Pina ea 93
Tulo e Ratehang ea Jehova ea Borapeli
1. Tempel’ea hao k’e khahlehang,
Mabal’a teng kea ratehang.
Ke lakatsa ho ba ho tsona
Ke tsebe ho u rorisa,
Ke tsebe ho u rorisa.
2. Jehova re tla ho uena
Ho batla thuso le matla,
U re nea ’nete le rato,
Re’u sebeletse ka tieo,
Re’u sebeletse ka tieo.
3. Ho ba mabaleng a hao hang
Ke ho molemo hakaakang!
Re ka mpa ra lula tlung ea hao
Eseng le ba se nang molao,
Eseng le ba se nang molao.
4. Uena Jehova u thebe
Ho ba etsang tsohle tse ntle.
U ba nea ntho tse molemo
Bao ba koekoetlang liphoso,
Bao ba koekoetlang liphoso.