Lihlooho Tsa Litaba Tsa Bibele Tsa Puisano
1. Armagedone
A. Ntoa ea Molimo ea ho felisa bokhopo
Lichaba li bokelloa Armagedone. Tše 16:14, 16
Molimo oa loana, a sebelisa Mora le mangeloi. 2Th 1:6-9; Tše 19:11-16
Kamoo re ka pholohang. Sof 2:2, 3; Tše 7:14
B. Lerato la Molimo ha le hlokomolohuoe
Lefatše le bolile ka ho feteletseng. 2Ti 3:1-5
Molimo ha a fele pelo, empa toka e hloka hore ho nkoe khato. 2Pe 3:9, 15; Lu 18:7, 8
Ba khopo ba tlameha ho tloha e le hore ba lokileng ba ka atleha. Lipr 21:18; Tše 11:18
2. Baprofeta ba Bohata
A. Baprofeta ba bohata ba ile ba boleloa esale pele; ba ne ba le teng mehleng ea baapostola
Molao oo ka oona ho ka etsoang qeto ea hore na baprofeta ba bohata ke bafe. De 18:20-22; Lu 6:26
Ba ile ba boleloa esale pele; ba hlokomeloa ka litholoana. Mt 24:23-26; 7:15-23
3. Bibele
A. Lentsoe la Molimo le bululetsoe
Batho ba ile ba susumeletsoa ho ngola ke moea oa Molimo. 2Pe 1:20, 21
E tšoere boprofeta: Da 8:5, 6, 20-22; Lu 21:5, 6, 20-22; Esa 45:1-4
Bibele eohle e bululetsoe ’me e molemo. 2Ti 3:16, 17; Ro 15:4
B. Ke tataiso e sebetsang bakeng sa mehla ea rōna
Ho iphapanyetsa melao-motheo ea Bibele ho ka fella ka lefu. Ro 1:28-32
Bohlale ba motho bo ke ke ba e nkela sebaka. 1Ko 1:21, 25; 1Ti 6:20
Ke tšireletso khahlanong le sera se matla ka ho fetisisa. Ef 6:11, 12, 17
E tataisa motho tseleng e nepahetseng. Ps 119:105; 2Pe 1:19; Lipr 3:5, 6
C. E ngoletsoe batho ba lichaba le merabe eohle
Ho ngoloa ha Bibele ho qalile Bochabela. Ex 17:14; 24:12, 16; 34:27
Tokisetso ea Molimo ha ea etsetsoa Maeurope feela. Ro 10:11-13; Ga 3:28
Molimo o amohela batho ba mefuta eohle. Li 10:34, 35; Tše 22:17; 7:9, 10
4. Bokhopo, Mahlomola a Lefatše
A. Ea ikarabellang bakeng sa mahlomola a lefatše
Puso e khopo ke sesosa sa linako tse mpe kajeno. Lipr 29:2; 28:28
’Musi oa lefatše ke sera sa Molimo. 2Ko 4:4; 1Jo 5:19; Joh 12:31
Bomalimabe bo tlisoa ke Diabolose, nako e khutšoanyane. Tše 12:9, 12
Diabolose o tla tlangoa, ho latele khotso e khanyang. Tše 20:1-3; 21:3, 4
B. Lebaka leo ka lona bokhopo bo lumeletsoeng
Diabolose o ile a phephetsa botšepehi bo sa sekisetseng ba libōpuoa ho Molimo. Job 1:11, 12
Ba tšepahalang ba fuoa monyetla oa ho ipaka ba tšepahala ka ho sa sekisetseng. Ro 9:17; Lipr 27:11
Diabolose o pakiloe a le leshano, tseko e lokela ho rarolloa. Joh 12:31
Ba tšepahalang ba putsoa ka bophelo bo sa feleng. Ro 2:6, 7; Tše 21:3-5
C. Nako ea bofelo e lelefalitsoeng ke tokisetso e mohau
Joaloka mehleng ea Noe, ho nka nako ho fana ka temoso. Mt 24:14, 37-39
Molimo ha a liehe, empa o mohau. 2Pe 3:9; Esa 30:18
Bibele e re thusa ho qoba ho tsometsoa. Lu 21:36; 1Th 5:4
Batla tokisetso ea Molimo hona joale bakeng sa tšireletso. Esa 2:2-4; Sof 2:3
D. Tharollo mahlomoleng a lefatše ha e tsoe ho batho
Batho ba tletse tšabo e khōlō, ba tsielehile. Lu 21:25, 26; 2Ti 3:1-5
Ke ’Muso oa Molimo, eseng batho, o tlang ho atleha. Da 2:44; Mt 6:10
Hore re phele, re lokela ho kōpa khotso ho Morena hona joale. Ps 2:9, 11, 12
5. Bolumeli
A. Ho na le bolumeli bo le bong feela ba ’nete
Tšepo e ’ngoe, tumelo e ’ngoe, qoeliso e ’ngoe. Ef 4:5, 13
Ho fanoe ka thōmo ea ho etsa barutuoa. Mt 28:19; Li 8:12; 14:21
Bo hlokomeloa ka litholoana tsa bona. Mt 7:19, 20; Lu 6:43, 44; Joh 15:8
Lerato, tumellano har’a litho. Joh 13:35; 1Ko 1:10; 1Jo 4:20
B. Thuto ea bohata e nyatsoa ka ho loketseng
Jesu o ile a nyatsa thuto ea bohata. Mt 23:15, 23, 24; 15:4-9
O ile a etsa joalo ho sireletsa ba foufalitsoeng. Mt 15:14
’Nete e ile ea ba lokolla hore e be barutuoa ba Jesu. Joh 8:31, 32
C. Ho fetola bolumeli ba motho ke habohlokoahali haeba bo pakiloe bo fosahetse
’Nete ea lokolla; e paka hore ba bangata ba fositse. Joh 8:31, 32
Baiseraele, ba bang, ba ile ba tlohela borapeli ba pele. Jos 24:15; 2Ma 5:17
Bakreste ba pele ba ile ba fetola pono ea bona. Ga 1:13, 14; Li 3:17, 19
Lefatše lohle le thetsitsoe; kelello e tlameha ho fetoloa. Tše 12:9; Ro 12:2
D. Ho bonahala eka “malumeli ’ohle a molemo” ha ho tiise kamohelo ea Molimo
Molimo o beha tekanyetso bakeng sa borapeli. Joh 4:23, 24; Jak 1:27
Ha bo molemo haeba bo sa ee ka thato ea Molimo. Ro 10:2, 3
“Mesebetsi e molemo” e ka qheloa. Mt 7:21-23
Bo hlokomeloa ka litholoana. Mt 7:20
