa moea ’me , ka holim’a tsohle, Jesu o ne a tseba hore o tšehelitsoe ke Ntat’ae. O hlile a hlakisa hona ha a bolela thōmo ea hae ea tšebeletso ntlong ea thapelo motseng oa habo oa Nazaretha. A bala bukeng ea moprofeta Esaia: “Moea oa Morena [Jehova] o ho ’na, kahobane o ntlotsitse; o nthomile ho bolella mafutsana Evangeli, ho folisa ba pelo li bohloko, ho bolella ba holehiloeng hore ba tla lokolloa, le ba foufetseng hore ba tla boela ba bone, ho nea ba hlorisoang sebaka sa ho ikela, le ho bolela selemo sa Morena se molemo. . . . Eaba o qala ho ba bolella, a re: Kajeno, lengolo leo le etsahetse, le ikutloela.”—Luka 4:16-21.
10, 11. (a) Re lokela ho ikutloa joang ka tšebeletso ea rōna? (b) Pauluse o arabela joang?
10 Kajeno, re na le setšehetso sona seo tšebeletsong ea rōna—Jehova Molimo, Morena ea Phahameng oa bokahohle. Re bolela molaetsa oa hae, bohlale ba hae. Re itheile Lentsoeng la hae ’me re le sebelisa ka bolokolohi meqoqong ea rōna. Ka baka leo, na re lokela ho ba lihlong ka ho le bolela ho batho ba rutehileng haholoanyane le ba ruileng?
11 Pauluse o-oa arabela: “Ea bohlale o kae na? Ea matla Mangolong o kae na? Mophea-khang oa mehla ena o kae na? Na Molimo ha oa ka oa etsa bohlale ba lefatše lena bohlanya na? . . . Banab’eso, le lemoheng hle ho bitsoa ha lōna, hobane ba bohlale ka mokhoa oa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae. Empa Molimo o ikhethetse tse hlanyang tsa lefatše, o tle o soabise tse bohlale; ’me tse fokolang tsa lefatše, Molimo o ikhethetse tsona, o tle o soabise tse matla. Hape, Molimo o ikhethetse mafeela a lefatše, le tse songoang, le tse leng sieo, o tle o tsietse tse leng teng, hore ho tle ho se ke ha e-ba nama, leha e le ’ngoe, e ithorisang pel’a oona.”—1 Ba-Korinthe 1:18-29.
12. Tšebeletsoea rōna e atlehisoa ke eng? (Jakobo 4:8)
12 Ho atleha tšebeletsong ha ho hlahe ka thuto ea rōna kapa hore na re tsoa malapeng afe. Ho hlaha molaetseng oa ’Muso o tsosang karabelo pelong ea motho ea falimehetseng litlhoko tsa moea. Lebaka le leng ke mohau oa Jehova ho motho eo, joalokaha Jesu a boletse: “Ha ho motho ea ka tlang ho ’na, ha a sa huloe ke Ntate ea nthomileng.”—Johanne 6:44.
13. (a) Pauluse le Barnabase ba ile ba arabela khanyetso joang? (b) Re ka thaba joang ka mehla tšebeletsong?
13 Ka baka leo, ho tšepa ho tšehetsoa ke Jehova, re ka ntšetsa pele tšebeletso ea rōna ka kholiseho joaloka Pauluse le Barnabase lekholong la pele la lilemo. Ha ba ne ba bolela Ikone, tšebeletso ea bona ea baka karohano e khōlō ea maikutlo le khanyetso eitseng. Na hoo ho ile ha ba etsa hore ba cheche? Tlaleho ea Luka e-ea re bolella: “Ba hlola teng matsatsi a mangata, ba bolela ba itšepisitse ka Morena, ea neng a tiisa lentsoe la mohau oa hae ka ho etsa mehlolo le meeka ka matsoho a bona.” Haeba le rōna re nka bohato bo botle ka batho ba tšimong ea rōna, ’me re tlohela liphello matsohong a Jehova, tšebeletso e tla ba thabo ka mehla, e seng moroalo.—Liketso 14:1-3; Jakobo 1:2, 3.
