Pina ea 41
Rorisang Jehova, Lefika
1. ‘Utloang, lōna fatšeng; maholimo, mamelang.
Utloang mantsoe aka, ba ikokobetsang.
Lithuto li joale ka phoka naheng,
Linnete tsa ka li tiisa ka ho sa feleng.
2. A keng re tumiseng bitso la Ramaseli.
Re tsebise bohle botumo ba ’Mōpi.
’Me linku tsa hae tsohle mo roriseng,
Jehova ke Lefika, Moren’a lokileng.
3. Molim’o tšepehang; re mo roka’o sa eeng kae.
’Me o hlalefile tseleng tsohle tsa hae.
O se nang bokhopo, o tletse tōko;
Jehova ke Lefika; o bontša lerato.
4. Tšabang Ea Phahameng, le etseng ka ho loka;
Ho utloa taelo ke thabo ea rōna.
A re sesefeng ho tsamaela tšitong.
Re sebeletsa Jah, re ba hloekileng pelong.