Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Bacha—Le Tla Etsa’ng Ka Bophelo ba Lōna?
    Molula-Qhooa—1987 | August 15
    • Bacha—Le Tla Etsa’ng Ka Bophelo ba Lōna?

      “Hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ea shoeleng, . . . bakeng sa bona.”—2 BAKORINTHE 5:15.

      1. Batho ba bang ba entse lipolelo life tsa teboho, hona hobane’ng?

      ‘KEA leboha! Ke u kolota bophelo ba ka!’ Batho ba pholositsoeng ha ntlo e cha kapa ha ba khangoa ke metsi ba ’nile ba bua joalo ho ba ba pholositseng. Le bacha ba Bakreste ba nang le kananelo ba ’nile ba bua joalo ho batsoali ba bona. Ba ne ba sa buelle feela bophelong ba nama boo ba bo fumaneng ho batsoali ba bona empa haholo-holo tlhokomelong e lerato le thutong e kentseng bacha bana tseleng ea ho amohela “pallo eo a re baletseng eona . . . bophelo bo sa feleng.”—1 Johanne 2:25.

      2. Ke leseling la boitsebiso bofe le lokelang ho nahana ka potso ee, Le tla etsa’ng ka bophelo ba lōna?

      2 Ke lerato le ileng la susumetsa Jehova Molimo ho etsa hore bophelo bo sa feleng, “bophelo ba sebele,” bo fumanoe ke e mong le e mong oa rōna. Ke “oona o re ratileng, ’me o romile Mora oa oona hore e be pheko ea libe tsa rōna.” (1 Timothea 6:19, NW; 1 Johanne 4:10) Hape, nahana ka lerato leo Mora oa hae Jesu a le bontšitseng ka ho shoa lefu le bohloko e le hore re ka fumana bophelo bo sa feleng! (Johanne 15:13) Leseling la sena, le tla etsa’ng ka bophelo ba lōna?

      3. Hangata ke eng se rerang hore na batho ba etsa’ng ka bophelo ba bona?

      3 Hangata bacha ba botsoa potso ena, ka tsela e itseng, ke baeletsi ba liithuti sekolong kapa ba bang ba thahasellang bokamoso ba bona. Ke eng se tla rera hore na u arabela joang? Na ho tla reroa feela ke boikhethelo ba botho? Na lebaka leo le etsang qeto ka lona e tla ba ka keletso ea ba batlang hore le fihlele boemo bo sireletsehileng lefatšeng? Kapa seo le tla se etsa ka bophelo ba lōna se tla reroa ke ho nahana ka lintho tsa bohlokoa? Khopotso e bululetsoeng e re: “O shoele bakeng sa bohle hore ba phelang ba se hlole ba iphelela, ba mpe ba phelele ea shoeleng, a ba a tsoha bakeng sa bona.” (2 Ba-Korinthe 5:15) E, ke ho hotle hakaakang ha re sebelisa bophelo ba rōna ka tsela e bontšang hore re ananela seo Jesu Kreste le Ntate oa hae ea maholimong ba re etselitseng sona!

      Likhalala tse Ratoang

      4. Ke likhalala life tse tummeng ka ho fetisisa kajeno?

      4 Empa, ke batho bafe ba ratoang haholo kajeno, bao bacha ka kakaretso ba ba nkang e le likhalala? Na hase ba ruileng le ba tsebisahalang lefatšeng, ho sa tsotellehe mekhoa ea bona ea boitšoaro? Ha u sheba ka likamoreng tsa bacha ba bangata, ke litšoantšo tsa bo-mang tseo u fumanang li fanyehiloe maboteng? Hangata ke tsa libini, likhalala tsa libaesekopo, le limathi. Ka tloaelo bacha ba lora ba fihletse katleho e tšoanang lefatšeng ka letsatsi le leng kapa mohlomong ba nyalane le motho e mong ea nang le litšobotsi tsa ’mele tse kang tsa batho bana. Ho thoe’ng ka uena? U batla eng bophelong?

      5, 6. (a) Ke hobane’ng ha ho ka thoe katleho lefatšeng e sitoa ho tlisa khotsofalo ea ’nete? (b) Mohloli oa khotsofalo ea ’nete ke ofe?

      5 Haeba u finyelletse katleho ea batho ba tummeng ba ratoang lefatšeng, na u ne u tla hle u thabe le ho khotsofala? E mong oa batšoantšisi ba atlehileng ba Hollywood o itse: “Ke ile ka latsoa leruo le matlotlo ’ohle. Ha li bolele letho. Ngaka ea mafu a hlooho e pota libaka tsohle tsa barui, re se re sa re letho ka litlhalano le bana ba hloileng batsoali ba bona.”—Moeklesia 5:10; 1 Timothea 6:10.

      6 Seithuti se hlahelletseng sa semathi, se ileng sa hapa moputso oa tlholisano ea basali ea lebelo la lik’hilomithara tse 10 New York ka 1981, se ile sa tepella hoo se ileng sa leka ho ipolaea. Kamorao ho moo se ile sa ngola, “Ke ithutile linnete tse ngata ka bophelo likhoeling tse seng kae tse fetileng. E ’ngoe ea tsona ke hore khotsofalo ea ’nete ha e fumanehe ka litsela tseo batho ba bangata ba li lelekisang, ho phethahala le ho finyella katleho. Ho ’na khotsofalo ha e ea ka ea tla ka ho ba seithuti se kapele-pele, semathi se hlōtseng sa naha kapa motho ea nang le seemo se setle se khahlehang.” E, batho ba hloka ho ithuta hore khotsofalo ea ’nete e tla feela ka ho ba le kamano ea botho le Molimo, e leng oona feela o ka fanang ka khotso ea sebele le thabo ea sebele.—Pesaleme ea 23:1, 6; 16:11.

