Buka ea Bibele ea 35—Habakuke
Mongoli: Habakuke
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Juda
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 628 B.C.E.(?)
1. Ke linnete life tse ikhethang tsa bohlokoa tse totobatsoang boprofeteng ba Habakuke?
HABAKUKE ke e mong oa baprofeta bao ho thoeng ke ba banyenyane ba Mangolo a Seheberu. Leha ho le joalo, pono ea hae le molaetsa oa hae oa molao tse bululetsoeng ke Molimo ho hang ha li nyenyane ka bohlokoa ho batho ba Molimo. Bo khothatsa bo bile bo matlafatsa, boprofeta ba hae bo tšehetsa bahlanka ba Molimo nakong ea khatello. Buka ena e totobatsa linnete tse peli tse ikhethang ka bohlokoa: Jehova Molimo ke Morena oa Bokahohle, le ba lokileng ba phela ka tumelo. Lengolo lena le boetse le sebeletsa e le temoso ho bahanyetsi ba bahlanka ba Molimo le ho bao ka boikaketsi ba bolelang hore ke batho ba hae. E bea mohlala bakeng sa tumelo e matla ho Jehova, ea tšoaneloang ke lipina tsohle tsa thoriso.
2. Ke boitsebiso bofe bo fanoeng ka mongoli, Habakuke?
2 Buka ea Habakuke e qala tjena: “Ona ke molaetsa oo moporofeta Habakuke a neng a o tsebisoe ka pono.” (Hab. 1:1, BPN) Moprofeta Habakuke (Chavaq·quqʹ, ka Seheberu) eo e ne e le mang, eo lebitso la hae le bolelang “Ho Amohela ka Cheseho”? Ha ho boitsebiso bo fanoeng mabapi le batsoali ba Habakuke, morabe, maemo bophelong, kapa lefu la hae. Hore na e ne e le sebini sa tempele sa Molevi ho ke ke ha boleloa ka nepo, le hoja mongolo oa ho qetela oa buka ena o fana ka maikutlo a joalo: “Ho motsamaisi oa libini: E binoe ka liletsa tsa likhoèlè.”—BPN.
3. Ke maemo afe a amang Juda a thusang ho bontša nako ea ho ngoloa ha Habakuke?
3 Habakuke o ile a etsa melaetsa ea hae ea molao ea boprofeta neng? Mongolo o boletsoeng ka holimo le mantsoe “Jehova o ka tempeleng ea hae e khethehileng” li bontša hore tempele e Jerusalema e ne e ntse e eme. (2:20) Sena, hammoho le molaetsa oa boprofeta, se fana ka maikutlo a hore se builoe nako e telele haholo pele Jerusalema e timetsoa ka 607 B.C.E. Empa ke lilemo tse kae pele? E tlameha e be e bile ka mor’a puso ea Morena ea tšabang Molimo Josiase, 659-629 B.C.E. Boprofeta ka bobona bo fana ka makolopetso a ho bolela esale pele tšebeletso eo batho ba Juda ba ke keng ba e lumela esita leha ba e pheteloa. Ke eng? Ke ho phahamisoa ha Bakalde (Bababylona) ke Molimo hore ba otle Juda e sa tšepahaleng. (1:5, 6) Sena se ne se tla tšoanela karolo ea pele ea puso ea Morena Jojakime ea rapelang litšoantšo, nakong eo ho se lumele le ho hloka toka li neng li atile Juda. Jojakime o ne a beiloe teroneng ke Faro Neko, ’me sechaba se ne se le sebakeng se susumetsoang ke Egepeta. Tlas’a maemo a joalo batho ba ne ba tla ikutloa ba e-na le lebaka la ho nyelisa monyetla leha e le ofe oa ho hlaseloa ke Babylona. Empa Nebukadnezare o ile a hlōla Faro Neko ntoeng ea Karkemishe ka 625 B.C.E., kahoo a roba matla a Egepeta. Kahoo boprofeta bo tlameha bo be bo fanoe pele ho ketsahalo eo. Kahoo lipontšo li supa qalehong ea puso ea Jojakime (e qalileng ka 628 B.C.E.), li etsa hore Habakuke e be oa mehleng ea Jeremia.