6. Bophelo
A. Moloko oa batho ba utloang o tiisetsoa hore o tla fumana bophelo bo sa feleng
Molimo, ea ke keng a thetsa, o tšepisitse bophelo. Tit 1:2; Joh 10:27, 28
Ba sebelisang tumelo ba tiisetsoa hore ba tla fumana bophelo bo sa feleng. Joh 11:25, 26
Lefu le tla felisoa. 1Ko 15:26; Tše 21:4; 20:14; Esa 25:8
B. Bophelo ba leholimo bo lekanyelitsoe ho ba leng ’meleng oa Kreste
Molimo o khetha litho kamoo a khahloang ka teng. Mt 20:23; 1Ko 12:18
Ke ba 144 000 feela ba nkiloeng lefatšeng. Tše 14:1, 4; 7:2-4; 5:9, 10
Esita le Johanne Moqoelisi ha a na ho ba ’Musong oa leholimo. Mt 11:11
C. Lenane le sa lekanyetsoang, “linku tse ling,” le tšepisoa bophelo ba lefatšeng
Lenane le lekanyelitsoeng le tla ba le Jesu maholimong. Tše 14:1, 4; 7:2-4
“Linku tse ling” hase barab’abo Kreste. Joh 10:16; Mt 25:32, 40
Joale ba bangata baa bokana bakeng sa ho pholohela lefatšeng. Tše 7:9, 15-17
Ba bang ba tla tsosetsoa bophelo lefatšeng. Tše 20:12; 21:4
7. Borapeli ba Baholo-holo
A. Borapeli ba baholo-holo ha bo thuse letho
Baholo-holo ba shoele, ha ba utloe letho. Moe 9:5, 10
Baholo-holo ba qalong ha ba tšoaneloe ke borapeli. Ro 5:12, 14; 1Ti 2:14
Molimo o hanela borapeli bo joalo. Ex 34:14; Mt 4:10
B. Batho ba ka hlomphuoa, empa ke Molimo feela ea rapeloang
Bacha ba lokela ho hlompha batho ba baholo. 1Ti 5:1, 2, 17; Ef 6:1-3
Empa ke Molimo feela ea lokelang ho rapeloa. Li 10:25, 26; Tše 22:8, 9
8. Borapeli ba Maria
A. Maria e ne e le ’mè oa Jesu, eseng “’mè oa Molimo”
Molimo ha a na qaleho. Ps 90:2; 1Ti 1:17
Maria e ne e le ’mè oa Mor’a Molimo, boemong ba hae ba lefatšeng. Lu 1:35
B. Maria hase “moroetsana oa ka ho sa feleng”
O ile a nyaloa ke Josefa. Mt 1:19, 20, 24, 25
A ba le bana ba bang ka ntle ho Jesu. Mt 13:55, 56; Lu 8:19-21
Nakong eo bana e ne e se “barab’abo ba moea.” Joh 7:3, 5
9. Boraro-bo-bong
A. Molimo, Ntate, Motho a le mong, e moholo ka ho fetisisa bokahohleng
Molimo hase batho ba bararo. De 6:4; Mal 2:10, BPN;a Mr 10:18; Ro 3:29, 30
Mora o bōpiloe; Molimo o ne a le mong pele. Tše 3:14; Kol 1:15; Esa 44:6
Molimo ke ’musi oa bokahohle ka linako tsohle. Fil 2:5, 6; Da 4:35
Molimo o lokela ho phahamisoa ka holim’a tsohle. Fil 2:10, 11
B. Mora o ne a le ka tlaase ho Ntate pele a tla lefatšeng le ka mor’a moo
Mora o ne a mamela leholimong, o ne a romiloe ke Ntate. Joh 8:42; 12:49
O ne a utloa lefatšeng, Ntate o moholo ho eena. Joh 14:28; 5:19; Heb 5:8
A phahamisitsoe leholimong, o ntse a le ka tlaase. Fil 2:9; 1Ko 15:28; Mt 20:23
Jehova ke hlooho le Molimo oa Kreste. 1Ko 11:3; Joh 20:17; Tše 1:6
C. Bonngoe ba Molimo le Kreste
Ka mehla bo na le tumellano e feletseng. Joh 8:28, 29; 14:10
Bonngoe, bo kang ba monna le mosali. Joh 10:30; Mt 19:4-6
Balumeli bohle ba tlameha ho ba le bonngoe bo tšoanang. Joh 17:20-22; 1Ko 1:10
Borapeli bo le bong ba Jehova ka Kreste ka ho sa feleng. Joh 4:23, 24
D. Moea o halalelang oa Molimo ke matla a hae a sebetsang
Ke matla, hase motho. Mt 3:16; Joh 20:22; Li 2:4, 17, 33
Hase motho ea leng leholimong le Molimo le Kreste. Li 7:55, 56; Tše 7:10
O tsamaisoa ke Molimo ho phetha merero. Ps 104:30; 1Ko 12:4-11
Ba sebeletsang Molimo baa o amohela, ba tataisoa ke oona. 1Ko 2:12, 13; Ga 5:16
10. Diabolose, Bademona
A. Diabolose ke motho oa moea
Hase bobe bo ka hare ho motho ka boeena empa ke motho oa moea. 2Ti 2:26
Diabolose ke motho feela joaloka mangeloi. Mt 4:1, 11; Job 1:6
O ile a iketsa Diabolose ka takatso e fosahetseng. Jak 1:13-15
B. Diabolose ke ’musi ea sa bonahaleng oa lefatše
Lefatše le tlas’a taolo ea hae e le molimo. 2Ko 4:4; 1Jo 5:19; Tše 12:9
O lumeletsoe hore a be teng ho fihlela tseko e rarolloa. Ex 9:16; Joh 12:31
O tla koalloa mohohlong, a ntoo timetsoa. Tše 20:2, 3, 10
C. Bademona ke mangeloi a bafetoheli
Ba ile ba ikopanya le Satane pele ho Moroallo. Ge 6:1, 2; 1Pe 3:19, 20
Ba nyelisitsoe, ba khaotsoe ho behoeng leseling hohle. 2Pe 2:4; Juda 6
Ba loantša Molimo, ba hatella batho. Lu 8:27-29; Tše 16:13, 14
Ba tla felisoa le Satane. Mt 25:41; Lu 8:31; Tše 20:2, 3, 10
11. Ho Khutla ha Kreste
A. Ho khutla ha ho bonahale ho batho
O ile a bolella barutuoa hore lefatše le ne le se na ho hlola le mo bona. Joh 14:19