      7. Mabapi le ho finyella khotsofalo ea ’nete, thuto ea koleche le katleho lefatšeng li bohlokoa hakae?

      7 Ka ho hlakileng, ha lea lokela ho batla ho etsisa ba loanelang feela ho fumana boemo bo phahameng le leruo. Esita le bangoli ba lefatše baa hlokomela hore katleho lefatšeng e hlōleha ho tlisa khotsofalo ea ’nete. Mongoli oa koranta, Bill Reel o ngotse: “U tsoa kolecheng u tletse litoro ka bokamoso. Ka bomalimabe, lipakane tsa hao boholo ba tsona li tla fetoha lefeela. Ha ke batle ho u nyahamisa, empa ke hantle hore u utloe ’nete: Ha u fumana maruo ao u a laba-labelang, haeba u a fumana, hape ha u fumana katleho eo u e lelekisang, haeba u e fumana, li ke ke tsa u khotsofatsa. Ho e-na le hoo, ka tsona linako tseo u neng u ka lebella hore u be u khotsofetse ka tlhōlo, u tla ikutloa u lapile ho fapana le ho khora, u tepelletse ho fapana le ho nyakalla, u ferekane ho fapana le ho ba le khotso.”—New York Daily News, ea la 26 Motšeanong, 1983.

      8. Ke lebaka lefe le matla la ho se lelekise mosebetsi oa lefatše?

      8 Empa ho rōna ba seli ka liketsahalo tsa lefatše leseling la boprofeta ba Bibele, ho na le mabaka a matla a ho se bee lipakane tsa lefatše kapele-pele bophelong. (Mattheu 24:3-14) Re ka ’na ra itšoantša le motho ea bonang mohaho o nang le tsebiso: “Feme Ena E-ea Oa.” Na re ne re tla batla mosebetsi moo? Le hanyenyane! ’Me haeba re ne re sebeletsa feme e joalo, ka bohlale re ne re tla batla mosebetsi sebakeng se seng. E, tsebiso ena e bonahala hohle mekhatlong ea lefatše, “E-ea Oa—Bofelo bo Haufi!” E, Bibele e-ea re tiisetsa, “lefatše lea feta.” (1 Johanne 2:17) Kahoo, ka bohlale re ke ke ra nka ba tetebetseng ka har’a lona e le likhalala.

      Keletso E Ka Lateloang

      9. Ke keletso efe ea lefatše eo ba bonahalang eka ba u batlela se molemohali ba ka ’nang ba u fa eona?

      9 Bophelo ba lōna ha bo fetoloe feela ke bao le ba hlomphang empa hape le beng ka lōna le metsoalle bao, kamoo ba bolelang, ‘ba le batlelang se molemohali.’ Ba ka ’na ba re, ‘le lokela ho iphelisa.’ Kahoo ba ka ’na ba le eletsa hore le fumane thuto ea koleche kapa ea univesithi e le ho itokisetsa hore le tle le fumane mosebetsi o lefang hantle. Ba ka ’na ba bontša hore, ‘mongoli oa Bibele Luka e ne e le ngaka, le hore moapostola Pauluse o ile a rutoa ke moruti oa Molao Gamaliele.’ (Ba-Kolosse 4:14; Liketso 5:34; 22:3) Empa, hlahloba keletso e joalo ka hloko.

      10. Ke keletso efe eo Luka le Pauluse ba faneng ka eona, ’me ke eng se ka boleloang ka mosebetsi oa bona oa pele e e-ba Bakreste?

      10 Ha ho mohla ngaka Luka a kileng a khothaletsa Bakreste ho latela mosebetsi oa hae oa pele ka ho fetoha ngaka, ho e-na le hoo, Luka o ile a beha kapele bophelo ba Jesu le ba baapostola ba hae e le bo ka etsisoang. Ka ho totobetseng Luka e bile ngaka pele a ithuta ka Kreste ’me kamorao ho moo a bea tšebeletso ea hae ea Bokreste pele bophelong. Ho ne ho le joalo le ka Pauluse. Ho e-na le ho khothaletsa ba bang ho mo etsisa joalokaha a ile a etsisa Gamaliele, Pauluse o ngotse: “Le be baetsisi ba ka, joale ka ha le ’na ke le oa Kreste.” Pauluse o ne a nka tsebo ea Kreste e le ea bohlokoa hoo a ileng a re o ne a talima lipakane tsa hae tsa pele e le “lithōle.”—1 Ba-Korinthe 11:1; Ba-Filippi 3:8.

      11. (a) Petrose o ile a bolella Jesu eng, hona hobane’ng? (b) Jesu o ile a arabela joang?

      11 Hopola, hore qenehelo e ka etsa hore esita le ba u ratang ba u fe keletso e bothoto. Ka mohlala, ha Jesu a ne a bua ka se mo letetseng nakong ea tšebeletso ea hae Jerusalema, moapostola Petrose a arabela: “Morena, u ikutloele bohloko: tse joalo li ke ke tsa u hlahela.” Petrose o ne a rata Jesu ’me o ne a sa batle hore a utloisoe bohloko. Empa Jesu o ile a khalemela Petrose hobane O ile a hlokomela hore ho phethahatsa thato ea Molimo ho ne ho tla akarelletsa ho utloisoa bohloko le ho bolaoa ke bahanyetsi.—Mattheu 16:21-23.

      12. Batho ba nang le sepheo se setle ba ka ’na ba fa bacha keletso efe, hona hobane’ng?

      12 Ka ho tšoanang, batsoali ba bang kapa metsoalle ba ka ’na ba u nyahamisa hore u se ke ua nka tsela ea ho iketsa sehlabelo. Ka baka la qenehelo ena e fosahetseng, ba ka ’na ba ba leqe ho u khothaletsa ho nka kabelo tšebeletsong ea bopula-maliboho ba nako e tletseng, ho sebeletsa joaloka moromuoa, kapa ho etsa mosebetsi oa boithaopo ofising ea lekala ea Lipaki tsa Jehova. Ba ka ’na ba re: ‘Ke hobane’ng ha, ho fapana le hoo, u sa nyale ua lula fatše haufi le rōna?’ Kapa, ‘Ua tseba ke eng, mosebetsi o thata Bethele. Mohlomong ho ka ba molemo hore u lule le rōna.’ Ka mantsoe a mang, kamoo Petrose a boletseng kateng, “U ikutloele bohloko.”

      13. (a) Ke pono efe e lokisitsoeng eo Petrose a e boletseng? (b) Ke eng se amehang ka ho ba Mokreste oa ’nete?