4. Ke eng se pakang hore buka ea Habakuke e bululetsoe ke Molimo?
4 Re ka tseba joang hore buka ee e bululetsoe ke Molimo? Manane a boholo-holo a Mangolo a Seheberu a tiisa ho ba ha Habakuke karolo e amohelehang ea Mangolo a Halalelang. Le hoja ba sa bolele buka ka lebitso, ka ho totobetseng e ne e akarelletsoa ho buoeng ha bona ka ‘Baprofeta ba Banyenyane ba leshome le metso e ’meli,’ hobane ka ntle ho Habakuke ba ne ba ke ke ba e-ba 12. Moapostola Pauluse o ile a hlokomela boprofeta boo e le karolo ea Mangolo a bululetsoeng ’me o qotsa ho Habakuke 1:5 ka ho toba, a bua ka eona e le ntho e “boletsoeng ke baprofeta.” (Lik. 13:40, 41) Mangolong a hae o buile ka buka ena ka makhetlo a ’maloa. Ka sebele ho phethahala ha lipolelo tsa Habakuke khahlanong le Juda le Babylona ho mo tšoaea e le moprofeta oa ’nete oa Jehova, ea neng a bua ka lebitso la hae le ka khanya ea hae.
5. Ka bokhutšoanyane akaretsa litaba tse ka hare tsa Habakuke.
5 Buka ea Habakuke e entsoe ka likhaolo tse tharo. Likhaolo tse peli tsa pele ke puisano pakeng tsa mongoli le Jehova. Ba pheta matla a Bakalde, hammoho le masoabi a letetseng sechaba sa Babylona se atisang seo eseng sa sona, se ruelang ntlo ea sona leruo le lebe, se hahang motse ka tšollo ea mali, le se rapelang setšoantšo se betliloeng. Khaolo ea boraro e sebetsana le bokhabane ba Jehova ka letsatsi la ntoa, ’me ha ho e tšoanang le eona ka matla le ho tlala bophelo ha mokhoa oa eona oa ho phelisa monahano. Khaolo ena ke thapelo ea koli-ea-malla ’me e ’nile ea bitsoa “e ’ngoe ea tse babatsehang ka ho fetisisa le e khabane ka ho fetisisa tikolohong eohle ea lithothokiso tsa Seheberu.”a
LITABA TSE KA HARE TSA HABAKUKE
6. Boemo ba Juda ke bofe, ’me ke tšebetso efe e makatsang eo ka lebaka leo Jehova a tla e phetha?
6 Moprofeta o hoeletsa ho Jehova (1:1–2:1). Ho hloka tumelo Juda ho ile ha qholotsa lipotso kelellong ea Habakuke. Oa botsa: “Jehova, ke tla hoeletsa ho le hokae, u sa nkutloe?” “Ke hobane’ng ha tlatlapo le pefo li le ka pele ho ’na?” (NW) (1:2, 3) Molao o shoohlo, ea khopo o pota-potile ea lokileng, ’me toka ea khopama. Ka lebaka la sena, Jehova o tla phetha tšebetso e tla makatsa, ntho eo ‘batho ba ke keng ba e lumela leha ba e bolelloa.’ Ha e le hantle o “tsosa ba-Kalde”! Pono e tšosang ka sebele ke eo Jehova a fanang ka eona ka sechaba sena se bohale ha se e-tla ka potlako. Se inehetse pefong, ’me se bokella batšoaruoa “joale ka lehlabathe.” (1:5, 6, 9) Ha ho letho le tla ema tseleng ea sona, esita le marena le balaoli ba phahameng, hobane se ba tšeha kaofela ha bona. Se hapa sebaka se seng le se seng se sirelelitsoeng ka marako. Sena sohle e le kahlolo le khalemelo e tsoang ho Jehova, “Ea Halalelang.” (1:12, BPN) Habakuke o letile ka hloko hore Molimo o bue.
7. Jehova o tšelisa Habakuke joang?
7 Pono ea bomalimabe bo hahlano (2:2-20). Jehova oa arabela: “Ngola taba tsa pono ena holim’a matlapa.” Esita le haeba e bonahala e lieha, ntle ho ho hlōleha e tla ba ’nete. Jehova o tšelisa Habakuke ka mantsoe ana: “Athe ea lokileng o tla phela ka tumelo ea hae.” (2:2, 4, BPN) Sera se ikhopolang bosona se ke ke sa finyella pakane ea sona, esita leha se ka ’na sa ipokellela lichaba le batho. Hobane, tsena ke tsona lichaba tse tla phethahatsa polelo ea maele ea bomalimabe bo hahlano:
8, 9. Bomalimabe bo hahlano ba pono ee bo tobisitsoe ho batho ba mofuta ofe?
8 “Ho malimabe ea ipokellelang seo e seng sa hae.” Eena ka boeena o tla fetoha khapo. O tla hanyapetsoa “ka baka la mali a batho, le ka baka la ho tsohela lefatše matla.” (2:6, 8) “Ho malimabe ea ruelang ntlo ea hae leruo le lebe.” Ho felisa ha hae batho ba bangata ho tla etsa hore oona majoe le mahong a ntlo ea hae a hoeletse. (2:9) “Ho malimabe ea hahang motse ka mali.” Jehova o phatlalatsa hore lichaba tsa hae li tla sebeletsa feela mollo le lefeela. “Hobane lefatše le tla tlala tsebo ea khanya ea Jehova, joale ka metsi ha a aparetse leoatle.”—2:12, 14.