Ke barutuoa feela ba ileng ba bona ho nyoloha; o khutla ka mokhoa o tšoanang. Li 1:6, 10, 11
O leholimong, ke moea o sa bonahaleng. 1Ti 6:14-16; Heb 1:3
O khutla ka matla a ’Muso oa leholimo. Da 7:13, 14; Mt 25:31
B. Ho hlokomeloa ka linnete tse bonahalang
Barutuoa ba ile ba kōpa pontšo ea ho ba teng. Mt 24:3
Bakreste ba “bona” ho ba teng ka kutloisiso. Ef 1:18
Liketsahalo tse ngata li etsa bopaki ba ho ba teng. Lu 21:10, 11, 25-32
Lira li “bona” ha timetso e li tsometsa. Tše 1:7
12. Ho Paka
A. Bakreste bohle ba tlameha ho paka, ho bolela litaba tse molemo
Ba tlameha ho lumela hore ba amohela Jesu ka pel’a batho e le hore ba amoheloe. Mt 10:32
E tlameha ho ba baphethi ba Lentsoe, ba bontšang tumelo. Jak 1:22-24; 2:24
Ba bacha, le bona, e tlameha ho ba matichere a lentsoe. Mt 28:19, 20
Polelo ea phatlalatsa e tlisa poloko. Ro 10:10
B. Tlhokahalo ea ho eta khafetsa, ho paka ho tsoelang pele
Temoso ka bofelo molokong ona e tlameha ho fanoa. Mt 24:14, 34
Jeremia o ile a tsebahatsa bofelo ba Jerusalema ka lilemo-lemo. Jer 25:3
Joaloka Bakreste ba pele, re ke ke ra khaotsa. Li 4:18-20; 5:28, 29
C. Re tlameha ho beha bopaki e le hore re lokolohe molatong oa mali
Re tlameha ho lemosa ka bofelo bo atamelang. Eze 33:7; Mt 24:14
Ho hlōleha ho tlisa molato oa mali. Eze 33:8, 9; 3:18, 19
Pauluse o ne a lokolohile molatong oa mali; a bua ’nete e feletseng. Li 20:26, 27; 1Ko 9:16
Ho pholosa paki hammoho le ea mamelang. 1Ti 4:16; 1Ko 9:22
13. Ho Rereloa Bokamoso Esale Pele
A. Motho ha aa rereloa bokamoso esale pele
Morero oa Molimo o tiile. Esa 55:11; Ge 1:28
Batho ka bomong ba fuoa boikhethelo ba ho sebeletsa Molimo. Joh 3:16; Fil 2:12
14. Jehova, Molimo
A. Lebitso la Molimo
“Molimo” ke lentsoe le sa khetholleng; Morena oa rōna o na le lebitso la botho. 1Ko 8:5, 6
Re rapella hore lebitso la hae le halaletsoe. Mt 6:9, 10
Jehova ke lebitso la Molimo. Ps 83:18; Ex 6:2, 3; 3:15; Esa 42:8
Lebitso leo le teng ho AV. Ex 6:3 (Dy mongolo o botlaaseng ba leqephe). Ps 83:18; Esa 12:2; 26:4
Jesu o ile a tsebahatsa lebitso leo. Joh 17:6, 26; 5:43; 12:12, 13, 28
B. Ho ba teng ha Molimo
Ho ke ke ha etsahala hore motho a bone Molimo ’me a phele. Ex 33:20; Joh 1:18; 1Jo 4:12
Ha ho hlokahale hore motho a bone Molimo e le hore a lumele. Heb 11:1; Ro 8:24, 25; 10:17
Molimo o tsejoa ka mesebetsi ea hae e bonahalang. Ro 1:20; Ps 19:1, 2
Phethahatso ea boprofeta e paka ho ba teng ha Molimo. Esa 46:8-11
C. Litšobotsi tsa Molimo
Molimo ke lerato. 1Jo 4:8, 16; Ex 34:6; 2Ko 13:11; Mik 7:18
O na le bohlale bo phahameng ka ho fetisisa. Job 12:13; Ro 11:33; 1Ko 2:7
Ha a na leeme, o sebelisa toka. De 32:4; Ps 37:28, NWb
O matla ’ohle. Job 37:23; Tše 7:12; 4:11
D. Hase bohle ba sebeletsang Molimo a le mong
Tsela e bonahalang e le molemo hase ka mehla e leng e nepahetseng. Lipr 16:25; Mt 7:21
Litsela li peli, ke e le ’ngoe feela e isang bophelong. Mt 7:13, 14; De 30:19
Melimo e mengata empa Molimo oa ’nete o mong feela. 1Ko 8:5, 6; Ps 82:1
Ho tseba Molimo oa ’nete ke habohlokoahali bakeng sa bophelo. Joh 17:3; 1Jo 5:20
15. Jesu
A. Jesu ke Mor’a Molimo le Morena ea khethiloeng
Ke letsibolo la Molimo, o bōpile lintho tsohle. Tše 3:14; Kol 1:15-17
O ile a etsoa motho ea tsoetsoeng ke mosali, ea ka tlaasana ho mangeloi. Ga 4:4; Heb 2:9
O tsoetsoe ka moea oa Molimo, kabelo e le ho ea leholimong. Mt 3:16, 17
O phahamisitsoe ho feta nakong ea bophelo ba hae pele e e-ba motho. Fil 2:9, 10
B. Ho lumela ho Jesu Kreste ke habohlokoahali bakeng sa poloko
Kreste ke Peō e tšepisitsoeng ea Abrahama. Ge 22:18, NW; Ga 3:16
Jesu o fane ka bophelo ba hae e le thekollo. Mt 20:28; 1Jo 2:2
Bophelo ka ho tseba Molimo le Kreste, ho mamela. Joh 17:3; Li 4:12
C. Ho hlokahala ho fetang tumelo ho Jesu
Tumelo e tlameha ho tsamaea le mesebetsi. Jak 2:17-26; 1:22-25
Re tlameha ho mamela litaelo, ho etsa mosebetsi oo a neng a o etsa. Joh 14:12, 15; 1Jo 2:3
Hase bohle ba sebelisang lebitso la Morena ba tla kena ’Musong. Mt 7:21-23
16. Kereke
A. Kereke ke ea moea, e hahiloe holim’a Kreste
Molimo ha a lule litempeleng tse entsoeng ke batho. Li 17:24, 25; 7:48
Kereke ea ’nete ke tempele ea moea ea majoe a phelang. 1Pe 2:5, 6
Kreste, lejoe la sekhutlo; baapostola, motheo oa bobeli. Ef 2:20