      13 Esita le bahlanka ba Jehova ka linako tse ling ho hlokahala hore ba inahane ka mokhoa o mong. Ho ne ho hlokahala hore Petrose a ho etse ’me ka pono e lokisitsoeng ea litaba, o ngotse: “Hape, ke seo le bilelitsoeng sona; hobane Kreste le eena o utloisitsoe bohloko bakeng sa lōna, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng.” (1 Petrose 2:21) Ho phela bophelo ba ’nete ba Bokreste ho akarelletsa ho iketsa sehlabelo, e, esita le ho hlokofatsoa. Hase tsela e bonolo empa ke eo re e bilelitsoeng joaloka Bakreste. Ho e amohela ho akarelletsa ‘ho se hlole re iphelela, empa ho phelela ea shoeleng bakeng sa rōna.’ (2 Ba-Korinthe 5:15) Ho hopola mehlala e metle ho tla re thusa ho sebelisa bophelo ba rōna ka tsela ena ea ho iketsa sehlabelo.

      Mehlala e ka Hopoloang

      14. Jesu o beile mohlala ofe?

      14 Mohlala oo u lokelang ho o hopola haholo-holo ke oo Jesu a u beileng. E le motho ea phethahetseng, e ka be e bile semathi se hloahloa ka ho fetisisa, sebini, ngaka, kapa ramolao ea fetang bohle bao lefatše le kileng la ba bona. Empa tlhokomelo ea hae e ne e lebisitsoe ho khahliseng Ntate oa hae oa leholimo, esita leha Jesu a sa le mocha. (Luka 2:42-49) Hamorao o ile a re: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” (Luka 4:43) Lehlabuleng la selemo se fetileng, lengolo le neng le le makasineng oa kereke o bitsoang Ministry le ile la hlalosa: “’Moloki oa rōna o ne a rata hore a be hōle le matšoele, e be joale o ea ka ntlo le ntlo—a batla batho. O ne a thabela ho mameloa ke motho a le mong. Joale o ne a ka mo kenya ’nete—lerato la Molimo.”—Luka 10:1-16.

      15. (a) Ke hobane’ng ha boboleli ba ntlo le ntlo e le phephetso? (b) Ke eng se bontšang hore tšebeletso ea bacha ea ntlo le ntlo ke e atlehang?

      15 Ke ’nete hore, ho bolela ka ntlo le ntlo ha ho bonolo. Ho hloka boithuto bo matla ho utloisisa litaba tse molemo tsa ’Muso le mosebetsi o mongata oa ho lokisetsa linehelano tse nang le moelelo. Hape, mosebetsi ona o hloka sebete, kaha beng ba matlo ba bangata ha ba thahaselle ’me ba bang ba bile baa hanyetsa. Empa, tšebeletso ea ntlo le ntlo ea lōna ba banyenyane e tlisa liphello tse babatsehang, joalokaha ho hlokometsoe makasineng oa kereke oa Italy La Voce. Mongoli o itse: “’Na ka bonna, ke rata Lipaki tsa Jehova,” tseo a hlalositseng hore, “li u etela lapeng ha hao.” A hlalosa hore: “Tseo ke li tsebang li mekhoa e metle haholo, li bua habonolo; hape ke batho ba batle ’me boholo ba bona ke bacha. Ha li bonahatsoa, botle le bocha ke lintho tse susumetsang haholo.”

      16. (a) Bacha ba lokela ho babatsoa ka baka la tšebetso efe? (b) Mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova o ka bapisoa joang le likereke ka ho etsa mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa lefatšeng?

      16 Ka sebele, lōna ba banyenyane ba amohelang Kreste e le mohlala ho lōna le lokela ho babatsoa! Bacha ba fetang 12 000, ba lilemo li 25 le ba ka tlaase, ba mosebetsing oa bopula-maliboho United States, ’me ba bang ba mashome a likete ba bula maliboho libakeng tse ling. (Pesaleme ea 110:3) Kholiseha hore ha ho mosebetsi o mong oa bohlokoa oo u ka o etsang! Esita le mongoli oa makasine oa kereke o boletsoeng kaholimo, o itse: “Molimo o re mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa ke ho eta ka ntlo le ntlo—ho batla batho,” empa a tsoela pele, “U re’ng ka see? ’Na le uena re eta hakae? Hase hangata ke eeng ke utloe ho buuoa ka mosebetsi oa mofuta ona TŠEBELETSONG.” Na re ke ke ra leboha hore e be re kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng o hatisang tlhokahalo ea ho etsisa mohlala oa Jesu oa ho bolela?

      17. Timothea o ne a ile a finyella eng nakong eo e ka ’nang eaba e ne e ntse e le mocha, ’me ke eng se bontšang hore e ka ’na eaba o ne a ntse a le monyenyane ka nako eo?

      17 Kaha seo u tla se etsa ka bophelo ba hao se tla susumetsoa haholo-holo ke bao u ba ratang, hlaolela lerato bakeng sa mohlala o beiloeng ke Timothea e monyenyane. Timothea ea hlahileng pejana ho lefu la Jesu, a tloha lapeng esale mohlankana ’me a tsamaea le moapostola Pauluse leetong la hae la bobeli la boromuoa. Likhoeli tse seng kae hamorao sehlopha sa mahoo-hoo sa qobella Pauluse le Silase ho baleha Thessalonika, empa e ne e se e le kamor’a hore ba etse barutuoa ba bang. (Liketso 16:1-3; 17:1-10, 13-15) Kapele kamor’a moo Pauluse o ile a romela Timothea sebakeng seo se kotsi ho ea tšelisa barutuoa bana litekong tsa bona. (1 Ba-Thessalonika 3:1-3) E ka ’na eaba Timothea o ne a le lilemong tsa hae tsa bocha, hobane hoo e ka bang lilemo tse 12 ho ea ho tse 14 hamorao Pauluse o ile a ’na a bua ka “bocha” ba hae. (1 Timothea 4:12) Na ha u rate mocha ea sebete, le ea ikentseng sehlabelo joaloka eo?

      18. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a tla romela Timothea ho Bakorinthe?