9 ‘Ho malimabe eo ka bohale a tahisang motsoalle oa hae e le hore a tle a bone bofeela ba hae.’ Jehova o tla etsa hore a noe senoelong se ka letsohong la Hae le letona, e leng ho mo tlisetsang nyeliso sebakeng sa khanya “ka lebaka la ho tšolla mali a batho le pefo e entsoeng lefatšeng.” Setšoantšo se betliloeng se na le molemo ofe ho moetsi oa sona—na hase ’nete hore melimo e joalo e se nang molemo ha e tsebe ho bua? (2:15, 17, NW) “Ho malimabe ea reng ho lehong: Tsoha! le ho lejoe le semumu: Ema! Na ho tla ruta lona?” Ha ho bapisoa le melimo ena e sa pheleng, “Jehova o ka tempeleng ea hae e khethehileng. . . . Lefatše lohle le ke le thōle pel’a hae!”—2:19, 20.
10. Ke tšebetso efe e tšosang e tsamaeang le ho hlaha ha Jehova ka letsatsi la ntoa?
10 Jehova letsatsing la ntoa (3:1-19). Ka thapelo e tiileng, Habakuke o hopola ka ho hlakileng tšebetso e tšabehang ea Jehova. Ha Jehova a hlaha “khanya ea hae e akaretsa leholimo, lefatše le tletse letlōtlo la hae.” (3:3) Ho khanya ha hae ho ne ho tšoana le leseli, ’me ho eena ha ’na ha tsoa lefu la seoa. O ile a ema tlekelele!, a sisinya lefatše, a etsa hore lichaba li tlōle le lithaba tsa ka ho sa feleng li thumakanngoe. Jehova o ile a tsoa a kaletse joaloka mohlabani ea matla ea nang le seqha se feela le makoloi a ntoa a pholoho. Lithaba le maliba a metsi li ile tsa tsukutloa. Letsatsi le khoeli li ile tsa ema tlekelele!, ’me ho ne ho e-na le leseli la metsu ea hae le ho benya ha lerumo la hae ha a pholletsa le lefatše, a thumakanya lichaba ka bohale. O ile a tsoa bakeng sa ho pholosa batho ba hae le motlotsuoa oa hae le bakeng sa ho senola motheo oa e mobe, “ho isa marulelong.”—3:13.
11. Pono ee e ama Habakuke joang, empa boikemisetso ba hae ke bofe?
11 Moprofeta o makalitsoe ke pono ena ea matla a mosebetsi oa pele oa Jehova le ke ho tla ha hae ka tšebetso e sisinyang lefatše. “Ke utloile, ’me ’mele oa ka oa nyaroha; lentsoeng leo, melomo ea ka ea otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tšoanetse ho lebella, ke khutsitse, letsatsi leo la tlokotsi lee sechaba se tlang ho futuheloa ke ea tla tla se loantša.” (3:16) Leha ho le joalo, Habakuke o ikemiselitse hore ho sa tsotellehe linako tse mpe tseo ho tlamehang ho tobanoa le tsona—ha ho lipalesa sefateng sa feiga, ha ho kotulo lifateng tsa morara, ha ho mohlape ka sakeng—ho ntse ho le joalo o tla nyakallela Jehova ’me a thabele Molimo oa poloko ea hae. O qetella pina ea hae ea thabo ka mantsoe ana: “Jehova Morena ke matla a ka; o tla fetola maoto a ka, a be joale ka a likhama; o tla ntsamaisa holim’a nģalo tsa ka tse phahameng.”—3:19.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