Molimo o lokela ho rapeloa ka moea le ’nete. Joh 4:24
B. Kereke ha ea hahoa holim’a Petrose
Jesu ha aa ka a re kereke e hahiloe holim’a Petrose. Mt 16:18
Jesu o ile a tsebahatsoa e le “lefika.” 1Ko 10:4
Petrose o ile a tsebahatsa Jesu e le motheo. 1Pe 2:4, 6-8; Li 4:8-12
17. Khanyetso, Tlhoriso
A. Lebaka la ho hanyetsoa ha Bakreste
Jesu o ne a hlouoe, o ile a bolela ka khanyetso esale pele. Joh 15:18-20; Mt 10:22
Ho khomarela melao-motheo e nepahetseng ho ahlola lefatše. 1Pe 4:1, 4, 12, 13
Satane, molimo oa tsamaiso ena, o hanyetsa ’Muso. 2Ko 4:4; 1Pe 5:8
Mokreste ha a na tšabo, Molimo o fana ka tšehetso. Ro 8:38, 39; Jak 4:8
B. Mosali ha aa lokela ho lumella monna ho mo arohanya le Molimo
Ho lemositsoe esale pele; ba bang ba ka ’na ba fa monna boitsebiso bo fosahetseng. Mt 10:34-38; Li 28:22
Mosali o tlameha ho talima ho Molimo le Kreste. Joh 6:68; 17:3
Ka botšepehi a ka ’na a pholosa le eena monna. 1Ko 7:16; 1Pe 3:1-6
Monna ke hlooho, empa ha aa lokela ho laela ka bohatelli borapeling. 1Ko 11:3; Li 5:29
C. Monna ha aa lokela ho lumella mosali ho mo thibela ho sebeletsa Molimo
O tlameha ho rata mosali le lelapa, a batle hore ba fumane bophelo. 1Ko 7:16
O na le boikarabelo ba ho etsa liqeto, ho lokisetsa lintho tse hlokahalang. 1Ko 11:3; 1Ti 5:8
Molimo o rata monna ea emelang ’nete. Jak 1:12; 5:10, 11
Ho sekisetsa ka lebaka la khotso ho tlisa ho se amoheloe ke Molimo. Heb 10:38
O etella lelapa pele ho ea thabong Lefatšeng le Lecha. Tše 21:3, 4
18. Lefatše
A. Morero oa Molimo bakeng sa lefatše
Paradeise e ile ea etsoa lefatšeng bakeng sa batho ba phethahetseng. Ge 1:28; 2:8-15
Morero oa Molimo o tiile. Esa 55:11; 46:10, 11
Lefatše le tla tlatsoa batho ba phelang ka khotso, ba phethahetseng. Esa 45:18; Ps 72:7; Esa 9:6, 7
Paradeise e tla tsosolosoa ke ’Muso. Mt 6:9, 10; Tše 21:3-5
B. Ha le na ho timetsoa kapa ho hloka baahi le ka mohla
Lefatše la sebele le tla ba teng ka ho sa feleng. Moe 1:4; Ps 104:5
Ho ile ha timetsoa batho ba nakong ea Noe, eseng lefatše. 2Pe 3:5-7; Ge 7:23
Mohlala oo o fana ka tšepo ea ho pholoha nakong ea rōna. Mt 24:34, 37-39
Ba khopo ba tla timetsoa; “bongata bo boholo” bo tla pholoha. 2Th 1:6-9; Tše 7:9, 14
19. Lefu
A. Sesosa sa lefu
Motho o ne a phethahetse qalong, a e-na le tebello ea ho phela ka ho sa feleng. Ge 1:28, 31
Ho se mamele ha tlisa kahlolo ea lefu. Ge 2:16, 17; 3:17, 19
Sebe le lefu li fetetse ho bana bohle ba Adama. Ro 5:12
B. Boemo ba bafu
Adama o ile a etsoa sephefumolohi, ha aa ka a se fuoa. Ge 2:7, NW; 1Ko 15:45
Ke motho, sephefumolohi, ea shoang. Eze 18:4, NW; Esa 53:12, NW; Job 11:20, NW
Bafu ha ba utloe letho, ha ba tsebe letho. Moe 9:5, 10; Ps 146:3, 4
Bafu ba robetse ba emetse tsoho. Joh 11:11-14, 23-26; Li 7:60
C. Ho buisana le bafu ho ke ke ha etsahala
Bafu ha ba phele le Molimo e le meea. Ps 115:17; Esa 38:18
Ho lemosoa khahlanong le ho leka ho bua le bafu. Esa 8:19; Le 19:31
Bakena-lipakeng, linohe, baa nyatsuoa. De 18:10-12; Ga 5:19-21
20. Leholimo
A. Ke ba 144 000 feela ba eang leholimong
Ke lenane le lekanyelitsoeng; e il’o ba marena le Kreste. Tše 5:9, 10; 20:4
Jesu e bile pula-maliboho; ba bang ba ile ba khethoa ka mor’a moo. Kol 1:18; 1Pe 2:21
Ba bang ba bangata ba tla phela lefatšeng. Ps 72:8; Tše 21:3, 4
Ba 144 000 ba boemong bo khethehileng boo ho seng ba bang ba leng ho bona. Tše 14:1, 3; 7:4, 9
21. Lenyalo
A. Kopano ea lenyalo e tlameha ho hlompheha
E tšoantšoa le Kreste le monyaluoa. Ef 5:22, 23
Liphate tsa lenyalo li tlameha hore li se ke tsa silafatsoa. Heb 13:4
Banyalani ba eletsoa hore ba se ke ba arohana. 1Ko 7:10-16
Por·neiʹa ke oona motheo feela oa Mangolo bakeng sa tlhalo. Mt 19:9
B. Bakreste ba tlameha ho hlompha molao-motheo oa bohlooho
Monna joaloka hlooho o tlameha ho rata lelapa, ho le hlokomela. Ef 5:23-31
Mosali, ka boikokobetso, o rata monna, oa mo utloa. 1Pe 3:1-7; Ef 5:22
Bana ba tlameha hore e be ba utloang. Ef 6:1-3; Kol 3:20
C. Boikarabelo ba batsoali ba Bakreste ho bana
Ba tlameha ho bontša lerato, ho fana ka nako, tlhokomelo. Tit 2:4
Le se ke la ba halefisa. Kol 3:21
Lokisetsang lintho tse hlokahalang, ho akarelletsa lintho tsa moea. 2Ko 12:14; 1Ti 5:8
Ba koetlisetseng bophelo. Ef 6:4; Lipr 22:6, 15; 23:13, 14