      18 Lilemo tse hlano kamor’a hore Timothea a abeloe ho ea matlafatsa baena Thessalonika, Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe a le Efese: “Le be baetsisi ba ka. Ke ka lebaka leo ke le rometseng Timothea . . . hore a le hopotse lika tsa ka ho Kreste, kamoo ke rutang kahohle kerekeng e ’ngoe le e ’ngoe.” (1 Ba-Korinthe 4:16, 17) Kaha a ne a sebelitse le Pauluse ka lilemo tse hlano, Timothea e monyenyane o ne a tloaelane le mekhoa ea Pauluse ea ho ruta. O ne a tseba hore na Pauluse o ile a beha molaetsa joang ho Baefese, ho akarelletsa le kamoo a ileng a ba ruta kateng “pontšeng le ka matlung.” (Liketso 20:20, 21) A koetlisitsoe hantle mekhoeng e joalo ea ho ruta, Timothea e ne e tla ba thuso e kaakang ho liphutheho!

      19. Pauluse o ile a re’ng ka Timothea nako e kaholimo ho lilemo tse leshome kamor’a hore ba qale ho sebetsa ’moho?

      19 Ho feta lilemo tse ling tse hlano kapa tse tšeletseng, ’me Pauluse o teronkong Roma. Timothea, eo le eena a neng a sa tsoa lokolloa teronkong o na le eena. (Ba-Heberu 13:23) Nahana ka ketsahalo eo: Mohlomong a sebelisa Timothea e le mongoli oa hae, Pauluse o mo bolella seo a lokelang ho se ngolla Bafilippi. A bua ka morero, Pauluse o tsoela pele: “Ke tšepile ho Morena Jesu hobane ke tla phakisa ke le romele Timothea, . . . Hobane ha ke na e mong eo pelo ea hae e tšoanang le ea ka joale ka eena, leha e le ea hlokomelang taba tsa lōna ka sebele joale ka eena . . . le tseba liketso tsa hae, kamoo a ntšebelelitseng Evangeling, joale ka ngoana ha a sebeletsa ntat’ae.”—Ba-Filippi 1:1; 2:19-22.

      20. Ke eng e etsang Timothea mohlala o ratehang hakaalo ho bacha?

      20 Ka sebele, Timothea e monyenyane ke mohlala o ratehang! E ne e le mosebetsi-’moho ea tšepahalang le ea ka tšeptjoang ho Pauluse, ea tiiselitseng le eena ho le thata kapa ho le bonolo, a mo tšehelitse mosebetsing oa boboleli, ’me a utloisisa ho sebeletsa hohle moo a romeloang teng. O ile a tela ho boleloang e le bophelo bo tloaelehileng lapeng, empa ke khotsofalo e kaakang eo bophelo ba hae tšebeletsong ea Molimo bo ileng ba mo tlisetsa eona! Ruri Timothea o ne a ‘se a sa hlole a iphelela, empa a phelela Kreste ea shoeleng bakeng sa hae.’ (2 Ba-Korinthe 5:15) Na u susumelletseha ho etsisa mohlala oa hae?

      Phelela Lefatše le Lecha la Molimo

      21. Ke hobane’ng ha re ka re monahano oa Timothea o ne o sekametse litabeng tsa moea?

      21 Ha e le hantle, Timothea o ne a phelela lefatše le lecha la Molimo. O ne a sa nahane feela ka tse teng hona joale empa ka ho sebelisa bophelo ba hae ho hlahisa melemo ea nako e telele. (Mattheu 6:19-21) Kaha ntat’a Timothea e ne e le Mogerike ’me ka ho totobetseng a sa lumela, e ka ’na eaba o ile a phehella Timothea hore a phehelle thuto e phahameng le mosebetsi oa lefatše. Empa ka baka la thupelo ea bomolimo e tsoang ho ’m’ae le nkhono’ae, bophelo ba Timothea bo ne bo pota-potiloe ke phutheho ea Bokreste. O ile a phehella lithahasello tsa moea, ’me kamoo ho bonahalang kateng a lula e le lesoha bonyane ka nakoana, ’me a tšoaneleha ho sebeletsa hammoho le moapostola Pauluse.—2 Timothea 1:5.

      22. Ke joang bukana ea Sekolo e totobatsang tsela ea bophelo e tšoanang le ea Timothea ho bacha kajeno?

      22 Ho thoe’ng ka uena? Na u tla sebelisa bocha ba hao ka tsela eo Timothea a entseng ka eona? Bukana ea Sekolo le Lipaki tsa Jehova e ne e supa tsela e joalo ea bophelo ha e hlalosa mabapi le bacha ba Lipaki: “Sepheo sa bona se seholo bophelong ke ho ba basebeletsi ba atlehileng ba Molimo, ’me ba ananela hore thuto ea sekolo e ba thusa ho finyella sepheo seo. Kahoo ka kakaretso ba khetha lithuto tse tla ba thusa hore ba iphelise lefatšeng la mehleng ena. Ka baka leo, ba bangata ba nka lithuto tsa mesebetsi ea matsoho kapa ho kena likolong tseo ho fanoang ka thuto ea mosebetsi oa matsoho. Ha ba qeta sekolong takatso ea bona ke hore ba fumane mosebetsi o tla ba nea nako ea ho tebisa tlhokomelo ea bona mosebetsing oa bona o moholo, tšebeletso ea Bokreste.”

      23. Ke hobane’ng ha bacha ba Bakreste ba sa lokela ho thatafalloa ke ho arabela potso ee, Ke tla etsa’ng ka bophelo ba ka?

      23 Bakeng sa lōna bao kannete le ananelang seo Jehova Molimo le Mora oa hae ba le etselitseng sona, ha lea lokela ho thatafalloa ke ho arabela potso ena, Ke tla etsa’ng ka bophelo ba ka? Ho fapana le ho iphelela kapa ho phelela menyaka ea botho, u tla sebelisa bophelo ba hao ho etsa thato ea Molimo. Joalokaha Timothea a entse, u tla phela joaloka motho oa moea.

  • Bacha—Na Le Tsoela Pele Moeeng?
    Molula-Qhooa—1987 | August 15
    • Bacha—Na Le Tsoela Pele Moeeng?