Boitšoaro ba Batho
14. Batho ba ne ba itšoara joang boboleling ba Pauluse?
14 Ho boleleng ha bona, Jesu le Pauluse ba ne ba sa fumane karabelo e ntle ka mehla. Ka mohlala, bongata bo ile ba itšoara joang ha Pauluse a bolela Athene? Tlaleho e-ea re bolella: “Bafilosofe ba bang ba ba-Epikure le ba ba-Stoike ba fetolana le eena; ba bang ba ne ba re: Na mobua-bui eo o re’ng? ba bang ba re: Eka o bolela melimo esele. E ne e le ka baka la hobane a na a ba bolella Jesu le tsoho ea bafu. Ba mo isa Areopago, ba re: Na re ke ke ra tseba thuto eo e ncha eo u e bolelang na? Hobane u tlisitse litaba tse ling tse makatsang litsebeng tsa rōna.”—Liketso 17:18-20.
15. Batho ba itšoara joang tšebeletsong ea hao? Empa re lokela ho hopola eng?
15 Re lokela ho elelloa hore molaetsa oa rōna le tlhaloso ea oona e boleloang ke mecha ea litaba le bahanyetsi le tsona li ka ’na tsa utloahala li le ncha ho batho ba kajeno. Ka baka leo, batho ba bangata, ba sentsoeng likelello ke taba ea bo-ba-re, ba ahlola taba pele ho nako ’me ba re hana ba sa re utloa. Ba bang, ba kang bao ba Athene, ba amohela taba e eketsehileng pele ba etsa qeto. Koana, ha ba mametse ba ntse ba ka ’na ba soma tšepo ea ’Muso e le ntho e ke keng ea lumeloa. Hopola, leha ho le joalo, hore ba hana Kreste le molaetsa oa hae, e seng uena.—Liketso 17:32-34; Mattheu 12:30.
Basele ba Fetoha Metsoalle
16. (a) Re ka ’na ra itšoara joang ha basele ba etela malapeng a rōna? (b) Kenyelletso ea rōna e lokela ho finyella eng?
16 U ikutloa joang ha basele ba fihla lapeng ha hao? Ho ka ’na ha tla lipotso life kelellong ea hao? Mohlomong, ‘Ke bomang? Ba batla’ng? Na ba tlile ka ntoa?’ Re lokela ho hopola seo ha re itlhahisa re le basebeletsi monyakong oa motho e mong. Ka hona kenyelletso ea rōna e lokela ho khutsisa likelello tsa bona lipotsong tsena. Empa joang? Jesu o ile a etsa tlhahiso ea kenyelletso efe? A re: “Enore ha le kena tlung, le e lumelise. Ekare ha ntlo eo e e-na le tšoanelo, khotso ea lōna a e tle ho eona; empa ha e se na tšoanelo, khotso ea lona e khutlele ho lōna.”—Mattheu 10:12, 13.
17. Re ka phuthulla motho joang kenyelletsong ea rōna?
17 “Khotso ea lōna a e tle ho eona.” Hoo ho bontša eng? Hore tšebeletsong ea rōna re lakaletsa motho e mong le e mong le lelapa khotso. Kahoo mantsoe a rōna a pele a bontša hore re basebeletsi ba Molimo ba ratang khotso. Le ho tla fihlela kajeno batho ba Bajode le ba-Mosleme ba sebelisa tumeliso “Khotso e be le uena” kapa “Khotso” (“Shalom aleichem,” kapa “Shalom” ka Seheberu, le “Assalām ‘alaikum” kapa “Salām,” ka Searabia). Bonneteng tumeliso ea rōna e tla fapana ka linaha ho latela mekhoa ea libaka. Empa sepheo se seng—ho phuthulla motho e le hore a ka mamela molaetsa oa ’Muso. Ho ipolela pele hore na u mang ’me mohlomong le hore na u lula hokae, ho ka thusa ntlheng ena. Ho bontša hore ha u pate letho. Morero oa hao le botšepehi ke bopaki bo bonoang ke bohle. Joale u etsa ka keletso ea Pauluse: “U bone hore boitšoaro ba hao pontšeng ha bo nyatsehe. Moo boikarabelo ba hao bo fellang teng, phela ka khotso le batho bohle.”—Ba-Roma 12:17, 18, Phillips.