D. Bakreste ba lokela ho nyalana le Bakreste feela
Nyalanang feela “Moreneng.” 1Ko 7:39; De 7:3, 4; Ne 13:26
E. Sethepu ha se lumellane le Mangolo
Qalehong monna o ne a lokela ho ba le mosali a le mong feela. Ge 2:18, 22-25
Jesu o ile a tsosolosa tekanyetso eo bakeng sa Bakreste. Mt 19:3-9
Bakreste ba pele ba ne ba sa nyale sethepu. 1Ko 7:2, 12-16; Ef 5:28-31
22. Lihele (Hadese, Sheole)
A. Hase sebaka sa sebele sa tlhokofatso ea mollo
Jobo ea neng a utloa bohloko o ile a rapella ho ea moo. Job 14:13
Sebaka seo ho sona ho sa sebetsoeng letho. Ps 6:5; Moe 9:10; Esa 38:18, 19
Jesu o ile a tsosoa nģalong ea bafu, liheleng. Li 2:27, 31, 32; Ps 16:10
Lihele li tla nehelana ka bafu ba bang, li felisoe. Tše 20:13, 14
B. Mollo ke tšoantšetso ea pheliso e feletseng
Ho khaola ka lefu ho tšoantšetsoa ke mollo. Mt 25:41, 46; 13:30
Ba khopo ba sa bakeng ba timetsoa ka ho sa feleng joalokaha eka ke ka mollo. Heb 10:26, 27
“Tlhokofatso” ea mollo ea Satane ke lefu la ka ho sa feleng. Tše 20:10, 14, 15
C. Tlaleho ea monna ea ruileng le Lazarose hase bopaki ba tlhokofatso e sa feleng
Mollo hase oa sebele feela joalokaha sefuba sa Abrahama e se sa sebele. Lu 16:22-24
Kamohelo ea Abrahama le eona e fapane le lefifi. Mt 8:11, 12
Ho felisoa ho feletseng ha Babylona ho bitsoa tlhokofatso ea mollo. Tše 18:8-10, 21
23. Lipaki tsa Jehova
A. Qaleho ea Lipaki tsa Jehova
Jehova o tsebahatsa lipaki tsa hae. Esa 43:10-12; Jer 15:16
Tlhahlamano ea lipaki tse tšepahalang e qalile ka Abele. Heb 11:4, 39; 12:1
Jesu e ne e le paki e tšepahalang le ea ’nete. Joh 18:37; Tše 1:5; 3:14
24. Litšoantšo
A. Tšebeliso ea litšoantšo, liemahale, borapeling ke nyeliso ho Molimo
Setšoantšo sa Molimo se ke ke sa etsoa. 1Jo 4:12; Esa 40:18; 46:5; Li 17:29
Bakreste ba lemosoa khahlanong le litšoantšo. 1Ko 10:14; 1Jo 5:21
Molimo o tlameha ho rapeloa ka moea, ’nete. Joh 4:24
B. Borapeli ba litšoantšo bo ile ba ipaka e le bo fellang ka lefu sechabeng sa Iseraele
Borapeli ba litšoantšo bo ne bo thibetsoe ho Bajuda. Ex 20:4, 5
Li ke ke tsa utloa, tsa bua; baetsi ba ba joaloka tsona. Ps 115:4-8
Li ile tsa tlisa leraba, timetso. Ps 106:36, 40-42; Jer 22:8, 9
C. Borapeli “bo lekanyelitsoeng” ha boa lumelloa
Molimo o ile a hana ho lumella hore a rapeloe “ka tsela e lekanyelitsoeng.” Esa 42:8
Molimo ke eena feela “Moutloi oa Thapelo.” Ps 65:1, 2
25. Mali
A. Litšelo tsa mali li hlompholla khalalelo ea mali
Noe o ile a bolelloa hore mali a ne a halalela, e ne e le bophelo. Ge 9:4, 16
Selekane sa Molao se ne se thibela ho ja mali. Le 17:14; 7:26, 27
Thibelo e ile ea phetoa ho Bakreste. Li 15:28, 29; 21:25
B. Taba ea ho pholosa bophelo ha e lokafatse ho tlōla molao oa Molimo
Ho mamela ho molemo ho feta sehlabelo. 1Sa 15:22; Mr 12:33
Ho eteletsa bophelo ba motho ka pele ho molao oa Molimo ho ka fella ka lefu. Mr 8:35, 36
26. Matsatsi a Phomolo, Matsatsi a Tsoalo
A. Bakreste ba pele ba ne ba sa boloke matsatsi a tsoalo, Keresemese
Bao e neng e se barapeli ba ’nete ba ne ba a boloka. Ge 40:20; Mt 14:6
Letsatsi la lefu la Jesu le lokela ho ketekoa. Lu 22:19, 20; 1Ko 11:25, 26
Meketjana e lerata ha ea tšoanela. Ro 13:13; Ga 5:21; 1Pe 4:3
27. Mehla ea Qetello
A. Se boleloang ke “bofelo ba lefatše”
Qetello ea tsamaiso ea lintho. Mt 24:3; 2Pe 3:5-7; Mr 13:4
Hase bofelo ba lefatše le mobu, empa ba tsamaiso e khopo. 1Jo 2:17
Nako ea bofelo e etella timetso pele. Mt 24:14, 34
Ho pholoha ba lokileng; ho latela Lefatše le Lecha. 2Pe 2:9; Tše 7:14-17
B. Tlhokahalo ea ho falimehela lipontšo tsa mehla ea qetello
Molimo o fane ka lipontšo ho re tataisa. 2Ti 3:1-5; 1Th 5:1-4
Lefatše le sitoa ho hlokomela ho teba ha sena. 2Pe 3:3, 4, 7; Mt 24:39
Molimo ha a liehe, empa o fana ka temoso. 2Pe 3:9
Moputso bakeng sa ho falimeha, ho ba le kameho. Lu 21:34-36
28. Moea, Tumelo ea ho Buisana le Meea ea Bafu
A. Seo moea o halalelang e leng sona
Ke matla a Molimo a sebetsang, hase motho. Li 2:2, 3, 33; Joh 14:17
O ile oa sebelisoa pōpong, ho bululeloeng ha Bibele, jj. Ge 1:2; Eze 11:5, NW
O tsoala litho tsa ’mele oa Kreste, oa li tlotsa. Joh 3:5-8; 2Ko 1:21, 22
Kajeno o fa batho ba Molimo matla, o ba etella pele. Ga 5:16, 18
B. Matla a bophelo a bitsoa moea