      “Hlokomela taba tseo, ’me u be ho tsona; ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.”—1 TIMOTHEA 4:15.

      1, 2. Ho tsoela pele moeeng ho bolela eng, ha ho bolele eng?

      HO TSOELA pele moeeng ho bolela eng? Ho bolela ho tšoana le Jesu le Timothea ba banyenyane, ba neng ba beile lithahasello tsa moea pele bophelong ba bona. Haeba u tsoela pele moeeng, u tla tseba seo u batlang ho se etsa ka bophelo ba hao. U ke ke ua re: ‘Ke tla qala ho nahana ka botebo ka ho sebeletsa Jehova ha ke se ke le moholo.’ Che, u tla mo sebeletsa hona joale!

      2 Ka lehlakoreng le leng, ho ba ea tsoelang pele moeeng ha ho bolele ho ba joaloka moitlami oa monna, ho ba le boikhohomoso ba bolumeli, kapa hona ho manama libuka ka linako tsohle; leha e le hore ho bolela ho ba ea soabileng, ea hlokofetseng, ho se mohla motho a thabang le ba bang. (Johanne 2:1-10) Jehova ke Molimo o thabileng, ’me o batla hore bana ba hae ba lefatšeng ba thabe. Kahoo ho kopanela lipapaling le mefuteng e meng ea boikhathollo ka ho itekanetseng ho amoheloa ke Molimo.—1 Timothea 1:11, NW; 4:8.

      Kolobetso ke Bopaki

      3. Timothea e ka ’na eaba o kolobelitsoe neng?

      3 Ho lokisetsa kolobetso le ho kolobetsoa ke bopaki ba hore mocha o tsoela pele moeeng. Kamoo ho boletsoeng kateng, haeba Timothea e ne e ntse e le mocha ha a fetoha moromuoa ea sebetsang ’moho le Pauluse, mohlomong Timothea o kolobelitsoe ha a le qalong kapa bohareng ba lilemo tsa bocha. O ile a rutoa Mangolo ho tloha boseeng, ’me hang ha a hlomelletsoe ka tsebo e lekaneng le kananelo, ha a ka a tsila-tsila ho kolobetsoa.—2 Timothea 3:15.

      4. Filippi o ile a botsoa potso efe, ’me le hoja ea neng a botsa a ne a sa tsoa ithuta ka Kreste, ke hobane’ng ha Filippi a ile a lumela kōpo ea hae?

      4 Ho thoe’ng ka lōna bacha ba rupetsoeng ka Mangolo? Na le kile la nahana ka potso ee: “Ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa na?” Lekholong la pele la lilemo potso eo e ile ea botsoa ke monna e mong ea neng a tloaelane le Mangolo haholo empa a sa tsoa ithuta hore na Kreste ke mang. Ke ’nete hore monna eo o ne a sa tsebe sohle seo a lokelang ho se tseba ka merero ea Molimo, empa o ile a susumetsoa ke kananelo e tebileng ea seo a eng a se tseba! Ka hona, morutuoa Filippi o ne a se na lebaka le utloahalang la ho se mo kolobetse.—Liketso 8:26-39.

      5. Ke eng se hlokahalang hore u kolobetsoe?

      5 Ho hana eng hore u kolobetsoe? Koana, hore u tšoanelehe, u lokela ho utloisisa se amehang. U lokela hore kannete u batle ho sebeletsa Jehova hobane u mo rata. U boetse u lokela ho etsa boineelo ba botho ho eena ka thapelo. Ho feta moo, u lokela ho khomarela litlhokahalong tsa boitšoaro tsa Molimo hape u be le tsebo e lekaneng ea ho bolella ba bang ka tumelo ea hao. Kahoo ha u tšoaneleha, ke habohlokoa hore u tsoele pele ho isa qetellong ’me u kolobetsoe.—Mattheu 28:19, 20; Liketso 2:38.

      6. Kolobetso e ka ’na ea bapisoa le eng, ’me e tlameha ho lateloa ke eng?

      6 Le hoja ho kolobetsoa e le bopaki ba hore u tsoela pele moeeng, hopola hore kolobetso ke bohato bo qalang feela. Ka ho ineela ho Jehova, u fetoha mojaki lefatšeng lena la khale le busoang ke Satane. Kahoo boineelo bo ka ’na ba bapisoa le ho etsa kōpo bakeng sa bophelo bo sa feleng tsamaisong e ncha ea Molimo ’me tšebeletso ea molao ea kolobetso ke pontšo ea sebele pel’a lipaki e tiisang ’nete ena. (Johanne 12:31; Ba-Heberu 11:13) Kamorao ho moo u lokela hore ka botšepehi u phelele boineelo ba hao e le hore u ka fumana mpho ea Molimo ea bophelo bo sa feleng.—Ba-Roma 6:23.

      Ho Pakoa ke Boitšoaro

      7. Boikutlo ba hao ka lintho tsa lefatše bo amana joang le tsoelopele ea hao ea moea?

      7 Hore na u tsoela pele moeeng kapa che ho tla boetse ho pakoa ke boitšoaro ba hao mabapi le lintho tsa lefatše. Lintho life? Li akarelletsa bophelo ba ho iketsetsa borata, lithethefatsi, bolokolohi boitšoarong ba ho kopanela liphate, libaesekopo tsa boitšoaro bo bobe, ’mino o tsosang litakatso tse mpe, puo e lihlong, motjeko o chachehisang, boikhantšo ba bochaba le ba morabe, le tse ling. (1 Johanne 2:16; Ba-Efese 5:3-5) Ka ho khethehileng, bacha ho hlokahala hore ba itebele. Hopola, tsela eo u itšoarang ka eona mabapi le lintho tse joalo e tla senola boemo ba bophelo ba hao ba moea.—Liproverbia 20:11.