12. Ke tšebeliso efe e molemo ea Habakuke 2:4 eo Pauluse a e entseng?
12 Ka ho hlokomela hore boprofeta ba Habakuke bo molemo bakeng sa ho ruta, moapostola Pauluse o qotsitse khaolong ea 2, temana ea 4, ka makhetlo a mararo a sa tšoaneng. Ha a hatisa hore litaba tse molemo ke matla a Molimo bakeng sa pholoho ho e mong le e mong ea nang le tumelo, Pauluse o ile a ngolla Bakreste Roma: “Hobane ho loka ha Molimo ho koaholotsoe ka ho eona, ho tsoang tumelong ho isang tumelong, joale ka ha ho ngoliloe, ho thoe: Ea lokileng o tla phela ke tumelo.” Ha a ngolla Bagalata, Pauluse o ile a hatisa ntlha ea hore tlhohonolofatso e tla ka tumelo: “Ha ho motho ea ka beoang ea lokileng pel’a Molimo ke molao, hoa bonahala; kahobane ho itsoe: Ea lokileng o tla phela ke tumelo.” Pauluse o boetse a ngola lengolong la hae le eang ho Baheberu hore Bakreste ba tlameha ho bontša tumelo e phelang, e bolokang sephefumolohi, ’me o boetse a bua ka mantsoe a Jehova ho Habakuke. Leha ho le joalo, ha a qotse mantsoe a Habakuke feela, “Ea lokileng o tla phela ke tumelo,” empa hape mantsoe a hae a tsoela pele ho latela Septuagint ea Segerike: “Ekare ha a koeneha, sephefumolohi sa ka ha se khahlisoe ke eena.” Joale o akarelletsa ka hore: Ha e le rōna, “re ba tiisang tumelo ho pholosa meea ea rōna.”—Ba-Roma 1:17; Ba-Gal. 3:11; Ba-Heb. 10:38, 39.
13. Ho nepahala ha ho phethahala ha boprofeta ba Habakuke khahlanong le Juda le Babylona ho hatisa eng mabapi le likahlolo tsa Molimo?
13 Boprofeta ba Habakuke bo molemo haholo ho Bakreste kajeno, ba hlokang matla a maholo. Bo ruta ho itšetleha ka Molimo. Bo boetse bo molemo bakeng sa ho lemosa ba bang ka likahlolo tsa Molimo. Thuto e lemosang e matla: U se ke ua nahana hore likahlolo tsa Molimo li liehile haholo; e tla ba “’nete ntle ho ho hlōleha.” (Hab. 2:3, NW) Ntle ho ho hlōleha boprofeta ba ho ripitloa ha Juda ke Babylona e bile ’nete, ’me ntle ho ho hlōleha Babylona ka boeona e ile ea haptjoa, Bamede le Bapersia ba nka motse ka 539 B.C.E. Ke temoso e kaakang bakeng sa ho lumela mantsoe a Molimo! Kahoo, moapostola Pauluse o ho fumane ho le molemo ho qotsa Habakuke ha a lemosa Bajode ba mehleng ea hae hore ba se ke ba hloka tumelo: “Iponeleng ke hona, e se re mohlomong se boletsoeng ke baprofeta sa le hlahela, se reng: Bonang, lōna banyatsi, le makale, ’me le timele; hobane ke tla etsa mosebetsi mehleng ea lōna, mosebetsi oo le ke keng la o lumela, leha e mong a ka le bolella.” (Lik. 13:40, 41; Hab. 1:5,LXX) Bajode ba hlokang tumelo ba ne ba ke ke ba mamela Pauluse, feela joalokaha ba sa ka ba lumela temoso ea Jesu ka ho ripitloa ha Jerusalema; ba ile ba latsoa litholoana tsa ho hloka tumelo ha bona ha makhotla a Roma a ripitla Jerusalema ka 70 C.E.—Luka 19:41-44.
14. (a) Boprofeta ba Habakuke bo khothalletsa Bakreste kajeno ho khomarela tumelo e matla joang? (b) Joalokaha ho boletsoe boprofeteng, ke tšepo efe e thabisang eo barati ba ho loka ba ka bang le eona hona joale?
14 Ka ho tšoanang le kajeno, boprofeta ba Habakuke bo khothaletsa Bakreste ho khomarela tumelo e matla, ha ba phela lefatšeng le tletseng pefo. E ba thusa ho ruta ba bang le ho arabela potso eo batho lefatšeng lohle ba e botsang, Na Molimo o tla iphetetsa ho ba khopo? Hlokomela hape mantsoe a boprofeta bona: “Leha e ka lieha, uena u e emele, e tla fela e phethahale, ha e ka ke ea lieha.” (Hab. 2:3, BPN) Ho sa tsotellehe morusu o etsahalang lefatšeng, masala a tlotsitsoeng a majalefa a ’Muso a hopola mantsoe a Habakuke mabapi le liketso tse fetileng tsa Jehova tsa ho iphetetsa: “U tsoela ho pholosa sechaba sa hao, ho pholosa motlotsuoa oa hao.” (3:13) Ka sebele Jehova ke “Mohalaleli” oa bona, ho tloha khale-khale, le “Lefika” ea tla khalemela ea sa lokang le ho fa bao a ba apesang ka lerato la hae bophelo. Bohle ba ratang ho loka ba ka thaba ’Musong oa hae le boreneng ba hae, ba re: “Empa ha e le ’na, ke tla ithabela ho Jehova, ke nyakalle ho Molimo oa poloko ea ka. Jehova Morena ke matla a ka.”—1:12; 3:18, 19.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Book of the Twelve Minor Prophets, 1868, E. Henderson, leqephe 285.