Molao-motheo oa bophelo, bo tšehetsoa ka ho phefumoloha. Jak 2:26; Job 27:3, NW
Matla a laolang matla a bophelo a ho Molimo. Zak 12:1; Moe 8:8
Matla a bophelo a batho, a liphoofolo, ke a Molimo. Moe 3:19-21
Moea o behoa tlhokomelong ea Molimo ka tšepo ea tsoho. Lu 23:46
C. Tumelo ea ho buisana le meea ea bafu e tlameha ho sesefshoa joaloka mosebetsi oa bademona
Lentsoe la Molimo lea e hanela. Esa 8:19, 20, NW; Le 19:31, NW; 20:6, 27, NW
Bonohe ke bodemona; boa nyatsuoa. Li 16:16-18
E isa timetsong. Ga 5:19-21; Tše 21:8; 22:15
Bonohe ba linaleli boa haneloa. De 18:10-12, NW; Jer 10:2
29. Mosebeletsi
A. Bakreste bohle e tlameha ho ba basebeletsi
Jesu e ne e le mosebeletsi oa Molimo. Ro 15:8, 9; Mt 20:28
Bakreste ba latela mohlala oa hae. 1Pe 2:21; 1Ko 11:1
Ba tlameha ho bolela e le ho phethahatsa bosebeletsi. 2Ti 4:2, 5; 1Ko 9:16
B. Litšoaneleho bakeng sa bosebeletsi
Moea oa Molimo le tsebo ea Lentsoe la hae. 2Ti 2:15; Esa 61:1-3
Latela mohlala oa Kreste boboleling. 1Pe 2:21; 2Ti 4:2, 5
Molimo o koetlisa ka moea, mokhatlo o hlophisitsoeng. Joh 14:26; 2Ko 3:1-3
30. ’Muso
A. Seo ’Muso oa Molimo o tla se etsetsa moloko oa batho
Ho phethahatsa thato ea Molimo. Mt 6:9, 10; Ps 45:6; Tše 4:11
Ke ’muso o nang le morena le melao. Esa 9:6, 7; 2:3; Ps 72:1, 8
O tla timetsa bokhopo, o buse lefatše lohle. Da 2:44; Ps 72:8
Puso ea lilemo tse 1 000 e tla tsosolosa moloko oa batho, Paradeise. Tše 21:2-4; 20:6
B. Tšebetso e qala ha lira tsa Kreste li sa ntse li sebetsa ka mafolo-folo
Ka mor’a hore Kreste a tsosoe o ile a leta nako e telele. Ps 110:1; Heb 10:12, 13
O nka matla, o loantša Satane. Ps 110:2; Tše 12:7-9; Lu 10:18
Joale ha ’Muso o thehiloe, ho latela bomalimabe ba lefatše. Tše 12:10, 12
Khathatso e teng joale e bolela hore ke nako ea ho emela ’Muso. Tše 11:15-18
C. Ha o ‘ka lipelong,’ ha oa hlaha ka boiteko ba batho
’Muso o leholimong, eseng lefatšeng. 2Ti 4:18; 1Ko 15:50; Ps 11:4
Ha o ‘ka lipelong’; Jesu o ne a bua le Bafarisi. Lu 17:20, 21
Hase karolo leha e le efe ea lefatše lena. Joh 18:36; Lu 4:5-8; Da 2:44
Mebuso, metheo ea lefatše, e tla nkeloa sebaka. Da 2:44
31. Pholiso, Maleme
A. Pholiso ea moea e na le melemo e sa feleng
Boloetse ba moea bo kotsi. Esa 1:4-6; 6:10; Ho 4:6
Pholiso ea moea ke eona thōmo e ka sehloohong. Joh 6:63; Lu 4:18
E tlosa libe; e fana ka thabo, bophelo. Jak 5:19, 20; Tše 7:14-17
B. ’Muso oa Molimo o tla tlisa liphekolo tse sa feleng tsa ’mele
Jesu o ne a phekola mefokolo, a bolela ka mahlohonolo a ’Muso. Mt 4:23
’Muso o tšepisitsoe e le oona mocha oa phekolo e sa feleng. Mt 6:10; Esa 9:7
Esita le lefu le tla felisoa. 1Ko 15:25, 26; Tše 21:4; 20:14
C. Ho folisa ka tumelo ha kajeno ha ho na bopaki ba kamohelo ea Molimo
Barutuoa ba ne ba sa ipholise ka mohlolo. 2Ko 12:7-9; 1Ti 5:23
Limpho tsa mohlolo li ile tsa fela ka mor’a mehla ea baapostola. 1Ko 13:8-11
Pholiso hase bopaki bo tiileng ba kamohelo ea Molimo. Mt 7:22, 23; 2Th 2:9-11
D. Ho bua ka maleme e ne e le tokisetso ea nakoana feela
E ne e le pontšo; ho ne ho lokela hore ho batloe limpho tse khōloanyane. 1Ko 14:22; 12:30, 31
Ho ile ha boleloa esale pele hore limpho tsa mohlolo tsa moea li ne li tla feta. 1Ko 13:8-10
Mesebetsi e hlollang hase bopaki bo tiileng ba kamohelo ea Molimo. Mt 7:22, 23; 24:24
32. Pholoho
A. Pholoho e tsoa ho Molimo ka sehlabelo sa thekollo sa Jesu
Bophelo ke mpho ea Molimo ka Mora oa hae. 1Jo 4:9, 14; Ro 6:23
Pholoho e ka fumaneha feela ka sehlabelo sa Jesu. Li 4:12
Ha ho mesebetsi e ka etsoang ka “pako ea motho ea makhatheng a lefu.” Jak 2:14, 26
Re tlameha ho sebetsa ka matla hore re e fumane. Lu 13:23, 24; 1Ti 4:10
B. Hore “hang ha u pholositsoe, u pholositsoe ka mehla” ha ho lumellane le Mangolo
Ba kopanelang moeeng o halalelang ba ka oa. Heb 6:4, 6; 1Ko 9:27
Baiseraele ba bangata ba ile ba timetsoa le hoja ba ne ba pholositsoe Egepeta. Juda 5
Pholoho hase ketsahalo ea nakoana. Fil 2:12; 3:12-14; Mt 10:22
Ba khutlelang morao ba babe ho feta pele. 2Pe 2:20, 21
C. “Pholoho ea bohle” ha e lumellane le Mangolo
Pako e ke ke ea ba teng bakeng sa ba bang. Heb 6:4-6
Molimo ha a thabele lefu la ea khopo. Eze 33:11; 18:32
Empa lerato le ke ke la lumella ho se loke. Heb 1:9