      8. Ke hobane’ng ha bacha ba bang ba tsila-tsila ho kolobetsoa?

      8 Satane o etsa hore litsela tsa lefatše tsa boitšoaro bo bobe li hlahe e le tse khahlehang haholo. Ha e le hantle, mocha ea lilemo li 15 o itse: “Ha re bona likamano tsa botona le botšehali le lithethefatsi haholoanyane thelevishineng, li bonahala e le lintho tse tloaelehileng haholoanyane sechabeng.” Bacha ba sa kopaneleng litseleng tsa lefatše ba etsoa hore ba ikutloe e le mekhelo le hore ba fetoa ke menyaka. Na ho na le mohla u keng u ikutloe joalo? Ba bang ba kopanelang le phutheho ba ikutloa joalo, ’me ba sitoa ho etsa liqeto. Ha a botsoa ka hore na o tla kolobetsoa neng, mocha e mong o itse: ‘Ha ke batle ho kolobetsoa hona joale hobane nka ’na ka etsa ntho e ’ngoe eo ke tla khaoloa ka baka la eona.’ Empa u ke ke ua palama terata kapa ua tenyetsehela likhopolong tse peli tse sa tšoaneng. Moprofeta oa Molimo o kile a re: “Ha Jehova e le Molimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng.”—1 Marena 18:21.

      9. Ke tšireletso efe e fumanoang ka ho ba ea tsoelang pele moeeng?

      9 Ka sebele, ka ho qoba litsela tsa lefatše tsa boitšoaro bo bobe, se u fetang ke likhathatso tse ngata. Mosali e mong o ile a lumela: “Ke sithabetsoa ke boikutlo ba ho nyaroha le letsoalo le molato ka baka la bophelo boo ke bo phetseng. Ke ne ke ikentse sekatana ’me ke iqhekeletse ke bile ke qhekeletse le ngoana eo ke mo entseng.” E, majaba-jaba a lefatše la Satane le khanya ea lona hase tsa sebele, ke tse thetsang. Ha li na letho la bohlokoa. Ho latela litsela tsa lefatše ho isa ho emareleng matšehong, malapa a qhalaneng, mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, ho ferekana le mesarelo e ke keng ea boleloa. Kahoo mamela keletso, tsoela pele moeeng. ‘Furalla bobe ’me u etse botle.’—1 Petrose 3:11, TLP.

      10. Ke temoso efe ’me ke mehlala ea bo-mang eo mocha ea tsoelang pele moeeng a tla e utloa?

      10 Mocha ea tsoelang pele moeeng o tla utloa keletso ea moapostola Pauluse: “Le be masea ka ’nģeng ea bobe; empa le be ba hōlileng matleng a kutloisiso.” (1 Ba-Korinthe 14:20, NW) Timothea e monyenyane o hlile a sebelisa keletso ena. Na u ka nahana ka eena a batla botsoalle ba bacha ba lefatše, ba tsoileng tseleng ba mehleng ea hae? Le hanyenyane! Metsoalle ea hae e ne e le bahlanka ba bang ba Molimo. (Liproverbia 13:20) Etsisa mohlala oa hae. Ha u lebane le ho kopanela mokhoeng o mong o belaetsang, ipotse: Na Timothea kapa Jesu ba ne ba tla etsa tjee?

      Ho Pakoa ka Thuto ea Bibele

      11. Ke pono efe eo bacha ba lefatše ba e hlokang, hona e fumanoa joang le ho bolokoa joang?

      11 Taba e tsoang Italy e phatlalalitsoeng ho World Press Review e itse: “Ho thetseha ha bacha le ho tsieleha ha bona ho eketseha letsatsi ka leng, ’me ha ho motho ea ka ba fang bokamoso bo khothatsang.” Mahlo a foufalitsoeng a ba lefatšeng la Satane ha a bone lefatše le lecha le tšepisitsoeng la Molimo le bokamoso bo khanyang bo letetseng ba tšoanelehang ho fumana bophelo teng. (2 Ba-Korinthe 4:4; Liproverbia 29:18; 2 Petrose 3:13) Empa bacha ba tsoelang pele moeeng ba na le pono e joalo e bolokoang e khanya e bile e hlakile ka ho ithuta Bibele kamehla.

      12. (a) Re tlameha ho etsa joang ho fumana tsebo ea Molimo? (b) Ke hobane’ng ha u ke ke ua belaella boiteko boo u bo entseng ho e fumana?

      12 Na lefatše le lecha la Molimo ke la sebele ho uena? Ho ka ba joalo, empa ho le fumana ho hloka boiteko ba sebele ka lehlakoreng la hao. U lokela ho hlaolela takatso e matla ea kutloisiso ea Bibele e le hore u ka ’na ua “e batla joale ka silevera, ua e rafa joale ka matlotlo a patiloeng mobung.” (Liproverbia 2:1-6) Ke eng se bolokang setsomi sa matlotlo se batla ’me se cheka, mohlomong ka lilemo? Se lakatsa ka matla maruo ao letlotlo le tla se tlisetsa ’ona. Empa tsebo e bohlokoa haholo ho feta letlotlo le bonahalang. Jesu o itse: “’Me bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Johanne 17:3) Haeba kannete u lumela seo Jesu a se boletseng moo, u tla phehella ho ithuta Bibele ka cheseho e leng ho tla u putsa ka se bohlokoa ho feta mahakoe a theko e boima.—Liproverbia 3:13-18.

      13. Ke litlhahiso life tsa ho ithuta tseo bacha ba tsoelang pele moeeng ba tla li latela?

      13 U tla fumana hore ha u ithuta haholoanyane, takatso ea hao ea lijo tsa moea e matlafala haholoanyane. Hlaolela mekhoa e metle ea ho ithuta. U se ke ua thalla likarabelo feela, empa u shebe litemana tsa Bibele tse bontšitsoeng, ’me joale e be u batla litemana tse amehang ka ho sebelisa Bibele e nang le litšupiso. U ka boetse ua etsa lipatlisiso tse eketsehileng ka ho sebelisa liindex, tse kang Watch Tower Publications Index 1930-1985. Hlokomela kamoo boitsebiso bo sebetsang le kamoo bo ka sebelisoang kateng. Bua le ba bang ka seo u ithutang sona. Hona ho tla tebisa lintlha ka kelellong ea hao ’me hape ho tla khothaletsa ba bang hore le bona ba etse lipatlisiso. Ka hore u ikitlaetse e le kannete, u tla be u mamela keletso e filoeng Timothea e monyenyane: “Hlokomela taba tseo, ’me u be ho tsona; ho tsoela pele ha hao ho ’ne ho lemohuoe ke bohle.”—1 Timothea 4:15; 2 Timothea 2:15.