18. Re lokela ho finyella tekanyetso efe kamehla tšebeletsong ea rōna?
18 Ebang re tšebeletsong ea ntlo le ntlo kapa literateng, batho ba re shebile. Lipuo tsa rōna le boitšoaro li se nyatsehe le ho se khopise. Leha ho le joalo, le hoja polelo ea rōna e lokela ho ba e bonolo le e nang le khotso, e se ke ea e-ba e bontšang boikoahlaeo. Ha re lihlong ka ho ba basebeletsi ba pontšeng ba Molimo.—Mareka 8:38.
19, 20. (a) Motho a ka atamela joang batho ba imametseng haholoanyane ha re le mosebetsing oa seterateng? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ne a le motle katamelong e sa reroang?
19 Lichabeng tse ling batho ba imametse haholo le ho phela sekhale. Ba bang ba lihlong ke hore ba atameloe ke motho a ba bontša limakasine seterateng. Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa sebelise mokhoa o bohlale haholoanyane? Motho a ka qala moqoqo ka bohlale le motho ea sa potlakang e be joale o ntša ntho e buang ka Bibele ka tsela ea tlhaho.
20 Ka sebele Jesu o ne a le masene boboleling bo joalo. Kaha Basamaria le basali ba ne ba atisa ho songoa ke Bajode, Jesu a ba masene ha a atamela mosali oa sefebe oa Mosamaria selibeng sa Jakobo. Moqoqo oa hae ke mohlala oa boboleli bo sa reroang le ba seterateng. Hape ke mohlala o motle oa thuto e qenehelang le e hahang.—Johanne 4:5-30.
21. Ke ntlha efe hape ea bohlokoa e bontšoang tšebeletsong ea Pauluse?
21 Lebaka le leng la bohlokoa le lokela ho nahanoa ha re kenyelletsa litaba tse molemo tsa ’Muso. Pauluse o ne a le tseba ka ho fetisisa. Bona hore na u ka le lemoha likenyelletsong tse ling tsa hae tse fumanoang ho Liketso 13:16-20; 17:22 le 22:1-3. Hlokomela hore ka lekhetlo le leng le le leng o ne a batla ntho eo ba ka lumellanang ka eona le bamameli. A ikamahanya le bona le semelo sa bona. Phello ke hore ba ile ba mamela leha ba ne ba sa lumellane le eena. Ka mokhoa o joalo, kenyelletso ea rōna e ka hapa maikutlo a motho, moo rōna le mong a ntlo re lumellanang teng. Mohlomong u hlokomela hore ho na le bana ka lapeng ’me le uena u motsoali. Joale ho na le moo le tšoanang, motheo oa botsoalle. U na le ntlha ea puo e ka isang molaetseng oa ’Muso!—Mattheu 18:1-6.
22. Ke lipotso life tse hlokang ho arabeloa joale?
22 Empa litlhahiso tsena ke qalo feela. Ke mehato efe e meng e hlokahalang ho hlahisa morutuoa e mong hape? E, ke eng hape e hlokahalang ho thusa e mong ho ba le kamano le Molimo ka Kreste? Ke li tšoaneleho life tse tla etsa hore tšebeletso ea hao e be e beang haholoanyane?
(Karolo e ’ngoe ea taba ena e tla hlahlojoa tokollong e hlahlamang tlas’a sehlooho se reng “Tšebeletso e Beang e Isang Keketsehong ea Barutuoa.”)
U ka Arabela Joang?
◻ Mabaka a mang a amehang hore motho a amohele molaetsa oa ’Muso ke afe?
◻ Boi le ho itšaba li ka hlōloa joang tšebeletsong?
◻ Sepheo sa rōna kenyelletsong ea tšebeletso ea tšimo e lokela ho ba sefe?
◻ Mohlala oa Jesu le oa Pauluse o ka re thusa joang ha re atamela batho?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Jesu o rutile barutuoa ba hae mekhoa e beang ea tšebeletso
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
U ipotsa lipotso life ha u bona osele monyako ha hao?
-