Ba khopo ba tla timetsoa. Heb 10:26-29; Tše 20:7-15
33. Pōpo
A. E lumellana le saense e pakiloeng; e paka thuto ea ho iphetola ha lintho e le leshano
Saense e lumellana le tatelano ea pōpo. Ge 1:11, 12, 21, 24, 25
Molao oa Molimo oa “mefuta” o lula e le ’nete. Ge 1:11, 12; Jak 3:12
B. Matsatsi a pōpo e ne e se matsatsi a lihora tse 24
“Letsatsi” le ka bolela feela karolo ea nako. Ge 2:4
Ho Molimo letsatsi e ka ba nako e telele. Ps 90:4; 2Pe 3:8
34. Qoeliso
A. Tlhokahalo ea Bokreste
Jesu o behile mohlala. Mt 3:13-15; Heb 10:7
Tšoantšetso ea ho itatola kapa boinehelo. Mt 16:24; 1Pe 3:21
Feela bakeng sa ba hōlileng ka ho lekaneng hore ba ka rutoa. Mt 28:19, 20; Li 2:41
Ho qoelisoa metsing ke tsela e loketseng. Li 8:38, 39; Joh 3:23
B. Ha e hlatsoe libe
Jesu ha aa ka a qoelisoa ho hlatsoa libe. 1Pe 2:22; 3:18
Mali a Jesu a hlatsoa libe. 1Jo 1:7
35. Sabatha
A. Letsatsi la Sabatha ha le tlame Bakreste
Molao o ile oa felisoa motheong oa lefu la Jesu. Ef 2:15
Sabatha ha e tlame Bakreste. Kol 2:16, 17; Ro 14:5, 10
Ba ile ba khalemelloa ho boloka Sabatha, jj. Ga 4:9-11; Ro 10:2-4
Ba kena phomolong ea Molimo ka tumelo le kutlo. Heb 4:9-11
B. Ho boloka Sabatha ho ne ho hlokahala ho Iseraele ea boholo-holo feela
Sabatha e ile ea qala ho bolokoa ka mor’a Ho Falla. Ex 16:26, 27, 29, 30
E ne e khethehile ho Iseraele ea tlhaho e le pontšo. Ex 31:16, 17; Ps 147:19, 20
Sabatha ea selemo le selemo le eona e ne e le tlas’a Molao. Ex 23:10, 11; Le 25:3, 4
Sabatha hase ntho e hlokahalang bakeng sa Bakreste. Ro 14:5, 10; Ga 4:9-11
C. Phomolo ea Molimo ea Sabatha (letsatsi la bo 7 la “beke” ea pōpo)
E qalile qetellong ea pōpo ea lefatšeng. Ge 2:2, 3; Heb 4:3-5
Ea tsoela pele ho feta nakong ea ha Jesu a le lefatšeng. Heb 4:6-8; Ps 95:7-9, 11
Bakreste ba phomola mesebetsing ea lithahasello tsa botho. Heb 4:9, 10
E fela ha ’Muso o phetha mosebetsi mabapi le lefatše. 1Ko 15:24, 28
36. Sebe
A. Seo e leng sebe
Ho tlōla molao oa Molimo, tekanyetso ea hae e phethahetseng. 1Jo 3:4; 5:17
Motho, joaloka pōpo ea Molimo, o ikarabella ho eena. Ro 14:12; 2:12-15
Molao o ile oa hlalosa sebe, oa etsa hore batho ba se ele hloko. Ga 3:19; Ro 3:20
Bohle ba sebeng, ba haelloa ke ho fihlela tekanyetso ea Molimo e phethahetseng. Ro 3:23; Ps 51:5
B. Lebaka leo ka lona bohle ba utloisitsoeng bohloko ke sebe sa Adama
Adama o ile a fetisetsa ho se phethahale, lefu ho bohle. Ro 5:12, 18
Molimo o bile mohau ka ho mamella batho. Ps 103:8, 10, 14, 17
Sehlabelo sa Jesu se lefella libe. 1Jo 2:2
Sebe le mesebetsi e meng kaofela ea Diabolose li tla tlosoa. 1Jo 3:8
C. Tholoana e hanetsoeng e ne e le ho se mamele, eseng ketso ea botona le botšehali
Thibelo ea sefate e entsoe pele Eva a bōptjoa. Ge 2:17, 18
Adama le Eva ba ile ba bolelloa hore ba be le bana. Ge 1:28
Bana hase phello ea sebe, empa ke phello ea tlhohonolofatso ea Molimo. Ps 127:3-5
Eva o ile a etsa sebe ha monna a le sieo; a inkela molao matsohong. Ge 3:6; 1Ti 2:11-14
Adama, e le hlooho, a fetohela molao oa Molimo. Ro 5:12, 19
D. Seo e leng sebe khahlanong le moea o halalelang (Mt 12:32; Mr 3:28, 29)
Sebe se futsitsoeng hase sa mofuta oo. Ro 5:8, 12, 18; 1Jo 5:17
Motho a ka etsa hore moea o halalelang o sareloe, empa leha ho le joalo a hlaphoheloa. Ef 4:30; Jak 5:19, 20
Ho tloaela ho etsa sebe ka boomo ho isa lefung. 1Jo 3:6-9
Molimo o ahlola ba joalo, o tlosa moea oa hae. Heb 6:4-8
Ha rea lokela ho rapella batho ba joalo ba sa bakeng. 1Jo 5:16, 17
37. Sefapano
A. Jesu o ile a fanyehoa thupeng ea polao e le thohako
Jesu o ile a fanyehoa thupeng kapa sefateng. Li 5:30; 10:39; Ga 3:13
Bakreste ba tlameha ho jara thupa eo e le thohako. Mt 10:38; Lu 9:23
B. Ha ea lokela ho rapeloa
Ho etsa thupa ea Jesu ntho ea ho khabisa ke thohako. Heb 6:6; Mt 27:41, 42
Tšebeliso ea sefapano borapeling ke borapeli ba litšoantšo. Ex 20:4, 5; Jer 10:3-5
Jesu ke moea, ha a sa le thupeng. 1Ti 3:16; 1Pe 3:18
38. Sehopotso, ’Misa
A. Ho keteka Sejo sa Morena sa Shoalane
Se bolokoa hang ka selemo letsatsing la Paseka. Lu 22:1, 17-20; Ex 12:14
Se keteka lefu la sehlabelo la Kreste. 1Ko 11:26; Mt 26:28
Ba nang le tšepo ea leholimo ba kopanela ho jeng. Lu 22:29, 30; 12:32, 37
Kamoo motho a tsebang hore o na le tšepo e joalo. Ro 8:15-17