      Ho Bontšoa Libokeng le Tšimong

      14. Ke eng se thusang ho etsa hore liboka tsa Bokreste e be tse thabisang haholoanyane, ’me ke ka litsela life u ka khothatsang ba bang ha u ntse u kopanela?

      14 Ha u thabela thuto ea Bibele ’me u lokiselitse hantle, liboka tsa Bokreste li fetoha tse thabisang haholoanyane. (Pesaleme ea 122:1; Ba-Heberu 2:12) Joale u lebella haholoanyane ho kopanela likarolong tseo bamameli ba kopanelang ho tsona le ho nehelaneng ka lipuo Sekolong sa Boboleli sa Puso ea Molimo. Empa ha re le libokeng, ho na le litsela tse ling tsa ho phethahatsa taelo ea ‘ho khothatsana’ le ‘ho isana ka cheseho leratong le mesebetsing e metle.’ (Ba-Heberu 10:24, 25) Ka mohlala, na u nka bohato ba ho bua le ba bang pele? Hore, “Lumela, Ke thabela ho u bona!” ka botsoalle kapa potso e tsoang botebong ba pelo ea hore, “U ikutloa joang?” e ba ho khothatsang haholo, haholo-holo ha ho tsoa ho mocha.

      15. Ke joang u ka itlhahisang bakeng sa ho etsa mesebetsi e meng e hlokahalang, ’me ke hobane’ng ha e le hantle ho hopola mohlala oa Kreste?

      15 Ho na le mosebetsi o mongata o amehang ha ho tsamaisoa phutheho. Na u ka kopanela? Ke ho utloahalang hore Timothea e monyenyane o ne a phetha mesebetsi e mengata e nang le thuso ho Pauluse—a rongoa, a lata lintho tseo ba li hlokang, a tsamaisa melaetsa, le tse ling. Haeba ha u e-s’o etse joalo, ke hobane’ng ha u sa bolelle baholo hore u ithaopela ho thusa. Mohlomong u tla kōptjoa ho fana ka likabelo tsa liboka, ho boloka holo e hloekile, kapa ho etsa mosebetsi o mong o hlokahalang. Hopola, Kreste o ile a hlatsoa maoto a barutuoa ba hae, kahoo ha ho mosebetsi oo motho ea tsoelang pele moeeng a ka reng o ka tlaase ho boemo ba hae.—Johanne 13:4, 5.

      16. Ke mosebetsi ofe oo koranta ea K’hatholike e tsoang ka linako tse itseng e ileng ea o hlokomela e le boikarabelo ba Bakreste?

      16 Ha re talima malumeling a mang, ka sebele re ka ananela koetliso eo re e fumanang libokeng tsa rōna bakeng sa mosebetsi oa bohlokoa ka ho fetisisa oa boboleli. Ha a ngola ho U.S. Catholic ka Loetse selemong se fetileng, Kenneth Guentert o itse: “Ke hōtse mehleng eo ho eona Mak’hatholike a neng a sa lokela ho bala Bibele hobane a ne a tla ba le likhopolo tse makatsang—tse kang ho nahana hore Bakreste ba lokela ho tsamaea ba ntse ba kokota matlung ho leka ho sokolla batho. Eaba ho kena Lekhotla la Bobeli la Vatican, ’me ka qala ho bala Bibele. Kamoo u ka lebellang; joale ke nahana hore Bakreste ba lokela ho tsamaea ba ntse ba kokota matlung ho leka ho sokolla batho.” A phaella: “Hase hore ke khotsofaletse khopolo eo ka ho feletseng; empa ha u bala Testamente e Ncha, ho batla ho le thata haholo ho qoba qeto ena.”—Mattheu 10:11-13; Luka 10:1-6; Liketso 20:20, 21.

      17. Ke joang tšebeletso e ka bang e thabisang haholoanyane ho uena?

      17 E, Bakreste ba pele ba ne ba le mafolofolo boboleling ba ntlo le ntlo, ’me ka ho totobetseng bacha ba kang Timothea ba ne ba le hona moo tšebeletsong ’moho le ba baholo. Empa, ho ka lumeloa hore mosebetsi ona hase o thabisang ka ho fetisisa ho ba bang kajeno. Hobane’ng? Ho ba setsebi ke lebaka le leng. Ka mohlala, haeba u atleha papaling, na ha u e thabele le ho feta? Hoa tšoana le ka tšebeletso. Ha u atleha haholoanyane ho sebeliseng Bibele le ho hlaloseng lihlooho tsa Bibele, tšebeletso e tla ba mohloli oa thabo, haholo-holo ha u fumana motho e mong eo u ka arolelanang tsebo e tlisang bophelo le eena. Kahoo tsoela pele moeeng! Itloaetse linehelano tsa ntlo le ntlo. Fumana litlhahiso tse tsoang ho ba bang. Kōpa thuso ea Jehova.—Luka 11:13.

      Ka Likamano le ba Hōlileng

      18. Jesu le Timothea ba ile ba thabela likamano tsa mofuta ofe le ba hōlileng?

      18 Ha esale mocha ea lilemo li 12 feela, Jesu o ne a thabela ho sebelisa nako le ba hōlileng, ba buisana ka lintho tsa moea. Batsoali ba hae ba kile “ba mo fumana tempeleng, a lutse har’a baruti, a ba mamela, a ba botsa.” (Luka 2:46) Ho ne ho tšoana ka Timothea. Ha moapostola Pauluse le metsoalle ea hae ba etela Lystra, ho totobetse hore Timothea o ne a thabela botsoalle ba bona ’me a ela hloko haholo lithuto tsa bona. O ne a lumellana le baena ba sebaka seo ba neng ba mo rorisa haholo.—Liketso 16:1-3.

      19. Ke hobane’ng ha ka ho khethehileng Pauluse a ile a khetha Timothea hore e be motsoalle ea tsamaeang le eena, ’me Timothea e bile thuso joang?

