Pina ea 166
Bonang Lekhotla la Jehova!
1. Bonang khotla la Jah,
Le’ikitlaetsang
Ho tumisa ’Muso
Oa Kreste’a busang.
Ha ba tsabe letho,
Ke baithaopi;
Batho ba sebete
Le ba seriti.
Ba tšepa Jehova,
Ba ntse ba hooa,
Ba latetse Kreste:
“’Muso ke oa Jah.”
2. Bonang basebetsi
Ba batlang ”linku”
’Me ba li lokolla
Thutong tsa batho
Ka ho li ete la,
Le ka lithuto
Le ho li memela
Holong tsa ’Muso.
Ba rupela ”linku”
Ho utloisisa
Linnete tsa ’Mu so
O busang oa Jah.
3. Bonang botho la Jah
Le hlophisitsoeng.
Ke ”masala” a hae
Le ”linku tse ling.”
Ba seli le hoja
Ba se na mano,
Ha ba sekisetse
Tlas’a liteko.
Ba rorisa ’Mōpi,
Moren’a bona;
Rapeling ba bona
Ba ea atleha.