B. ’Misa ha o lumellane le Mangolo
Tšoarelo ea libe e hloka hore ho tšolloe mali. Heb 9:22
Kreste ke eena Mokena-lipakeng a le mong oa selekane se secha. 1Ti 2:5, 6; Joh 14:6
Kreste o leholimong; ha a theoloe ke moprista. Li 3:20, 21
Ha ho hlokahale hore sehlabelo sa Kreste se phetoe. Heb 9:24-26; 10:11-14
39. Sephefumolohi (Moea/Soul)
A. Seo e leng sephefumolohi
Motho ke sephefumolohi. Ge 2:7, NW; 1Ko 15:45; Jos 11:11, NW; Li 27:37
Liphoofolo le tsona li bitsoa liphefumolohi. Nu 31:28, NW; Tše 16:3; Le 24:18, NW
Sephefumolohi se na le mali, sea ja, se ka shoa. Jer 2:34, NW; Le 7:18, NW; Eze 18:4, NW
Motho, kaha o na le bophelo, o boleloa a e-na le sephefumolohi. Mr 8:36; Joh 10:15
B. Phapang pakeng tsa sephefumolohi le moea
Bophelo joaloka motho kapa sebōpuoa ke sephefumolohi. Joh 10:15; Le 17:11, NW
Matla a bophelo a phelisang liphefumolohi a bitsoa “moea.” Ps 146:4, NW; 104:29, NW
Ha motho a shoa, taolo ea matla a bophelo e khutlela ho Molimo. Moe 12:7
Ke Molimo feela ea ka etsang hore matla a bophelo a sebetse. Eze 37:12-14
40. Tatellano ea Liketsahalo ho ea ka Nako ea Tsona
A. 1914 (C.E.) e phetha Linako tsa Balichaba
Tlhahlamano ea babusi ba ’muso e ile ea emisoa, 607 B.C.E. Eze 21:25-27
“Linako tse supileng” li ne li lokela ho feta ho fihlela puso e tsosolosoa. Da 4:32, 16, 17
Supa = Linako tse 2 × 3 1/2, kapa 2 × matsatsi a 1 260. Tše 12:6, 14; 11:2, 3
Letsatsi bakeng sa selemo. [Ho etsa lilemo tse 2 520] Eze 4:6; Nu 14:34
Li ne li lokela ho feta ho fihlela ’Muso o thehoa. Lu 21:24; Da 7:13, 14
41. Thapelo
A. Lithapelo tseo Molimo a li utloang
Molimo o fela a mamela lithapelo tsa batho. Ps 145:18; 1Pe 3:12
Ba sa lokang ha ba utluoe ntle le hore ba fetole tsela ea bona. Esa 1:15-17
Re tlameha ho rapela ka lebitso la Jesu. Joh 14:13, 14; 2Ko 1:20
Re tlameha ho rapela tumellanong le thato ea Molimo. 1Jo 5:14, 15
Tumelo ke ea bohlokoahali. Jak 1:6-8
B. Ho pheta-pheta ho sa thuseng letho, lithapelo tse eang ho Maria kapa “bahalaleli” ke tsa lefeela
Re tlameha ho rapela Molimo ka lebitso la Jesu. Joh 14:14; 16:23, 24
Mantsoe a phetoa-phetoang ha a na ho utluoa. Mt 6:7
42. Thekollo
A. Bophelo ba Jesu ba botho bo lefiloe e le “thekollo bakeng sa bohle”
Jesu o ile a fana ka bophelo ba hae e le thekollo. Mt 20:28
Bohlokoa ba mali a tšolotsoeng bo fana ka teselo ea sebe. Heb 9:14, 22
Sehlabelo se le seng se ne se lekane bakeng sa nako eohle. Ro 6:10; Heb 9:26
Melemo ha e itlise; motho o tlameha ho lumela ho e amohela. Joh 3:16
B. E ne e le theko e lekanang
Adama o bōpiloe a phethahetse. De 32:4; Moe 7:29; Ge 1:31
A lahla phetheho bakeng sa hae le bana ba hae ka sebe. Ro 5:12, 18
Bana ba ne ba ke ke ba iketsetsa letho le ka ba thusang; ho ne ho hlokahala ea lekanang hantle le Adama. Ps 49:7; De 19:21
Bophelo ba Jesu bo phethahetseng ba botho e ne e le thekollo. 1Ti 2:5, 6; 1Pe 1:18, 19
43. Tsoho
A. Tšepo bakeng sa bafu
Bohle ba mabitleng ba tla tsosoa. Joh 5:28, 29
Tsoho ea Jesu ke tiiso. 1Ko 15:20-22; Li 17:31
Ba entseng sebe khahlanong le moea ha ba na ho tsoha. Mt 12:31, 32
Ba bontšang tumelo ba fuoa tiiso ea hore ba tla e fumana. Joh 11:25
B. Ho tsohela bophelo leholimong kapa lefatšeng
Bohle ba shoa ka Adama; ba amohela bophelo ka Jesu. 1Ko 15:20-22; Ro 5:19
Phapang sebōpehong sa ba tsosoang. 1Ko 15:40, 42, 44
Ba nang le Jesu ba tla ba joaloka eena. 1Ko 15:49; Fil 3:20, 21
Ba sa buseng ba tla ba lefatšeng. Tše 20:4b, 5, 13; 21:3, 4
44. Tumelo e Kopanetsoeng
A. Ho ikopanya le malumeli a mang hase tsela ea Molimo
Tsela e ’ngoe feela, e tšesaane, ke ba seng bakae ba e fumanang. Ef 4:4-6; Mt 7:13, 14
Re lemosoa hore thuto ea bohata ea silafatsa. Mt 16:6, 12; Ga 5:9
Re laeloa hore re ikarole. 2Ti 3:5; 2Ko 6:14-17; Tše 18:4
B. Hore “malumeli ’ohle a molemo” hase ’nete
Ba bang ba na le cheseho empa eseng tumellanong le Molimo. Ro 10:2, 3
Bobe bo senya se neng se ka ’na sa ba molemo. 1Ko 5:6; Mt 7:15-17
Baruti ba bohata ba tlisa tšenyo. 2Pe 2:1; Mt 12:30; 15:14
Borapeli bo hloekileng bo hloka boinehelo bo khethehileng. De 6:5, 14, 15
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a BPN—Bibele Phetolelo e Ncha.
b NW—New World Translation of the Holy Scriptures.