Pina ea 100
Rokang Jehova Molimo oa Rōna!
1. Rokang Jah, Molim’a rōna!
Tsebisang matla!
Tsebisang! Tlerolang!
’Mineleng pina!
Tsohle li hloliloe ke eena.
Pōpo e bontša kamoo a leng
Matla le lerato kateng.
O matlahali empa hape
Kea bohlale ea lokileng.
Rokang Jah, Molim’a rōna!
Tsebisang matla! Tsebisang!
2. Rokang Jah, Molim’a rōna!
Tsebisang mosa! Tsebisang! Hoeletsang!
Hoba o mosa.
Nama eohle e bone sena.
Leha a na le matla ’ohle,
O mosa ho ba bonolo.
Le ba mo batlang b’a bolokoa.
O ba fa mosa, lerato.
Rokang Jah, Molim’a rōna!
Tsebisang mosa! Tsebisang!
3. Rokang Jah, Molim’a rōna!
Tsebisang ’Muso!
Tsebisang! Bolelang! Tumisang
’Mōpi Pheletsong tsa lefatše lohle!
Hona joale Jesu oa busa.
Jehova a ke a rokoe.
Re tla bina pina ea tlhōlo.
Ho Molimo re tšepehe.
Rokang Jah, Molim’a rōna!
Tsebisang ’Muso! Tsebisang