      19 Le hoja Timothea a ile a ithaopela ho sebeletsa batho ba bang, Pauluse o ile a mo khetha e le mosebetsi-’moho ea tsamaeang haholo-holo ka baka la neo ea hae ea ho sebeletsa batho litlhokahalong tsa moea. Ka baka la seo, ha sehlopha sa mahoo-hoo se qobella Pauluse ho tloha Thessalonika, a romela Timothea e monyenyane ho ea tšelisa le ho matlafatsa barutuoa ba bacha. kahoo Timothea o ne a sa chesehele feela ho ithuta ho ba hōlileng le ho thabela botsoalle ba bona; empa e ne e boetse e le thuso ea sebele ho bona moeeng.—Liketso 17:1-10; 1 Ba-Thessalonika 3:1-3.

      20. Ke eng seo u tla se etsa ka bohlale, ’me ke mesebetsi efe eo u tla e etsa molemong oa ba hōlileng?

      20 U tla be u le bohlale ha u etsisa Jesu le Timothea ’me u tla chesehela ho fumana molemo phihlelong le tsebong ea ba hōlileng. Batla setsoalle sa bona ’me u ba botse lipotso. Empa hape u bontše tsoelopele ea hao ea moea ka ho ba thusa. Na ho na le ba hōlileng kapa ba kulang ba neng ba ka ananela hore u ba ele mabenkeleng kapa u ba etsetse mesebetsi e meng e hlokahalang? Mohlomong u ka ’na ua ba chakela feela, ua ba balla, le ho arolelana le bona liphihlelo tseo u li thabetseng tšebeletsong.

      Karolo ea Batsoali le Ba bang

      21. Karolo ea batsoali ke ea bohlokoa hakae, ’me ke eng e bohlokoa ka tsela e ke keng ea lekanngoa?

      21 Bophelo ba moea ba bacha bo itšetlehile haholo ka ho lauoa le ho beeloa mohlala ke batsoali ba bona. (Liproverbia 22:6) Ka sebele Jesu o ile a fumana molemo tataisong eo a e neiloeng ke batsoali ba hae ba lefatšeng ba tšabang Molimo. (Luka 2:51, 52) Hape, ka sebele Timothea e ka be e sa ka ea e-ba mohlankana ea tsoelang pele moeeng hoja e se ka ho koetlisoa ke ’m’ae le nkhono’ae. (2 Timothea 1:5; 3:15) Bohlokoa ba taeo ea kamehla ea Bibele bo boholo hoo bo ke keng ba lekanyetsoa! Joaloka batsoali, na le fana ka eona? Kapa e hlokomolohiloe?

      22. (a) Ha batsoali ba nka thuto ea Bibele ea lelapa e le ea bohlokoa, bana ba ameha joang? (b) Batsoali ba lokela ho tataisa bana ba bona joang?

      22 Mohlankana e mong ntlo-kholo ea Lipaki tsa Jehova o hlalosa hore ho theosa le lilemo ha a ntse a hōla, tšobotsi e neng e sa fetohe ea bophelo ba lelapa labo e ne e le thuto ea Bibele ea beke le beke le bana. “Ka linako tse ling Ntate o ne a ee a be a khathetse hoo a neng a thatafalloa le ke ho lula a sa thibasele, empa ho ntse ho le joalo thuto e ne e tšoaroa, ’me hona ho re thusitse ho ananela botebo ba eona.” Batsoali, ha ho bonolo hore bana ba lōna ba nke litaba tsa moea e le tsa bohlokoa ntle le hore lōna le etse joalo. Kahoo beang ka pel’a bona lipakane tsa bopula-maliboho le boromuoa le tšebeletso ea Bethele. Ba thuseng ho ananela hore tšebeletso ke mosebetsi o nang le bokamoso le hore ha ho na bokamoso ba sebele mesebetsing ea lefatše.—Bapisa 1 Samuele 1:26-28.

      23. Ke joang ba bang ka phuthehong ba ka thusang bacha ho ba ba tsoelang pele moeeng?

      23 Ba bang le bona, ba ka thusa bacha ho tsoela pele moeeng. U ka etsa bonnete ba hore u qoqa le bona libokeng. Hape, leka ho ba kopanyelletsa linthong tse ling tseo u li etsang. Ka tumello ea batsoali, moholo a ka ’na a lokisetsa ho tsamaea le mocha ha a ea kabelong ea ho ea fana ka puo kapa ho mo kopanyelletsa ha a intša. (Jobo 31:16-18) Ntho e ka ’nang ea bonahala e le nyenyane e ka bolela ho hoholo. Ha a hlokomela hore moshemane ea neng a mametse puo ea hae o ne a se na Bibele, molebeli ea tsamaeang o ile a mo fa e ’ngoe e le mpho kamorao ho moo. Mohlankanyana eo o ile hlolloa e seng feela ka baka la mpho empa hape le ka baka la thahasello eo a e bontšitsoeng. Lilemo tse kaholimo ho 30 hamorao, moshemane eo, joale le eena e le moholo, o ntse a hopola ka lerato ketso ea moena eo ea lerato.

      24. Ke eng e hlollang ho e hlokomela, ’me re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?

      24 Na hase ho hlasimollang ho hlokomela hore ho na le “bahlankana ba joaloka marotholi a phoka” ba likete tse makholo ba phatlalatsang molaetsa oa ’Muso o khathollang le hore bonyane ho na le palo e lekanang ea basali ba bacha ba etsang ‘lebotho le leholo le bolelang litaba tse molemo’? E se eka bohle ba ka ikitlaeletsa ho ba ba tsoelang pele moeeng, ’me e se eka kaofela re ka ba thusa ho fihlela sepheo seo.—Pesaleme ea 110:3, NW; 68:11.

      Lipotso tsa Hlahlobo

      ◻ Ke eng se ka thusang mocha ho etsa qeto ea hore na ke neng a ka kolobetsoang?

      ◻ Boitšoaro ba mocha bo ka lekanyetsa tsoelo-pele ea hae ea moea joang?

      ◻ Ke eng se ka thusang bacha ho thabela liboka le tšebeletso ea tšimo?

      ◻ Bacha ba lokela ho hlaolela kamano efe le ba hōlileng?

      ◻ Batsoali le ba hōlileng ba ka thusa bacha joang?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela