Pina ea 3
Ho Hlōla Lefatše
1. Ha re tsamaea ka tlhōlo
Bonatleng ba Jehova,
O atisa hore nea
Tlhōlo ntoeng ea ho loka;
Re hloiloe ke lichaba
Ka ho bolela Lentsoe.
Re e-na le tšepo tlhōlong,
Re tla hatela pele.
2. Lefatšeng lena rea tšoenngoa.
’Nete eo rea e tseba.
Kreste o re: ‘Betang pelo!
Ke tla le hlokomela.’
E, re ka finyella tlhōlo,
Hoba ntoa hase’a rōna.
Ke Jehova eo ea loanang;
Lira li tla felisoa
3. Re le hlōtse fatše lena
Ka tumelo ea rōna.
Oa hae ’Muso o hlomiloe,
Tlhōlo ke ea hae feela.
Kaha Kreste o le hlōtse,
Ruri re ka le fenya.
Ka ho tšepa Jah, Molimo,
Re tla bona ho hlōla.